Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 8/1 maq. 3-4
  • Ho Etsahala’ng ha Motho a Hlokahala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahala’ng ha Motho a Hlokahala?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho etsahala’ng ha motho a hlokahala?
  • Ha e le Hantle Lihele ke Eng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bafu ba Tla Tsoha
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Bafu ba Tla Phela Hape!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 8/1 maq. 3-4

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA BAFU BA TLA TSOHA

Ho Etsahala’ng ha Motho a Hlokahala?

Batho ba baholo le bana ba eme pel’a lekase mabitleng

“Ke ne ke nahana hore ha motho a hlokahala o ea leholimong, liheleng kapa pelekatoring. Ke ne ke tseba hore ha kea loka hoo nka eang leholimong ebile ha ke mobe hoo nka eang liheleng. Ke ne ke sa tsebe hantle hore na ho etsahala’ng pelekatoring. Ho ne ho se mohla nkileng ka bona lentsoe leo ka Bibeleng. Ke utloa feela ha batho ba bua ka eona.”—Lionel.

“Ke ne ke rutiloe hore ha motho a hlokahala o ea leholimong, empa ke sa kholiseha. Ke ne ke nahana hore ha motho a hlokahala ho felile ka eena.”—Fernando.

Na u kile oa ipotsa: ‘Ha e le hantle ho etsahala’ng ha motho a hlokahala? Na ho na le moo baratuoa ba rōna ba hlokahetseng ba hlokofatsoang teng? Na re tla boela re ba bone? Re ka kholiseha joang ka seo?’ Re kōpa u ke u hlahlobisise seo Mangolo a se rutang ka taba ena. A re ke re qaleng ka ho hlahloba hore na Bibele e re’ng ka lefu. Ka mor’a moo re tla bua ka tšepo eo Lentsoe la Molimo e leng Bibele le fanang ka eona.

Ho etsahala’ng ha motho a hlokahala?

SEO BIBELE E SE BUANG: “Etsoe ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho, leha e le hore ba sa na le moputso, hobane ho hopoloa ha bona ho lebetsoe. Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao, etsoe ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole, e leng sebaka seo u eang ho sona.”a—Moeklesia 9:5, 10.

Ka mantsoe a bonolo, Lebitleng ke moo bafu ba bolokoang teng ’me ke sebaka sa tšoantšetso kapa boemo boo ho bona motho a sa ikutloeng kapa a ke keng a etsa letho. Jobo ea tšepahalang o ne a nka hore Lebitla ke’ng? O ne a lahlehetsoe ke thepa eohle ea hae le bana ka letsatsi le le leng, ’me o ne a tsoile mathopa a bohloko ’mele kaofela. O ile a ipiletsa ho Molimo a re: “Hoja u ka mpata Sheole [Bibele ea K’hatholike ea Douay Version e re “liheleng”] ua mpoloka sephiring.” (Jobo 1:13-19; 2:7; 14:13) Ho hlakile hore Jobo o ne a sa nke hore Lebitla ke sebaka sa mollo seo ho sona a neng a tla utloa bohloko le ho feta. Ho e-na le hoo, o ne a nka hore ke moo a tla phomola.

Ho na le tsela e ’ngoe eo ka eona re ka ithutang ka boemo ba bafu. Re ka hlahloba Mangolo a buang ka batho ba robeli ba ileng ba tsosoa bafung.—Sheba lebokose le reng “Litlaleho Tse Robeli Tsa Tsoho Tse ka Bibeleng.”

Ha ho le ea mong oa batho bao ea ileng a re o ne a le sebakeng seo ho hlokofatsoang batho ho sona kapa leholimong. Haeba ba ne ba ile sebakeng se joalo, na ba ka be ba sa bolella batho ka seo? Na Bibele e ka be e sa bue ka hona e le hore batho ba tsebe? Ha ho moo Mangolo a buang ka taba eo. Ho hlakile hore batho bao ha baa ka ba bua letho ka taba eo. Hobane’ng? Hobane ba ne ba sa tsebe se etsahetseng, ho ne ho tšoana leha ba robetse thuoe! Ha e le hantle ka linako tse ling Bibele e tšoantša lefu le boroko. Ka mohlala, Bibele e re Davida ea tšepahalang hammoho le Setefane ba ile ba “robala lefung.”—Liketso 7:60; 13:36.

Joale, na ho na le tšepo ka bafu? Na ba ka tsoha borokong boo ba lefu?

a Bibeleng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, lentsoe la Seheberu “Sheole” le la Segerike “Hadese” le bolela “Lebitla.” Libibele tse ling li sebelisa lentsoe “lihele,” empa khopolo ea hore lihele ke letša la mollo leo bafu ba hlokofatsoang ho lona, ha e lumellane le Mangolo.

LITLALEHO TSE ROBELI TSA TSOHO TSE KA BIBELENGb

Mora oa mohlolohali: Moprofeta Elia o ile a tsosa mora oa mohlolohali oa Sarepta ea neng a lula ka leboea ho Iseraele.—1 Marena 17:17-24.

Moshanyana oa Moshuneme: Mohlahlami oa Elia e leng moprofeta Elisha, o ile a tsosa moshanyana motseng oa Shuneme ’me a mo fa batsoali ba hae.—2 Marena 4:32-37.

Monna ea neng a le mabitleng: Setopo sa monna ea neng a sa tsoa hlokahala se ile sa akheloa ka potlako ka lebitleng le neng le e-na le masapo a Elisha. Ha setopo seo se thetsa masapo a moprofeta, monna eo o ile a tsoha.—2 Marena 13:20, 21.

Mora oa mohlolohali oa Naine: Jesu o ile a khaoletsa mokoloko o eang mabitleng ka ntlenyana ho motse oa Naine e le hore a ka tsosa moshanyana ea neng a hlokahetse ’me a mo fa ’mè oa hae ea neng a saretsoe.—Luka 7:11-15.

Morali oa Jairuse: Jairuse eo neng e le molaoli ea okamelang oa synagoge, o ile a kōpa Jesu hore a thuse morali oa hae ea kulang. Jesu o ile a mo tsosa nakoana ka mor’a hore a hlokahale.—Luka 8:41, 42, 49-56.

Lazaro, motsoalle oa Jesu oa hlooho ea khomo: Ho ne ho fetile matsatsi a mane Lazaro a hlokahetse ha Jesu a mo tsosa ka pel’a letšoele la batho.—Johanne 11:38-44.

Dorkase: Moapostola Petrose o ile a tsosa mosali enoa ea ratehang, ea neng a tsejoa ka ho bontša ba bang mosa.—Liketso 9:36-42.

Eutikase: Mohlankana enoa o ile a hlokahala ha a oela fensetereng e mokatong oa boraro ’me moapostola Pauluse o ile a mo tsosa.—Liketso 20:7-12.

b Tsoho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ea Jesu Kreste, ’me sehlooho se latelang se tla re bontša hore e fapane hōle le tse robeli tseo re tla tloha re bua ka tsona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela