Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 10/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batšoaruoa ba Bofutsana
    Tsoha!—1998
  • Boiteko ba ho Felisa Bofutsana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho Fela ha Bofutsanea ho Atametse
    Tsoha!—1998
  • Litaba Tse Molemo ho ba Futsanehileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 10/1 leq. 16

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Na bofutsana bo tla ke bo fele?

Mosali o tšoere sekotlolo se se nang letho o behile letsoho lehetleng la ngoana

Molimo o tla felisa bofutsana joang?—Matheu 6:9, 10.

Selemo le selemo batho ba bangata ba futsanehileng baa shoa ka lebaka la ho haelloa ke phepo le maloetse. Le hoja linaha tse ling li ruile, batho ba bangata ba kolla ntsi hanong. Bibele e bontša hore haesale ho e-na le batho ba futsanehileng.—Bala Johanne 12:8.

E le hore bofutsana bo felisoe, ho hlokahala hore lefatše le be le ’muso o le mong o tla arolela batho lihlahisoa tsa lona ka ho lekana. ’Muso oo o lokela ho felisa lintoa, kaha ke tsona sesosa se ka sehloohong sa bofutsana. Molimo o tšepisa hore ho tla ba le ’muso o joalo.—Bala Daniele 2:44.

Ke mang ea ka felisang bofutsana?

Molimo o khethile Mora oa hae Jesu hore a buse batho. (Pesaleme ea 2:4-8) Jesu o tla lopolla batho ba futsanehileng a be a felise matšoenyeho le lintoa.—Bala Pesaleme ea 72:8, 12-14.

Kaha Jesu ke “Khosana ea Khotso” eo ho builoeng ka eona esale pele, o tla tlisa khotso le tšireletseho lefatšeng. Joale batho bohle ba tla lula matlong a bona, ba etse mosebetsi o khotsofatsang ’me ba be le lijo tse ngata.—Bala Esaia 9:6, 7; 65:21-23.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 8 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

U ka boela ua e fumana ho www.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela