Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w17 January maq. 3-6
  • Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO HLOLA LIPELAELO
  • HO HLOLA TŠABO
  • HO HLOLA MATHATA
  • RE FUMANA LITLHOHONOLOFATSO
  • Na Nka ea Lula Naheng Esele?
    Tsoha!—2000
  • “Ho Hlokahala Hore le be le Mamello”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata Madagascar
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Tšehetsa Basali ba Bakreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
w17 January maq. 3-6

Ba Ile Ba Itlhahisa Ka Ho Rata

HO NA le barali babo rona ba bangata ba masoha ba sebeletsang linaheng tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo ea bahoeletsi. Ba bang ba bona ba sebelelitse moo ka lilemo tse ngata. Ke’ng e ba susumelitseng ho ea linaheng tseo? Ba ithutile eng ha ba ntse ba le moo? Bophelo ba bona bo bile joang? Re buisane le ba bang ba bona. Haeba u morali oabo rona oa lesoha ea labalabelang ho etsa tšebeletso ena e tlisang thabo, u tla rua molemo haholo puisanong ena. Ha e le hantle, bahlanka bohle ba Molimo ba ka ithuta ho hong mohlaleng oa barali bana babo rona.

HO HLOLA LIPELAELO

Anita

Anita

Na u kile oa ipotsa hore na u ka khona ho bula maliboho naheng e ’ngoe le hoja u le lesoha? Anita eo hona joale a leng lilemo li ka bang 75, o ne a nahana hore a ke ke a khona. O holetse Engelane, ’me o qalile ho ba pula-maliboho ha a le lilemo li 18. O re: “Ke ne ke rata ho ruta batho ka Jehova, empa ke ne ke sa nahane hore nka sebeletsa linaheng tse ling. Ke ne ke e-s’o ka ke ithuta puo e ’ngoe ebile ke sa nahane hore nka khona. Kahoo, ha ke memeloa ho ea Sekolong sa Gileade, ke ile ka makala. Ke ne ke sa lebella hore motho feela ea kang ’na, a ka memeloa sekolong seo. Empa ke ile ka nahana ’me ka re: ‘Ha e le mona Jehova a bone ho loketse, e re ke ee.’ Tsena tsohle li etsahetse lilemong tse fetang 50 tse fetileng. Ho tloha ka nako eo, haesale ke sebeletsa ke le moromuoa Japane.” Anita o tsoela pele ka ho re: “Ke thabela ho khothalletsa barali babo rona ba bacha lilemong hore le bona ba nahane ka ho bula maliboho linaheng tse ling! Ho nthabisang ke hore ba bangata ba bona ba mametse keletso eo.”

HO HLOLA TŠABO

Barali babo rona ba bangata ba sebelelitseng linaheng tse ling, ba re qalong ba ne ba tšaba. Ba ile ba etsa’ng ho hlola tšabo eo?

Maureen o balla ’mè oa hae temana ea letsatsi

Maureen

Maureen, eo hona joale a leng lilemo li ka bang 65 o re: “Ha ke ntse ke hola, ke ne ke labalabela ho thusa batho ba bang.” Ha a le lilemo li 20 o ile a fallela Quebec, Canada, moo ho neng ho hlokahala bo-pula-maliboho ba eketsehileng. O tsoela pele ka ho re: “Hamorao ke ile ka memeloa Sekolong sa Gileade, empa ke ne ke tšaba ho ea sebakeng seo ke sa se tsebeng le moo ke se nang bakhotsi. Hape ke ne ke sa batle ho siea batsoali ba ka, kaha Ntate o ne a kula. Ke ne ke qeta masiu a mangata ke lla, ke kopa Jehova hore a nthuse ka taba ena. Ha ke bolella batsoali ba ka ka se ntšoenyang, ba ile ba nkhothalletsa hore ke amohele memo eo. Ke ile ka boela ka bona kamoo phutheho ea heso e neng e hlokomela batsoali ba ka ka lerato kateng. Tsela eo Jehova a neng a hlokometse batsoali ba ka ka eona, e ile ea nkholisa hore le ’na o tla ntlhokomela. Kahoo, ke ile ka bona ho loketse hore ke amohele memo eo.” Ho tloha ka 1979, Maureen o sebelelitse e le moromuoa Afrika Bophirimela ka lilemo tse ka holimo ho 30. Hona joale Maureen o hlokomela ‘me oa hae a le Canada, ’me o sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng. Ha a bua ka lilemo tseo a li qetileng a sebeletsa Afrika Bophirimela o re: “Jehova o ne a mpha seo ke se hlokang ka nako e nepahetseng.”

Wendy o sebetsa ofising ea phetholelo e Vanuatu

Wendy

Wendy, eo hona joale a ka bang lilemo li 65, o qalile ho bula maliboho Australia e sa le mocha. O re: “Ke ne ke le lihlong ke bile ke tšaba ho bua le batho bao ke sa ba tsebeng. Empa ho ba pula-maliboho ho nthusitse hore ke khone ho buisana le batho ba sa tšoaneng, ha ba ha etsa hore ke itšepe. Lintho li ile tsa tsoela pele ho ntlafala ha nako e ntse e ea. Ho ba pula-maliboho ho ile ha nthuta ho tšepa Jehova, ’me seo sa leotsa takatso ea ka ea ho sebeletsa linaheng tse ling. Ho feta moo, morali e mong oabo rona eo e bileng moromuoa Japane ka lilemo tse fetang 30, o ile a re ke mo etele, ke tl’o sebetsa tšimo le eena Japane ka likhoeli tse tharo. Ho sebetsa le eena ho ile ha eketsa thahasello ea ka ea ho sebeletsa linaheng tse ling.” Ka bo1985, Wendy o ile a fallela Vanuatu, e leng sehlekehleke se bohole ba lik’hilomithara tse 1 770 ka bochabela ho Australia.

Hona joale Wendy o sebeletsa ofising ea phetolelo e Vanuatu. O re: “Ha ho ntho e nthabisang ho feta ho bona ho thehoa lihlopha le liphutheho tse ncha libakeng tse hole. Ho sebeletsa Jehova sehlekehlekeng sena, ke tlotla eo nke keng ka e hlalosa.”

Kumiko o sebelisa se sebelisoa sa electronike ho paka Nepal

Kumiko (ea mahareng)

Ha Kumiko ea lilemo li ka bang 65 e ntse e le pula-maliboho Japane, motsoalle e mong oa hae o ile a etsa tlhahiso ea hore ba fallele Nepal. O re: “O ile a nkopa ka makhetlo, empa ke ne ka hana. Ke ne ke khathatsehile ka ho ithuta puo e ncha le ho lula sebakeng seo ke sa se tloaelang. Ke ne ke boetse ke se na chelete ea ho fallela naheng e ’ngoe. Ha ke ntse ke nahana ka taba ena, ke ile ka hlaheloa ke kotsi ea sethuthuthu, ’me ka kena sepetlele. Ha ke le moo ke ile ka ipotsa ka re: ‘Ebe ho tla etsahala’ng ka bokamoso ba ka? Nka ’na ka kula haholo ’me ka hloleha ho ea bula maliboho naheng e ’ngoe. Na ha ho molemo hore ke sebeletse naheng e ’ngoe leha e ka ba selemo feela?’ Ke ile ka kopa Jehova ka tieo hore a nthuse ho finyella seo.” Ha Kumiko a lokolloa sepetlele o ile a etela Nepal, ’me hamorao eena le motsoalle oa hae ba fallela teng.

Ha Kumiko a nahana ka lilemo tse ka bang leshome tseo a li qetileng a sebeletsa Nepal, o re: “Qetellong ke ile ka bona hore ke ne ke tšaba muru o se na nkoe. Kea thaba hore ebe ke ile ka sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo. Hangata ha re kene ntlong e itseng, baahelani ba bahlano kapa ba tšeletseng baa tla ho tla mamela. Le bana ba banyenyane ba kopa hore ke ba fe lipampitšana. Ruri ho a thabisa ho paka tšimong ena moo batho ba teng ba mamelang.”

HO HLOLA MATHATA

Ntle ho pelaelo, barali bana babo rona bao re buisaneng le bona ba ile ba thulana le mathata. Ba a hlotse joang?

Diane

Diane

Diane oa Canada o re: “Qalong ho ne ho le bohloko ho ba hole le hae. Hona joale o lilemo li ka bang 60, ’me e bile moromuoa Ivory Coast (eo hona joale e seng e bitsoa Côte d’Ivoire) ka lilemo tse 20. O tsoela pele ka ho re: “Ke ile ka kopa Jehova hore a nthuse ho rata batho ba mona. E mong oa barupeli ba Gileade, e leng Mor’abo rona Jack Redford, o ile a re hlalosetsa hore qalong re ka ’na ra makatsoa ke maemo a libaka tseo re tla sebeletsa ho tsona, haholo-holo haeba re ka abeloa ho ea libakeng tse futsanehileng. Empa o ile a re: ‘Le se ke la khathatseha ka bofutsana ba moo. Lona le shebane le batho. Le shebe hore na ba ikutloa joang ha le ba bolella molaetsa o tsoang ka Bibeleng.’ Ke ile ka etsa sona seo, ’me ruri se ntsoetse molemo! Ha ke bua le batho ka molaetsa o khothatsang oa Bibele, ba a thaba.” Ke’ng hape se ileng sa thusa Diane ho sebeletsa naheng e ’ngoe? O re: “Ke ne ke itloaetsa batho bao ke ithutang Bibele le bona, ’me ke thabisoa ke ho bona ba sebeletsa Jehova ka botšepehi. Ke ile ka rata sebaka seo ke neng ke sebeletsa ho sona. Ke ile ka iphumanela bo-’mè le bo-ntate, bara le barali beso, fela joalokaha Jesu a tšepisitse.”—Mareka 10:29, 30.

Anne, ea lilemo li ka bang 45, o sebeletsa naheng e ’ngoe Asia moo mosebetsi oa rona o thibetsoeng. O re: “Ka lilemo tseo ke sebelelitseng ka tsona linaheng tse sa tšoaneng, ke phetse le barali babo rona bao setso le botho ba bona bo fapaneng hole le ba ka. Ka linako tse ling, seo se ne se re qabanya. Ha seo se etsahala, ke ne ke leka ho utloisisa setso le tsela eo ba etsang lintho ka eona. Ke ne ke boetse ke leka ka thata ho ba bontša lerato le mosa. Kea thaba hore ka lebaka la ho etsa joalo, ke na le metsoalle e mengata ea hlooho ea khomo, ’me e nthusitse ho mamella kabelong ea ka.”

Ute o lutse le ngoananyana Madagascar

Ute

Ka 1993, Ute, oa Jeremane, eo hona joale a leng lilemo li ka bang 50, o ile a abeloa ho ba moromuoa Madagascar. O re: “Qalong ke ne ke thatafalloa ho ithuta puo ea moo, ho mamella boemo ba moo ba leholimo, ke khathatsoa ke malaria ke bile ke tšaba manyooa. Leha ho le joalo, barali babo rona ba moo, bana ba bona hammoho le batho bao ke ithutang Bibele le bona ba ile ba nthusa ho ithuta puo. Moromuoa e mong eo ke neng ke sebetsa le eena o ne a ntlhokomela ha ke kula. Empa habohlokoa le ho feta, Jehova o ile a nthusa. Ke ne ke atisa ho mo bolella lintho tse nkhathatsang. Ka mor’a moo, ka mamello ke ne ke letela hore a arabe lithapelo tsa ka. Jehova o ile a rarolla bothata bo bong le bo bong ba ka.” E se e le lilemo tse 23 Ute a sebeletsa Madagascar.

RE FUMANA LITLHOHONOLOFATSO

Ho tšoana le batho ba bang ba sebeletsang moo ho nang le tlhokahalo, barali babo rona ba masoha ba sebeletsang linaheng tse ling ba re ba fumane litlhohonolofatso tse ngata. Tse ling tsa tsona ke life?

Heidi

Heidi

Heidi, ea tsoang Jeremane, eo hona joale a leng lilemo li ka holimonyana ho 70, o sebelelitse e le moromuoa Ivory Coast (eo hona joale e bitsoang Côte d’Ivoire) ho tloha ka 1968. O re: “Ntho e ileng ea nthabisa ka ho fetisisa, ke ho bona batho bao ke ba rutileng Bibele ‘ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.’ Ba bang ba bona e se e le bo-pula-maliboho ha ba bang e le baholo. Boholo ba bona ba mpitsa ’Mè kapa Nkhono. Moholo e mong le ba lelapa la hae, ba ntšoara joaloka mong ka bona. Kahoo, Jehova o mphile mora, ngoetsi le litloholo tse tharo.”—3 Joh. 4.

Karen

Karen (ea mahareng)

Karen ea tsoang Canada, eo hona joale a leng lilemo li ka holimo ho 70, o sebelelitse Afrika bophirimela ka lilemo tse fetang 20. O re: “Ho ba moromuoa ho nthusitse hore ke be le boitelo, ke rate batho, hape ke be le mamello. Ho sebetsa le batho ba tsoang linaheng tse ling ho entse hore ke utloisise batho ba bang. Ke ile ka hlokomela hore ho na le litsela tse fapaneng tsa ho etsa lintho. Ruri hoa thabisa hore ebe hona joale ke na le metsoalle linaheng tse ngata! Le hoja likabelo le maemo a rona a bophelo a fetohile, re ntse re le metsoalle.”

Margaret, ea tsoang Engelane, eo hona joale a leng lilemo tse ka holimo ho 75, e ile ea e-ba moromuoa Laos. O re: “Ho sebeletsa linaheng tse ling ho nthusitse ho bona kamoo Jehova a hulelang batho ba merabe e fapaneng mokhatlong oa hae kateng. Seo se ile sa matlafatsa tumelo ea ka haholo. Sa boela sa etsa hore ke kholisehe hore Jehova o laola mokhatlo oa hae le hore morero oa hae o tla phethahala.”

Ruri, barali babo rona ba masoha ba sebeletsang linaheng tse ling ba re behetse mohlala o motle tšebeletsong ea Jehova. Ka sebele ba lokela ho babatsoa. (Baahl. 11:40) Ho feta moo, palo ea bona e ntse e eketseha. (Pes. 68:11) Na u ka khona ho lokisa maemo a hao e le hore u latele mohlala oa barali babo rona ba chesehang bao ho buisanoeng le bona sehloohong see? Haeba u ka khona, ha ho potang hore u tla ‘latsoa ’me u bone hore Jehova o molemo.’—Pes. 34:8.

U ka Itokisetsa Joang ho Sebeletsa Naheng e ’Ngoe?

“Etela naheng eo ho nang le tlhokahalo ea bahoeletsi ’me u latsoe hore na bophelo ba moo bo joang. Haeba u sa khone hona joale, itloaetse bahoeletsi ba merabe e meng ba lulang naheng ea heno. Ithute puo le setso sa bona. Habohlokoa le ho feta, itšetlehe ka Jehova. Ho na le lintho tse ngata tseo qalong ke neng ke nahana hore nke ke ka li khona, empa ka thuso ea Jehova ke ile ka atleha ho li etsa.”—Karen

Margaret o lutse le moshanyana Laos

Margaret, ka bo 1968

“Buisana le baromuoa le bo-pula-maliboho ba nang le boiphihlelo. Bala litšenyehelo. Rapella tataiso ea Jehova ’me u hopole hore kaofela re tataisoa ke melao-motheo e tšoanang ha re etsa mosebetsi oa boboleli. Ha ho pelaelo hore u tla thaba ha u sebeletsa linaheng tse ling.”—Margaret

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela