Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp16 no. 5 leq. 3
  • Re Hloka ho Tšelisoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Hloka ho Tšelisoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Fumana Matšeliso ha U le Mathateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Tšelisa ba Mesarelong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Re ka Tšelisa Batho ba Kileng ba Hlekefetsoa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Matšeliso a Tsoang ho “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
wp16 no. 5 leq. 3

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA FUMANA MATŠELISO HOKAE?

Re Hloka Ho Tšelisoa

’Mè o tšelisa moshanyana oa hae

Na u sa hopola u oela ha u sa le monyenyane? Mohlomong u ile ua tsoa kotsi letsohong kapa ua phumoha lengoleng. Na u sa hopola kamoo ’mè oa hao a ileng a u tšelisa kateng? Mohlomong o ile a hlatsoa leqeba la hao eaba o oa le tlamisa. Ho ka etsahala hore ebe u ile ua lla, empa mantsoe a hae le tsela eo a ileng a u tšoara ka eona li ile tsa u tšelisa le ho etsa hore u ikutloe hantle. Lilemong tseo ho ne ho e-na le motho ea lulang a u tšelisa.

Empa ha re ntse re hōla, bophelo bo ba thata le ho feta. Mathata a rōna a ba maholo ’me ho ba thata ho fumana motho ea re tšelisang. Ka bomalimabe hase kamehla ho hakoa le ho tlamisoa ho khonang ho felisa mathata ho batho ba baholo. Nahana ka mehlala ena.

  • Na u kile ua utloa bohloko ba ho felloa ke mosebetsi? Ntate e mong ea bitsoang Julian o re o ile a tšoenyeha haholo ha a ne a lelekoa mosebetsing. O ne a ipotsa hore na o tla hlokomela lelapa la hae joang. O ne a boetse a ipotsa hore na ke hobane’ng ha k’hamphani ea hae e mo lahla kherehloa ka mor’a hore a e sebeletse ka lilemo.

  • Ho ka etsahala hore ebe u sa ntse u utloile bohloko ka lebaka la ho hlalana le molekane oa hao. ’Mè e mong ea bitsoang Raquel o re: “Ha monna oa ka a ne a ntšiea likhoeling tse 18 tse fetileng ke ne ke utloile bohloko haholo. E ne eka pelo ea ka e robehile likoto. Ke ne ke utloa bohloko ’meleng le kelellong. Taba ena e ile ea ntšosa haholo.”

  • Ho ka boela ha etsahala hore u oa kula ’me ha ho bonahale eka u sa tla ke u fole. Mohlomong u ee u ikutloe joaloka mopatriareka Jobo ea kileng a re: “Ke tennoe ke bophelo, ha ke rate ho ’na ke phela.” (Jobo 7:16, Bibele ea Sesotho) Kapa ho ka etsahala hore ebe u ee u ikutloe joaloka ntate-moholo e mong ea bitsoang Luis ha a re: “Ke se ke emetse lefu la ka feela.”

  • Ka lehlakoreng le leng ho ka etsahala hore ebe u hloka matšeliso ka lebaka la ho shoeloa. Ntate e mong ea bitsoang Robert o re: “Qalong ke ne ke sa kholoe ha ke utloa hore mora oa ka o hlokahalletse kotsing ea sefofane. Ka mor’a moo ke ile ka utloa bohloko bo tebileng, boo Bibele e bo bapisang le ho hlajoa ka sabole.”—Luka 2:35.

Robert, Luis, Raquel le Julian ba ile ba fumana matšeliso mathateng a bona. Ba ile ba fumana matšeliso a sebele ho Molimo ea Matla ’ohle. Molimo o re tšelisa joang? Na le uena a ka u tšelisa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela