Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w17 June leq. 32
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Jesu o Hloekisa Tempele
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Tempele e Hloekisoa Hape
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Hloekisa Tempele
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
w17 June leq. 32
Jesu o leleka batho ba rekisang ka tempeleng

Re U Lome Tsebe?

Na ho ne ho loketse hore Jesu a re bahoebi ba liphoofolo ba tempeleng e Jerusalema ke “masholu”?

KOSEPELE ea Matheu e re: “Jesu a kena ka tempeleng a phahla bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng, ’me a phethola litafole tsa ba ananyang chelete le libenche tsa ba rekisang maeba. A re ho bona: ‘Ho ngoliloe, ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo,’ empa le e etsa lehaha la masholu.’”—Mat. 21:12, 13.

Litlaleho tsa histori ea Bajuda li bontša hore bahoebi ba neng ba rekisetsa tempeleng ba ne ba rekisa thepa ka theko e phahameng haholo. Ka mohlala, tlaleho e ’ngoe ea lilemong tse 100 Jesu a tlile lefatšeng e re theko ea maebana-khoroana e ile ea nyoloha eaba a se a rekisoa ka denari ea khauta. Chelete ena e ne e lekana le mokholo oa matsatsi a 25 oa motho ea kollang ntsi hanong. Motho ea futsanehileng o ne a lumeletsoe ho etsa sehlabelo sa maebana-khoroana kapa maeba, empa ho latela litheko tsa ’ona ho ne ho le boima haholo. (Lev. 1:14; 5:7; 12:6-8) Moruti e mong ea bitsoang Simeon ben Gamaliel o ile a halefisoa ke hore ebe maeba a mabeli a ne a se a rekisoa ka theko e phahameng haholo, eaba o theola theko eo hoo a neng a se a ka rekoa ka moputso oa lihora tse tharo feela.

Ho latela tlaleho ena ho ne ho loketse hore Jesu a re batho bana ba neng ba rekisetsa tempeleng ke “masholu” kaha ba ne ba le meharo ba bile ba qhekella.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela