Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp17 no. 4 leq. 13
  • Tšepiso e Matla e Tsoang Litlhakung Tse Nyenyane Tsa Seheberu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepiso e Matla e Tsoang Litlhakung Tse Nyenyane Tsa Seheberu
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
wp17 no. 4 leq. 13
Tetragrammaton, e bontšitseng tlhaku e nyenyane

Tetragrammaton, e leng lebitso le halalelang la Molimo, Jehova, ka litlhaku tsa Seheberu, bala ho tloha ka ho le letona ho ea ho le letšehali

Tšepiso e Matla e Tsoang Tlhakung e Nyenyane ea Seheberu

Na re ka kholiseha hore litšepiso tsohle tsa Molimo li tla phethahala? Jesu o ne a e-na le kholiseho e joalo ’me lithuto tsa hae li ne li matlafatsa tumelo ea bamameli ba hae. Nahana ka Thuto ea hae ea Thabeng, e hlahang ho Matheu 5:18 e reng: “Etsoe kannete ke re ho lōna leholimo le lefatše li ne li tla feta kapele ho e-na le hore ho hang tlhaku e le ’ngoe e nyenyane ka ho fetisisa kapa phatsa e le ’ngoe ea tlhaku e tlohe Molaong ’me lintho tsohle li sa etsahale.”

Tlhaku e nyenyane ea alfabeta ea Seheberu ke י (yod), eo e leng tlhaku ea pele ea Tetragrammaton, e leng lebitso le halalelang la Molimo, Jehova.a Ho phaella mantsoeng le molaong oa Molimo, bangoli le Bafarisi ba ne ba nka “tlhaku” ka ngoe mangolong le molaong oo e le ea bohlokoa.

Sena se bontša hore Jesu o ne a tšepa hore litšepiso tsa Molimo li tla fela li phethahale. Jesu o ne a mpa a etsa papiso hobane Bibele e bontša hore leholimo le lefatše li tla lula li le teng. (Pesaleme ea 78:69) Kahoo, polelo eo e ne e bontša feela hore ha ho lintlha le tse nyenyane tsa Molao oa Molimo tse ke keng tsa phethahala.

Na Jehova Molimo o tsotella le lintho tse nyane? E, ho joalo. Ka mohlala: Baiseraele ba ne ba boleletsoe hore ba se ke ba roba masapo a konyana ea Paseka. (Exoda 12:46) Mohlomong seo se ne se ka bonahala e le ntho e nyenyane. Na ba ne ba utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba ne ba sa lokela ho e roba masapo? Ho ka etsahala hore ebe ba ne ba sa utloisise. Jehova Molimo o ne a tseba hore sena se ne se phethahatsa boprofeta ba hore Mesia o ne a ke ke a rojoa masapo ha a ne a bolaoa thupeng ea tlhokofatso.—Pesaleme ea 34:20; Johanne 19:31-33, 36.

Re ithuta’ng mantsoeng aa a Jesu? Re ithuta hore re ka tšepa hore litšepiso tsohle tsa Jehova li tla phethahala. Ruri eo ke tšepiso e babatsehang e tsoang tlhakung e nyenyane ea Seheberu.

a Tlhaku e nyenyane ea alfabeta ea Segerike e leng iota e tšoana le tlhaku ea Seheberu י (yod). Kaha Molao oa Moshe o ne o ngotsoe ka Seheberu, e tlameha e be Jesu o ne a bua ka tlhaku ea Seheberu.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela