Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 1/1 leq. 3
  • Bobolu ’Musong ke Kobo-anela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bobolu ’Musong ke Kobo-anela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Musong oa Molimo​—Ho ke ke ha E-ba le Bobolu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Tšepiso ea Lefatše le se Nang Bobolu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bobolu​—Bo Atile Hakae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ho Loantša Bobolu ka Sabole ea Moea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 1/1 leq. 3
Lepolesa le nang le bobolu le nka tjotjo

SEHLOOHO SE KA NTLE | ’MUSO O SE NANG BOBOLU

Bobolu ’Musong ke Kobo-anela

Bahlanka ba ’muso ba etsa bobolu ha ba sebelisa matla a bona hampe e le hore ba ithuise molemo. Ho sebelisa matla hampe ho qalile khale haholo. Ka mohlala, Bibele e na le molao o thibelang batho ho ntša tjotjo litabeng tsa boahloli ’me sena se bontša hore tloaelo ena e ne e se ntse e tsebahala lilemong tse fetang 3 500 tse fetileng. (Exoda 23:8) ’Nete ke hore bobolu hase ho amohela tjotjo feela. Ka linako tse ling bahlanka ba ’muso ba tletseng bobolu ba utsoa thepa, ba ithuisa molemo ka litšebeletso tseo ba se nang tokelo ea ho li fumana kapa ba utsoa chelete. Ba ka ’na ba sebelisa maemo a bona hore ba ruise beng ka bona le metsoalle molemo.

Le hoja bobolu bo le teng mekhatlong eo e seng ea ’muso, ho bonahala bo le bongata haholo ’musong. Phuputso e bitsoang Global Corruption Barometer ea 2013 e entsoeng ke mokhatlo oa Transparency International, e re batho ba nka hore lipolotiking, sepoleseng, har’a bahlanka ba ’muso, makhotleng a molao le ho baahloli ke hona moo bobolu bo atileng ka ho fetisisa. Hlokomela litlaleho tse ling tse bontšang bothata bona.

  • AFRIKA: Ka 2013, bahlanka ba ’muso ba ka bang 22 000 ba Afrika Boroa ba ile ba qosoa ka bobolu.

  • LINAHA TSA AMERIKA: Ka 2012, batho ba 25 ba Brazil ba ile ba fumanoa ba le molato oa ho sebelisa chelete ea ’muso ho thaotha batho hore ba ba khethe. E mong oa ba ileng ba fumanoa ba le molato ke mookameli oa mehleng oa basebetsi ba mopresidente, e leng mohlahlami oa mopresidente.

  • ASIA: Seoul, Korea Boroa, batho ba 502 ba ile ba shoa ha mohaho oa lebenkele o oa ka 1995. Bafuputsi ba ile ba fumana hore ba boholong ba ile ba amohela tjotjo ho bo-rakonteraka hore ba sebelise konkreite ea boleng bo tlaase le hore ba se ke ba latela melao e etsang hore mohaho oo e be o sireletsehileng.

  • EUROPE: Mokomishinara oa Litaba Tsa Lehae oa European Commission, e leng Cecilia Malmström o ile a re: “[Naheng ea Europe bobolu] bo bongata ka tsela e makatsang. Bo-ralipolotiki ha ba etse letho ho felisa bobolu le hoja ba ile ba itlama hore ba tla bo felisa.”

Ho thata haholo hore batho ba felise bobolu ’musong. Moprofesa Susan Rose-Ackerman, e leng setsebi litabeng tsa pheliso ea bobolu o ile a bontša hore e le hore bobolu bo fele, ho hlokahala hore “ho etsoe liphetoho tse khōlō tseleng eo ’muso o sebetsang ka eona.” Le hoja ho ka bonahala eka ha ho sa na tšepo ea hore bobolu bo tla fela, Bibele e bontša hore bo tla fela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela