Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 4/1 maq. 4-7
  • Lenaneo la ho Ithuta Bibele la Batho Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lenaneo la ho Ithuta Bibele la Batho Bohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LIKARABO TSA LIPOTSO TSEO BATHO BA ATISANG HO LI BOTSA KA LENANEO LA RŌNA LA THUTO EA BIBELE
  • Lenaneo la ho Ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae?
    Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae?
  • Nka Etsa’ng e le Hore ke Thabele ho Ithuta Bibele?
    Tsoha!—2012
  • Na u thabetse seo u ithutileng sona?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Selelekela sa Thuto ea Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 4/1 maq. 4-7
Thuto ea Bibele

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA U KA RATA HO ITHUTA BIBELE

Lenaneo la ho Ithuta Bibele la Batho Bohle

Lipaki Tsa Jehova li tsebahala ka mosebetsi oa tsona oa ho bua le batho ka Bibele. Empa na u ne u tseba hore re na le lenaneo la ho ruta batho Bibele lefatšeng ka bophara?

Monna ea khanneloang thuto ea Bibele mosebetsing

Ka 2014, Lipaki tse ka holimo ho 8 000 000 linaheng tse 240 li ile tsa ruta batho ba ka bang 9 500 000 Bibele khoeli le khoeli.a Palo ea batho ba ithutang Bibele le rōna e feta ea baahi ba linaha tse ling!

E le hore re etse mosebetsi ona oa ho ruta batho Bibele, ka selemo re hatisa Libibele, libuka, limakasine le likhatiso tse ling tse thusang batho ho ithuta Bibele tse ka bang 1 500 000 000 (bilione le halofo) ka lipuo tse 700! Mosebetsi ona oa ho hatisa lingoliloeng oo ho seng mokhatlo o mong o o etsang, o thusa batho ho ithuta Bibele ka puo eo ba e utloisisang.

“Ha ke sa le sekolong ke ne ke sa rate ho ithuta, empa ke ile ka thabela ho khanneloa thuto ea Bibele. Ke ne ke ithuta lintho tse khothatsang!”—Katlego, Afrika Boroa.

“Thuto e ile ea arabela lipotso tsa ka kaofela ’me ka ithuta le lintho tse ling tse ngata.”—Bertha, Mexico.

“Thuto ea Bibele e ne e tšoareloa ha ka, ka nako eo ke e behileng. Ke ne ke khotsofetse!”—Eziquiel, Brazil.

“Ka linako tse ling thuto e ne e nka metsotso e 15 ho ea ho e 30 ’me ka linako tse ling e ba teletsana ho itšetlehile ka hore na ke na le nako e kae.”—Viniana, Australia.

“Hoa makatsa hore ebe thuto e ne e sa lefelloe!”—Aimé, Benin.

“Motho ea neng a nkhannela thuto o ne a e-na le mamello a bile a le mosa. Re ile ra ba metsoalle.”—Karen, Ireland Leboea.

“Ho na le batho ba bangata ba ithutang Bibele empa e sa be Lipaki.”—Denton, Engelane.

LIKARABO TSA LIPOTSO TSEO BATHO BA ATISANG HO LI BOTSA KA LENANEO LA RŌNA LA THUTO EA BIBELE

Thuto ea Bibele e tšoaroa joang?

Re tšohla lihlooho tse sa tšoaneng ebe re hlahloba litemana tsa Bibele tse amanang le sehlooho ka seng. Ka mohlala, Bibele e araba lipotso tse kang: Molimo ke mang? O na le ’mele oa mofuta ofe? Na o na le lebitso? O lula hokae? Na re ka ba metsoalle ea hae? Taba ke hore na re ka fumana likarabo tsa lipotso tseo hokae ka Bibeleng.

Ho thusa batho ho fumana likarabo tsa lipotso tseo, hangata re sebelisa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?b e maqephe a 224. Buka ena e etselitsoe ho thusa batho ho utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele. E na le lihlooho tse buang ka Molimo, Jesu Kreste, mahlomola a batho, tsoho ea bafu, thapelo le tse ling tse ngata.

Thuto e ka tšoareloa hokae hona neng?

Thuto e ka tšoareloa sebakeng se u loketseng le ka nako eo u e behileng.

Thuto e nka nako e kae?

Batho ba bangata ba ithuta ka nako e ka etsang hora ka beke. Empa nako ea thuto e itšetleha ka maemo a hao. Re ka etsa hore thuto e lumellane le kemiso ea hao. Batho ba bang ba nka metsotso e 10 kapa e 15 ka beke.

Thuto e lefelloa bokae?

Thuto le likhatiso tse sebelisoang ha li lefelloe. Sena se lumellana le taelo ea Jesu e reng: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.”—Matheu 10:8.

Motho o ithuta ho fihlela neng?

Re ka ithuta le uena ho fihlela u khotsofetse. Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e na le likhaolo tse 19. U ka ithuta tsona kaofela kapa ua khetha tseo u li ratang ’me ho ka ithutoa palo ea lirapa tseo u li khonang thutong ka ’ngoe.

Na ha ke qeta thuto ke lokela ho ba Paki ea Jehova?

Che. Re hlompha tokelo ea hao ea ho khetha seo u batlang ho se lumela. Leha ho le joalo, ha motho a tseba lithuto tsa motheo tsa Bibele a ka etsa khetho e bohlale.

Nka fumana boitsebiso bo bong hokae?

Websaete ea jw.org e fana ka boitsebiso bo nepahetseng ka mesebetsi ea Lipaki Tsa Jehova le seo li se lumelang.

Nka kōpa thuto ea Bibele joang?

Batho ba kōpang thuto ea Bibele ka litsela tse sa tšoaneng: inthaneteng, ka ho ngola mangolo le ho sheba linomoro tsa thelefono tsa Lipaki bukeng ea linomoro ea sebakeng sa habo bona
  • Etsa kōpo inthaneteng ho www.jw.org.

  • Ngolla atereseng e ’ngoe ho tse thathamisitsoeng leqepheng la bobeli.

  • Iteanye le Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno. U ka sheba “Lipaki Tsa Jehova” bukeng ea linomoro tsa thelefono ea sebakeng sa heno.

a Ka tloaelo batho ba rutoa Bibele ka bomong kapa ka lihlopha tse nyenyane.

b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova. Ho se ho hatisitsoe libuka tsena tse ka holimo ho limilione tse 230 ka lipuo tse fetang 260.

THUSO BAKENG SA MALAPA

Bibele e butsoeng

“Ha mosali oa ka a qala ho ithuta Bibele, o ile a fetoha ka tsela e hlollang. Lelapa la rōna le ile la thaba. Kaha ke ne ke khalla ho tseba hore na o ithuta’ng, le ’na ke ile ka ithuta. Seo ke ithutileng sona se ile sa etsa hore ke ntlafatse botho ba ka. Ho ithuta Bibele ho ile ha momahanya lelapa la rōna.”—Eziquiel.

Eziquiel

“Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka khaotsa ho sebelisa lithethefatsi, ka tlohela botahoa ka ba ka ithuta ho laola khalefo. Hona joale ntlo ea ka e lula e hloekile. Ke rata ba lelapa la ka le ho feta ’me ke thabela ho ba etsetsa lintho tse ba thabisang. Ke lula ke thabile.”—Karen.

Karen

“Batho ba bang ba ne ba ’nyatsa ha ke ithuta Bibele. Empa monna oa ka o ile a ntšehetsa ’me a re: ‘Ha ke tsotelle hore na batho ba re’ng. Ntho ea bohlokoa ho ’na ke ha ke bona u ntlafatsa botho ba hao. Tsoela pele ho ithuta.’ Lelapa la rōna le ntlafetse haholo!”—Viniana.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela