Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 7/1 leq. 3
  • Batho Bohle ba na le Matšoenyeho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho Bohle ba na le Matšoenyeho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tšoenyeha ka Likotsi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Nka Sebetsana le ho Tšoenyeha Joang?
    Bacha Baa Botsa
  • Lahlelang Matšoenyeho ’Ohle a Lōna ho Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ho Tšoenyeha ka Lelapa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 7/1 leq. 3

SEHLOOHO SE KA NTLE | KAMOO U KA SEBETSANANG LE HO TŠOENYEHA

Batho Bohle ba na le Matšoenyeho

“Ka letsatsi le leng ha ke il’o reka lijo ke ile ka fumana ho rekisoa libiskiti feela, le hona theko ea tsona e imenne ka makhetlo a 10 000! Ka le hlahlamang ho ne ho se na lijo ho hang mabenkeleng.”—Paul, Zimbabwe.

“Monna oa ka o ile a mpolella hore oa ntlhala. Ke ile ka ikutloa ke soetsehile. Ke ne ke ipotsa hore na ke tla nka eng ke e kopanye le eng ho hōlisa bana ba ka.”—Janet, United States.

“Ha ke utloa likoloi tsa mapolesa li lla, ke mathela moo ke tla ipatela liqhomane ebe ke paqama fatše. Ke iphumana ke ntse ke thothomela le ka mor’a lihora tse ngata.”—Alona, Iseraele.

Monna ea tšoentsoeng ke ntoa, tlala, maloetse le mathata a mang a bophelo

Re phela linakong tsa matšoenyeho le “tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) Batho ba bangata ba sithabetsoa ke mathata a lichelete, ho qhalana ha malapa, ntoa, ho ata ha mafu a bolaeang le likoluoa tsa tlhaho kapa tse bakoang ke batho. Ho phaella moo, batho ba bang baa ipotsa ba re: ‘Na ebe hlahala ee e tla qetella e le kankere?’ ‘Ebe lefatše lee le tla be le le joang nakong ea litloholo tsa ka?’

Hase lintho tsohle tseo ho leng phoso ho tšoenyeha ka tsona. Ka tlhaho rea tšoenyeha pele re ngola tlhahlobo, re ema ka pel’a batho kapa pele re hlahlobeloa mosebetsi. Hape, ho tšaba kotsi ho re thusa ho e qoba. Leha ho le joalo, ho lula re tšoenyehile ho ke ke ha re tsoela molemo. Liphuputso tse ling tsa morao tjena tse entsoeng ho batho ba ka holimo ho 68 000, li bontša hore esita le ho tšoenyeha ka lintho tse nyenyane ho ka etsa hore motho a shoe kapele. Ke kahoo Jesu a ileng a botsa a re: “Ke mang ho lōna eo ka ho tšoenyeha a ka eketsang nako ea bophelo ba hae ka setsoe se le seng?” Ka sebele ho tšoenyeha ho ke ke ha eketsa bophelo ba motho. Ke ka hona Jesu a ileng a re eletsa a re: “Khaotsang ho tšoenyeha.” (Matheu 6:25, 27) Empa, na seo se ka khoneha?

Karabo ea potso eo e akarelletsa hore motho a leke ho sebelisa bohlale, a loanele ho tšepa Molimo ’me a be le tšepo ea hore lintho li tla ntlafala nakong e tlang. Le hoja e ka ’na eaba ha re na mathata a sithabetsang hona joale, ho ka etsahala hore re tobane le ’ona nakong e tlang. Kahoo, a re ke re boneng hore na ho latela mehato ena ho thusitse Paul, Janet le Alona bao ho buuoeng ka bona qalong joang ho sebetsana le ho tšoenyeha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela