SEHLOOHO SE KA NTLE | AMOHELA MPHO EA BOHLOKOA E TSOANG HO MOLIMO!
Mpho e Babatsehang
JORDAN o tšoere mochini o betlang lipentšele o kang sekepe. Mochine ona o ka bonahala e le ntho feela ho ba bang empa ho eena ke oa bohlokoa haholo. Jordan o re: “Ntate-moholo Russell, ea neng a tloaetse ho chakela heso, o ile a mpha mochine ona ha ke sa le ngoana.” Ka mor’a lefu la ntate-moholo Russell, Jordan o ile a bolelloa hore batsoali ba hae le ntate-moholo oa hae ba ile ba matlafatsoa ke ntate-moholo Russell, nakong eo ho neng ho le thata. Jordan o re: “Kaha joale ke se ke tseba lintho tse ngata ka ntate-moholo Russell, ke nka mpho ena e le ea bohlokoa haholo ho feta leha e le neng pele.”
Joalokaha re bone, batho bang ba ka ’na ba se ke ba bona bohlokoa ba mpho e itseng kapa ba se e nkele hloohong. Empa ho motho ea e fuoang ke ea bohlokoa haholo. Bibele e hlalosa mpho eo ho seng letho le ka bapisoang le eona ka tsela ena: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Nahana feela! Mpho ena e ka fana ka bophelo bo sa feleng. Na ho na le mpho ea bohlokoa ho feta ee? Le hoja ba bang ba ka ’na ba se ke ba e ananela, Bakreste ba ’nete bona ba e nka e le ea “bohlokoa.” (Pesaleme ea 49:8; 1 Petrose 1:18, 19) Empa ke hobane’ng ha Molimo a fane ka bophelo ba Mora oa hae e le mpho?
Moapostola Pauluse o fana ka lebaka ha a re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle.” (Baroma 5:12) Motho oa pele e leng Adama, o ile a etsa sebe ka boomo ka ho se mamele Molimo ’me a tlisetsa batho lefu. Kahoo ka lebaka la Adama, kaofela ha rona rea shoa.
Bibele e re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rona.” (Baroma 6:23) Molimo o ile a romela mora oa hae Jesu Kreste lefatšeng, hore a fane ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le hore a lopolle batho lefung. Ka lebaka la mpho eo e bitsoang “thekollo”, bohle ba bontšang tumelo ho Jesu ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Baroma 3:24.
Ha a bua ka litlhohonolofatso tseo Molimo a li fang barapeli ba hae a sebelisa Jesu Kreste, Pauluse o re: “Ho ke ho lebohuoe Molimo bakeng sa mpho ea hae e ke keng ea hlalosoa e sa lefelloeng.” (2 Bakorinthe 9:15) Ka sebele, thekollo ke mpho e babatsehang hoo re se nang mantsoe a ho e hlalosa. Empa har’a limpho tsohle tseo Molimo a li fang batho, ke hobane’ng ha thekollo e ikhetha? Ke ka tsela efe e leng mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa?a Re ka bontša joang hore rea e ananela? Fumana likarabo tsa lipotso tsena lihloohong tse latelang.
a Ka boithatelo, Jesu o ile a “nehelana ka moea oa hae bakeng sa rona.” (1 Johanne 3:16) Leha ho le joalo, kaha ke Molimo ea neng a romme Jesu, makasineng ena re tla bua ka Molimo e le eena Mofani oa thekollo.