Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w17 March maq. 28-31
  • Ho ba Motsoalle le ha Setsoalle se le Kotsing

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ba Motsoalle le ha Setsoalle se le Kotsing
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HA MOTSOALLE A ETSA PHOSO
  • HA MOTSOALLE A LE MATHATENG
  • NA U TLA IKUTLOA U KHOPISEHILE?
  • Nathane—O Ile a Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Botšepehi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ke Hobane’ng ha Motsoalle a Nkutloisitse Bohloko?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Boloka Metsoalle?
    Tsoha!—1996
  • Molimo o U Mema Hore U be Motsoalle oa Hae
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
w17 March maq. 28-31
Moprofeta Nathane o ile a nahanisisa pele a fana ka molaetsa oa Molimo ho Morena Davida

Lula U le Motsoalle Leha ho Hlaha Mathata

Gianni le Maurizio e bile metsoalle ka lilemo tse ka bang 50. Leha ho le joalo, ho kile ha e-ba le nako eo setsoalle sa bona se ileng sa e-ba kotsing. Maurizio o re: “Ka nako eo ho neng ho le boima, ke ile ka etsa liphoso tse kholo tse ileng tsa etsa hore re arohane. Gianni eena o re: “Ke ne ke rutoa Bibele ke Maurizio. O ne a nkhothatsa haholo. Kahoo ke ne ke sa lumele hore a ka etsa seo. E ne e ka nka re lefatše ngamoha ke kene, hobane ke ne ke bona hore setsoalle sa rona se tla fela. Ke ne ke ikutloa ke lahlehile.”

Metsoalle ea ’nete ke ea bohlokoa, empa ha ho itlele feela hore setsoalle e be se tšoarellang. Ha mathata a hlaha ke’ng se ka thusang hore setsoalle se se ke sa fela? Re ka ithuta lintho tse ngata mehlaleng ea batho ba bang ba boletsoeng ka Bibeleng, bao e neng e le metsoalle ea hlooho ea khomo empa qetellong setsoalle sa bona sa e-ba kotsing.

HA MOTSOALLE A ETSA PHOSO

Morena Davida o ne a e-na le metsoalle ea ’nete, e mong oa bona e ne e le Jonathane. (1 Sam. 18:1) Empa Davida o ne a e-na le metsoalle e meng e kang moprofeta Nathane. Ke ’nete Bibele ha e bolele hore na setsoalle sa bona se qalile neng. Empa ka letsatsi le leng, Davida o ile a phetlela Nathane sefuba joaloka motsoalle oa hae. Davida o ne a batla ho hahela Jehova ntlo. Morena o ne a ananela maikutlo a Nathane joaloka motsoalle oa hae, le monna ea neng a tataisoa ke moea oa Jehova.—2 Sam. 7:2, 3.

Leha ho le joalo, ho ile ha e-ba le ntho e behang setsoalle sa bona kotsing. Morena Davida o ile a etsa bofebe le Bathesheba, ka mor’a moo a etsa hore monna oa hae Uria a bolaoe. (2 Sam. 11:2-21) Davida o qetile lilemo tse ngata a tšepahalla Jehova, ebile e le morena ea nang le toka. Leha ho le joalo o ile a etsa sebe se tebileng. Ho ne ho etsahetse’ng ka morena ea lokileng? Na o ne a sa hlokomele kotsi eo a ipakelang eona? Na o ne a nahana hore a ka patela Molimo ketso eo e mpe?

Nathane o ne a tla etsa’ng? Na o ne a tla tlohela Morena Davida feela? Batho ba bang ba ne ba tseba ka seo Davida a se entseng hore Uria a bolaoe. Kahoo, ke hobane’ng ha Nathane a ne a ka batla ho senya setsoalle sa bona ka hore a kenelle litabeng tseo? Bophelo ba Nathane bo ne bo ka ’na ba ba kotsing haeba a ne a ka bua, haholo joang ha Davida a ne a se a bolaile Uria ea se nang molato .

Nathane e ne e le moprofeta oa Molimo. O ne a tseba hore ha a ka pata taba ena, setsoalle sa hae le Davida se ke ke sa tšoana le pele, hape letsoalo la hae le ne le tla mo tšetšetha. Motsoalle oa hae Davida o ne a entse lintho tse sa khahliseng Jehova. ’Me o ne a hlile a hloka thuso ho lokisa kamano ea hae le Jehova. Kannete Davida o ne a hloka motsoalle oa ’nete ea joaloka Nathane. Nathane o ile a khetha ho sebelisa papiso e neng e tla ama pelo ea Davida. Nathane o ile a fetisa molaetsa oa Molimo ka tsela e ileng ea thusa Davida ho bona liphoso tsa hae le ho li bakela.—2 Sam. 12:1-14.

U ne u tla etsa’ng haeba u ne u e-na le motsoalle ea entseng sebe se tebileng? U ka ’na oa tšaba hore haeba u ka mo bontša liphoso tsa hae kapa oa bolella baholo ka tsona hore ba mo thuse, u tla senya setsoalle sa lona. U ne u tla etsa’ng?

Gianni, eo re buileng ka eena qalong o re: “Ke ile ka hlokomela hore ho na le ntho e fetohileng ka motsoalle oa ka Maurizio. O ne a se a sa phutholoha joalo ka pele. Le hoja ho ne ho se bonolo, ke ile ka etsa qeto ea ho buisana le eena. Empa ke ipotsa hore na ke’ng seo nka se buang seo a sa se tsebeng? O ne a ka ’na a halefa. Leha ho le joalo, eitse ha ke hopola lintho tsohle tseo re ithutileng tsona ha a ne a nthusa ho utloisisa Bibele, ke ne ke tlameha ho buisana le eena. Ke ne ke sa batle hore setsoalle sa rona se senyehe, empa ke ne ke batla ho mo thusa joalokaha le eena a ile a bua le ’na ha ke ne ke hloka thuso.”

Maurizio o re: “Gianni e ne e le motsoalle oa sebele, ’me o ne a nepile. Ke ne ke tseba hore litla-morao tsa liphoso tsa ka, e ne e se molato oa hae kapa oa Jehova. Kahoo, ke ile ka amohela khalemelo e tsoang ho baholo. Ha nako e ntse e-ea ke ile ka boela ka ba le kamano e ntle le Jehova.”

HA MOTSOALLE A LE MATHATENG

Davida o ne a boetse a e-na le metsoalle e ileng ea lula e le ka lehlakoreng la hae le linakong tse thata. E mong oa bona e ne e le Hushai, eo Bibele e reng ke “motsoalle oa Davida.” (2 Sam. 16:16; 1 Likron. 27:33) Eena le Morena Davida e ne e le metsoalle. E ka ’na eaba Hushai ne e le moahloli, hoo ka linako tse ling a neng a tšoara litaba tsa molao tse neng li tebile.

Ha Absalome mora oa Davida a nka borena ka mahahapa, Baiseraele ba bangata ba ile ba mo tšehetsa, empa Hushai ha aa ka a etsa joalo. Ha Davida a baleha, Hushai o ile a ea ho eena. Davida o ile a utloa bohloko haholo ke ho soetsoa ke mora oa hae le batho bao a neng a ba tšepa. Leha ho le joalo, Hushai o ile a lula a tšepahala, ’me o ne a ikemiselitse ho beha bophelo ba hae kotsing ka ho thusa Davida. Hushai ha aa ka a etsa sena hobane feela e le moahloli, empa o ile a bontša hore ke motsoalle oa ’makhonthe.—2 Sam. 15:13-17, 32-37; 16:15–17:16.

Ke ho thabisang ho bona kamoo bara le barali babo rona kajeno ba momahaneng kateng le hoja ba phetha likabelo tse fapaneng ka phuthehong. Ka liketso tsa bona ba re, “U oa bohlokoa ho ’na.”

Ena ke tsela eo mor’abo rona Federico a ileng a ikutloa ka eona ha motsoalle oa hae Antonio a mo thusa linakong tse thata. Federico o re: “Ha Antonio a fihla phuthehong ea rona, re ile ra ba metsoalle. Re ne re le bahlanka ba sebeletsang, ’me re ne re thabela ho sebetsa ’moho. Ho e-s’o ee kae, Antonio o ile a khethoa hore ebe moholo. E ne e se motsoalle feela empa hape o ne a mpehela mohlala o motle.” Neng-neng, Federico o ile a nka tsela e fosahetseng. Ka pele o ile a batla thuso, empa o ne a se a sa tšoanelehe ho ba pula-maliboho kapa mohlanka ea sebeletsang. Antonio o ile a etsa’ng?

Federico o kopana le baholo, ’me Antonio o qeta nako a mo mametse hape a mo khothatsa

Ha Federico a le mathateng, motsoalle oa hae Antonio o ile a mo mamela ’me a mo khothatsa

Federico o re: “Ke ne ke bona hore Antonio o utloisisa bohloko boo ke bo utloang. O ile a leka ka hohle ho nthusa.O ne a tšoenyehile ka kamano ea ka le Jehova, ’me ha aa ka a nqhalla matsoho. O ile a nkhothalletsa hore ke se ke ka tela, ’me ke leke ho matlafatsa kamano eaka le Jehova.” Antonio o re: “Ke ile ka qeta nako le Federico. Ke ne ke batla hore a bue le ’na ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mo utloisitseng bohloko.” Taba e monate ke hore Federico o ile a lokisa lintho, ’me qetellong a boela a ba pula-maliboho le mohlanka ea sebeletsang. Antonio o qetella ka ho re: “Le hoja re sebeletsa liphuthehong tse fapaneng, setsoalle sa rona se tiile le ho feta.”

Federico le Antonio ba thabela ho qeta nako hammoho

NA U TLA IKUTLOA U KHOPISEHILE?

U ka ikutloa joang haeba motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo a u fetohela nakong eo u mo hlokang ka ho fetisisa? Ntho eo e ka u utloisa bohloko haholo. Na u tla mo tšoarela? Na setsoalle sa lona se tla lula se tiile joaloka pele?

Nahana ka se ileng sa etsahalla Jesu matsatsing a ho qetela a le lefatšeng. O ile a qeta nako a e-na le baapostola ba hae ba tšepahalang ’me ba utloana haholo. Jesu o ne a ba bitsa metsoalle ea hae. (Joh. 15:15) Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala’ng ha a ne a tšoaroa? Baapostola ba ile ba baleha. Petrose o ile a tšepisa hore a ke ke a lahla Morena oa hae, empa bosiung bona boo, o ile a latola bosehla hore ha a tsebe Jesu.—Mat. 26:31-33, 56, 69-75.

Jesu o ne a tseba hore o tla ba mong ha a tobana le liteko tsa ho qetela bophelong ba hae. Kahoo, o ne a e-na le lebaka la ho halefa le ho utloa bohloko. Empa seo a ileng a se bua le baapostola ba hae matsatsi a seng makae ka mor’a hore a tsosoe, ha ho na moo se bontšang a ile a halefa, a utloa bohloko kapa a ikoahlaea. Jesu ha aa ka a ba balla liphoso tsa bona, tse akarelletsang le eo ba ileng ba e etsa bosiung boo a ileng a tšoaroa ka bona.

Ho fapana le seo, Jesu o ile a khothatsa Petrose le baapostola ba bang. O ile a bontša hore oa ba tšepa ka ho ba fa litaelo tsa mosebetsi oa bohlokoa historing ea batho. Jesu o ne a ntse a ba nka e le metsoalle ea hae. O ba bontšitse lerato leo ba neng ba ke ke ba le lebala. Ba ne ba tla leka ka hohle hore ba se ke ba phoqa Morena oa bona. Kannete, ba ile ba etsa mosebetsi oo a neng a ba file oona.—Lik. 1:8; Bakol. 1:23.

Morali’abo rona Elvira o hopola qabang e bileng teng pakeng tsa hae le motsoalle oa hae Giuliana. O re: “Ke ile ka ikutloa ke nyahame ha a mpolella hore o ile a utloa bohloko ka lebaka la seo ke se entseng. O ne a e-na le lebaka la ho utloa bohloko. Empa se ileng sa nthabisa ke hore o ne a amehile haholo ka ’na le ka se ka etsahalang ka lebaka la boitšoaro ba ka. Ke tla lula ke ananela hore ha aa ka a sheba liphoso tsa ka, empa o ne a amehile ka se ka ntlhahelang. Ke leboha Jehova ka ho mpha motsoalle ea ntsotellang hakana!”

Kahoo, motsoalle oa ’nete o tla etsa’ng ha setsoalle sa hae se le kotsing? O tla bua ka mosa. O tla ba joaloka Nathane le Hushai, ba ileng ba tšepahala le linakong tse thata, a boele a tšoane le Jesu ea neng a tšoarela. Na u motsoalle ea joalo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela