E-ba le Tumelo ’Me U Etse Liqeto ka Bohlale
‘U ’ne u kōpe ka tumelo, u sa belaele ho hang.’—JAK. 1:6.
1. Ke’ng e ileng ea etsa hore Kaine a etse qeto e booatla, hona litla-morao e ile ea e ba life?
KAINE o ne a lokela ho khetha hore na o tla laola maikutlo a hae kapa maikutlo a hae a tla mo laola. Empa ho sa tsotellehe hore na o khetha ho etsa’ng, o ne a tla khola litholoana tsa qeto efe kapa efe eo a neng a tla e etsa. Kaha Kaine ha aa ka a laola maikutlo a hae, o ile a ba a bolaea le moena oa hae Abele. ’Me qeto eo ea hae e ile ea ama kamano ea hae le Jehova.—Gen. 4:3-16.
2. Bokhoni ba ho etsa liqeto tse bohlale ke ba bohlokoa hakae?
2 Le rona re na le liqeto tseo re lokelang ho li etsa. Ha se liqeto tsohle tseo e leng tsa bohlokoa hoo li ka amang bophelo. Leha ho le joalo, boholo ba tsona li ka ama bophelo ba rona. Kahoo, haeba re khona ho etsa liqeto ka bohlale, re tla phela ka khotso ho e-na le ho phela bophelo bo tletseng pherekano le masoabi.—Liprov. 14:8.
3. (a) Ke’ng e ka re thusang ho etsa liqeto ka bohlale? (b) Re tl’o araba lipotso life?
3 Ke’ng e ka re thusang ho etsa liqeto ka bohlale? Re lokela ho tšepa Molimo. Re se ke ra belaella boikemisetso le bokhoni ba hae ba ho re thusa hore re etse liqeto ka bohlale. Re boetse re lokela ho tšepa Lentsoe la Jehova le tsela eo a etsang lintho ka eona. (Bala Jakobo 1:5-8.) Ha re le metsoalle ea hae re bile re rata Lentsoe la hae, re tla tšepa tsela eo a shebang lintho ka eona. Ho ekelletsa moo, re tla tloaela ho batla keletso Lentsoeng la Molimo pele re etsa liqeto. Empa re ka ntlafatsa bokhoni ba rona ba ho etsa liqeto joang? Hona na re ka fetola liqeto tseo re li entseng?
RE HLOKA HO ETSA LIQETO BOPHELONG
4. Adama o ne a lokela ho etsa qeto efe, hona litla-morao e ile ea e-ba life?
4 Ho tloha tšimolohong, batho ba ile ba lokela ho etsa liqeto. Adama o ne a lokela ho khetha hore na o mamela ’Mopi kapa Eva. O ne a ikemiselitse ho etsa qeto. O entse qeto efe? Mosali oa hae o ile a mo susumelletsa hore a etse qeto e booatla, e ileng ea etsa hore a se ke a hlola a phela Paradeiseng a be a shoe. Tseo e ne e sa le linyane. Re phela ka thata ka lebaka la qeto e mpe eo Adama a e entseng.
5. Re lokela ho ba le maikutlo afe ka ho etsa liqeto?
5 Batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore bophelo bo ka ba monate haeba re sa etse liqeto. Na le uena u nahana joalo? Hopola, Jehova ha aa bopa batho joaloka liroboto, tse sa khoneng ho inahanela kapa ho iketsetsa liqeto. Ha e le hantle Bibele ea re ruta hore na re ka etsa liqeto ka bohlale joang. Jehova o re file bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto ka sepheo sa ho re thusa. Nahana ka mehlala e latelang.
6, 7. Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa qeto efe, hona ke hobane’ng ha ho ne ho le thata ho e etsa? (Sheba setšoantšo se qalong.)
6 Ha Baiseraele ba le naheng e tšepisitsoeng, ba ne ba lokela khetha hore na ba rapela Jehova kapa melimo e meng. (Bala Joshua 24:15.) Ho ne ho ka ’na ha bonahala ho le bonolo ho etsa qeto e joalo. Haeba ba mamela Jehova, ba ne ba tla phela, empa haeba ba sa mo mamele, ba ne ba tla shoa. Ka makhetlo ba ile ba fetohela Jehova ’me ba rapela melimo ea bohata. (Baahl. 2:3, 11-23) Nahana hape ka se ileng sa etsahalla batho ba Molimo mehleng ea khale ha ba ne ba lokela ho etsa qeto. Moprofeta Elia o ile a re ba khethe hore na ba sebeletsa Jehova kapa Baale. (1 Mar. 18:21) Elia o ile a ba eletsa hore ba se ke qeaqea ho etsa qeto. U ka ’na oa nahana hore ho ne ho le bonolo ho etsa qeto eo, hobane oa tseba hore ho bohlokoa ho sebeletsa Jehova. Ha e le hantle, e ne e tla ba booatla ho sebeletsa Baale. Leha ho le joalo, Baiseraele bao ba ne ba ‘qeaqea . . . pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng.’ Ka bohlale, Elia o ile a ba khothalletsa hore ba rapele Jehova Molimo oa ’nete.
7 Ke hobane’ng ha ho ne ho le thata hakaale hore Baiseraele ba etse qeto ka bohlale? Ntho ea pele, ba ile ba felloa ke tumelo ho Jehova ’me ba hana ho mamela lentsoe la hae. Ba ne ba sa tšepe Jehova hobane ha baa ka ba ipha nako ea ho ithuta ka eena. Hoja ba ile ba etsa joalo, ba ka be ba ile ba etsa liqeto ka bohlale. (Pes. 25:12) Ho feta moo, ba ile ba batla ho etsisa batho ba sa rapeleng Jehova. Batho bao ba ile ba susumetsa Baiseraele hore ba etse lintho joaloka bona ’me ba rapele melimo ea bohata. Jehova o ne a ba lemositse khale hore ntho eo e tla etsahala.—Ex. 23:2.
NA BATHO BA BANG BA LOKELA HO RE ETSETSA LIQETO?
8. Mehlala ea Baiseraele e re ruta thuto efe ea bohlokoa mabapi le ho etsa liqeto?
8 Mehlala ena ea Baiseraele e re ruta hore ha re batla ho etsa liqeto ka bohlale, re lokela ho ithuta Bibele. Bagalata 6:5 e re “e mong le e mong o tla jara mojaro oa hae” kapa boikarabelo ba hae. Kahoo ha rea lokela ho lumella batho ho re etsetsa liqeto. Ho e-na le hoo, re lokela ho ithuta hore na Jehova o batla’ng ’me re etse seo.
9. Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho lumella batho hore ba re etsetse liqeto?
9 Ke joang re ka lumellang batho ba bang hore ba re etsetse liqeto? Ka hore re ba lumelle ho re susumelletsa ho etsa liqeto tse fosahetseng. (Liprov. 1:10, 15) Ho kotsi ho lumella metsoalle ea rona ho re etsetsa liqeto. Re na le boikarabelo ba hore re latele seo re ithutileng sona ka Bibeleng. Empa haeba re lumella batho ba bang hore ba re etsetse liqeto, ho tšoana le ha re khetha ho ba latela. Khetho eo e kotsi.
10. Pauluse o ile a eletsa Bagalata ka’ng?
10 Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bagalata ka kotsi ea ho lumella batho ba bang hore ba ba etsetse liqeto. (Bala Bagalata 4:17.) Bakreste ba bang phuthehong ea Galatia ba ne ba batla ho etsetsa batho ba bang liqeto. Hobane’ng? Ba ne ba batla hore Bakreste-’moho le bona ba khaotse ho latela baapostola ’me ba latele bona. Ba ne ba sa hlomphe tokelo eo ea Bakreste-’moho le bona ea hore ba iketsetse liqeto.
11. Re ka thusa Bakreste-’moho le rona joang ha ba lokela ho etsa liqeto?
11 Pauluse o re behetse mohlala o motle haholo tabeng ea ho hlompha tokelo ea ba bang ea ho iketsetsa liqeto. (Bala 2 Bakorinthe 1:24.) Baholo ba lokela ho etsisa Pauluse ha ba eletsa Bakreste-’moho le bona. Le hoja ba arolelana molaetsa oa Bibele le bona, ha baa lokela ho ba etsetsa liqeto. Lebaka ke hore mora kapa morali’abo rona ke eena ea tla khola litholoana tsa ho etsa qeto eo. Ntlha ea bohlokoa ke ena: Re ka bontša motho hore na keletso ea Bibele e ka mo thusa joang boemong boo a leng ho bona. Leha ho le joalo, motho eo ke eena ea lokelang ho iketsetsa qeto. Ha ba etsa liqeto ka bohlale, ba tla rua molemo. Kahoo, rea hlokomela hore ha rea lokela ho etsetsa Bakreste-’moho le rona liqeto.
Kaha baholo ba rata Bakreste-’moho le bona, ba ba thusa hore ba iketsetse liqeto (Sheba serapa sa 10 le 11)
HO ETSA LIQETO RE ITŠETLEHILE KA MAIKUTLO
12, 13. Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho etsa liqeto ha re halefile kapa re nyahame?
12 Batho ba bangata ba tšepa lipelo tsa bona ha ba etsa liqeto. Empa ho ka ba kotsi ho etsa joalo. Bibele e re hlokomelisa hore re se ke ra tšepa lipelo tsa rona ha re etsa liqeto. (Liprov. 28:26) Hape ho na le mehlala e mengata ka Bibeleng e re bontšang litholoana tse bosula tsa ho tšepa pelo. Bothata ke hore “pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.” (Jer. 3:17; 13:10; 17:9; 1 Mar. 11:9) Joale ho tla etsahala’ng ka rona haeba re tšepa lipelo tsa rona?
13 Ke ’nete hore Jehova o re re mo rate ka lipelo tsohle re be re rate baahelani ba rona joalokaha re ithata. (Mat. 22:37-39) Empa serapa se fetileng se re hlokomelisitse kotsi ea ho lumella hore liqeto tsa rona li laoloe ke maikutlo a rona. Mohlala, ho ka ’na ha etsahala’ng haeba re etsa liqeto re halefile? Ho ka ba bonolo ho araba potso eo haeba re ile ra etsa joalo nakong e fetileng. (Liprov. 14:17; 29:22) Kapa na re ka etsa liqeto tse nepahetseng haeba re nyahame? (Num. 32:6-12; Liprov. 24:10) Re lokela ho tataisoa ke “molao oa Molimo” ha re etsa liqeto. (Bar. 7:25) Ho hlakile hore re ka etsa liphoso haeba re etsa liqeto tsa bohlokoa re itšetlehile ka maikutlo a rona.
U KA FETOLA QETO NENG?
14. Re tseba joang hore ho loketse hore motho a fetole qeto eo a e entseng?
14 Re lokela ho etsa liqeto ka bohlale. Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore ha rea lokela ho fetola liqeto tseo re li entseng. Ka linako tse ling re lokela ho nahanisisa ka tsona ebe rea li fetola. Hopola hore na mehleng ea Jonase Jehova o ile a sebetsana le Baninive joang. “Molimo oa ’nete a bona mesebetsi ea bona, hore ba ne ba khutlile litseleng tsa bona tse mpe; kahoo Molimo oa ’nete a ikutloa a soabile ka lebaka la tlokotsi eo a neng a buile hore o tla ba bakela eona; ’me ha aa ka a e baka.” (Jon. 3:10) Jehova o ile a fetola qeto ea hae ka mor’a ho bona hore Baninive ba bakile. Ka ho etsa joalo, o ile a bontša hore o ikokobelitse, o mosa ebile ha a leeme. Ho feta moo, Molimo ha a etse qeto a halefile, joalokaha batho ba bangata ba etsa.
15. Ke’ng e ka etsang hore re fetole qeto ea rona?
15 Ka linako tse ling ho ka ba molemo ho nahanisisa ka qeto eo re e entseng. E ka ba nakong eo maemo a fetohang. Jehova o ile a fetola qeto ea hae ha maemo a fetoha. (1 Mar. 21:20, 21, 27-29; 2 Mar. 20:1-5) Ha re fumana litaba tse hlakileng mabapi le qeto eo re e entseng, re ka ’na ra lokela ho fetola qeto eo. Morena Davida o ile a bolelloa leshano ka Mefiboshethe, setloholo sa Saule. Ha Davida a hlakeloa ke litaba, o ile a fetola qeto ea hae. (2 Sam. 19:24-29) Ka linako tse ling e ka ba hantle hore le rona re etse joalo.
16. (a) Ke lintho life tse ka re thusang ho etsa liqeto ka bohlale? (b) Ke hobane’ng ha maemong a mang re tlameha ho fetola liqeto tseo re li entseng, hona re ka etsa seo joang?
16 Lentsoe la Molimo le re eletsa hore re se ke ra potlakela ho etsa liqeto. (Liprov. 21:5) Ha re ipha nako ea ho sheba lintho ka hloko pele re etsa liqeto, re tla etsa liqeto ka bohlale. (1 Bathes. 5:21) Bo-ntate e leng lihlooho tsa malapa, ba lokela ho ipha nako ea ho etsa lipatlisiso ka har’a lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng le ho utloa maikutlo a ba bang ka lapeng ha ba etsa liqeto. Hopola hore Molimo o ile a re Abrahama a mamele mosali oa hae. (Gen. 21:9-12) Baholo le bona ba lokela ho ipha nako ea ho etsa lipatlisiso. Haeba ba ikokobelitse ba ke ke ba tšoha hore Bakreste-’moho le bona ba ke ke ba ba hlompha haeba ho hlaha taba e ncha e etsang hore ba fetole qeto eo ba e entseng. Ba lokela ho fetola liqeto tsa bona ha ho hlokahala. Le rona re lokela ho etsa joalo. Sena se tla etsa hore ka phuthehong ho be le khotso.—Lik. 6:1-4.
PHELELA LIQETO TSA HAO
17. Re lokela ho etsa’ng e le hore re etse liqeto ka bohlale?
17 Liqeto tse ling li boima ho feta tse ling. Pele re etsa liqeto tse boima, re lokela ho nahanisisa ka tsona re be re kope hore Jehova a re thuse. Bakreste ba bang ba boemong ba ho etsa qeto ea ho nyala le hore na ba tla nyala mang. Qeto e ’ngoe ea bohlokoa ke hore na re ka qala ho ba bo-pula-maliboho kapa ra sebeletsa liofising tsa makala neng hona joang. Maemong ao, re lokela ho tšepa Jehova ’me re kholisehe hore o tla re thusa. (Liprov. 1:5) Kahoo, ke habohlokoa ho batla keletso ka Bibeleng, ’me re batle thuso ho Jehova ka thapelo. Hopola hore Jehova a ka re fa makhabane a ka re thusang hore re etse liqeto tse tumellanong le thato ea hae. Ha u etsa liqeto tse boima, ipotse: ‘Na see se tla fana ka bopaki ba hore ke fela ke rata Jehova? Na lelapa la ka le tla thaba? Hona na ho tla bontša hore ke na le mamello le mosa?’
18. Ke hobane’ng ha Jehova a lebeletse hore re iketsetse liqeto?
18 Jehova ha a re qobelle hore re mo sebeletse kapa re mo rate. Ke khetho ea rona. O hlompha boikarabelo ba rona le tokelo eo a re fileng eona ea hore re “ikhethele” hore na re tla mo sebeletsa kapa che. (Josh. 24:15; Moek. 5:4) Empa o batla hore re phelele liqeto tseo re li entseng tse tumellanong le tataiso ea hae. Ha re tšepa tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona le melao eo a re fang eona, re tla khona ho etsa liqeto ka bohlale ’me re tla tsitsa litseleng tsa rona.—Jak 1:5-8; 4:8.