Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 2/1 leq. 3
  • Na Batho ba sa Ntse ba Lokela ho Sebetsa ka Thata?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Batho ba sa Ntse ba Lokela ho Sebetsa ka Thata?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Etsa’ng Hore U Thabele ho Sebetsa ka Thata?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Bona se Molemo Bakeng sa Mosebetsi oa Hao o Thata
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Bona se Molemo Bakeng sa Mosebetsi Oohle oa Hao o Thata
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
  • Young People Ask—What Will I Do With My Life? (Karolo ea 1)
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 2/1 leq. 3
Mohlankana ea tenehileng o shebeletse basebetsi-’moho le eena ha ba sebetsa

SEHLOOHO SE KA NTLE | SEO U KA SE ETSANG HORE U THABELE MOSEBETSI OA HAO

Na Batho ba sa Ntse ba Lokela HO SEBETSA KA THATA?

Alex oa feheloa ha a ntse a laela mabokose terakeng. O re: ‘Ebe ke tla shoa ke ntse ke sebetsa moo? Ke tla ke ke fumane mosebetsi o betere neng? Ke ne ke tla phela hamonate haeba ke sa sebetse!’

Joaloka Alex, kajeno batho ba bangata ha ba rate ho sebetsa ka thata. Mak’henike e mong ea bitsoang Aaron, o re: “Batho ba bangata ha ba rate ho etsa mosebetsi oa matsoho ebile ba o khella fatše. Ba re ba etsa mosebetsi oo ho fihlela ba fumana o mong o betere.”

Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa rate ho sebetsa ka thata? Mohlomong ba susumetsoa ke seo mecha ea phatlalatso e bontšang hore ke bophelo bo “monate.” Matthew, eo e leng setsebi sa mosebetsi oa matsoho, o re: “Batho ba u khella fatše ha u iphelisa ka mosebetsi oa matsoho.” Shane, eo mosebetsi oa hae e leng ho hloekisa, o lumellana le seo. O re: “Matsatsing ana batho ba tsoafa ho sebetsa.”

Ka lehlakoreng le leng, batho ba atlehang bophelong ke ba sebetsang ka thata. Daniel, ea lilemo li 25 ea sebetsang likonterakeng, o re: “Ke nahana hore ho sebetsa ka thata ho etsa hore motho a khotsofale, haholo-holo ha a e-na le sepheo se setle.” Andre ea lilemo li 23 o lumellana le seo ’me o re: “Ke lumela hore ha motho a sebetsa ka thata, oa thaba. Batho ba sa sebetseng ha ba thabe, ebile ba jeoa ke bolutu!”

Batho ba kang Daniel le Andre ba khonne joang ho ba le boikutlo bo botle ka mosebetsi? Ba ile ba sebelisa melao ea Bibele. Bibele e khothalletsa batho ho ba mahlahahlaha le ho ba le mamello, ho e-na le ho ba botsoa. Ha e re bolelle feela hore re sebetse, empa e boetse e re bontša kamoo re ka thabelang mosebetsi kateng.

Ke melao efe ea Bibele e ka u thusang hore u thabele mosebetsi? Re kōpa hore u hlahlobe e ’maloa sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela