Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 1/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liphoofolo
    Tsoha!—2015
  • Na Liphoofolo li ea Leholimong?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na Molimo o Tsotella Liphoofolo?
    Tsoha!—2011
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 1/1 leq. 16

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Ke eng se etsang hore batho ba bangata ba lumele hore ho na le ’Mōpi?

’Mè o thabetse lesea la hae

Ka sebele bophelo boa hlolla!

Lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng seroki se seng se ile sa ngola sa re: “Ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.” (Pesaleme ea 139:14) Na ha u hlolloe ha u nahana hore lesea le qala e le sele e le ’ngoe feela? Batho ba bangata ba re ho na le ’Mōpi ea entseng lintho tsohle tse phelang.—Bala Pesaleme ea 139:13-17; Baheberu 3:4.

Ke Eena ea bōpileng sepakapaka, lefatše le ea faneng ka bophelo. (Pesaleme ea 36:9) O ’nile a buisana le batho ’me a ba bolella mesebetsi ea hae le lebitso la hae.—Bala Esaia 45:18.

Na batho ba tsoa liphoofolong?

’Mele ea batho e tšoana le ea liphoofolo ka litsela tse ngata. Lebaka ke hore ’Mōpi o entse liphoofolo le batho hore kaofela ba phele lefatšeng. O entse motho oa pele ka lerōle la lefatše, eseng ho tsoa phoofolong.—Bala Genese 1:24; 2:7.

Batho ba fapane le liphoofolo ka litsela tse peli tse ikhethang. Tsela ea pele, batho ba na le bokhoni ba ho tseba ’Mōpi, ho mo rata le ho mo hlompha. Ea bobeli, liphoofolo ha lia bōpeloa ho phela ka ho sa feleng, empa batho ba bōpetsoe ho phela ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, batho bohle baa shoa hobane motho oa pele a ile a hana ho tataisoa ke ’Mōpi.—Bala Genese 1:27; 2:15-17.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 1 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

U ka boela ua e fumana ho www.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela