Selelekela
NA MOLIMO OA U TSOTELLA?
Ha re hlaheloa ke likoluoa, re ba le mathata kapa batho bao re ba ratang ba hlokahala re ka ’na ra ipotsa hore na Molimo o ntse a re bona kapa na oa re tsotella. Bibele e re:
“Etsoe mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, ’me o sekehela thapeli ea bona tsebe; empa sefahleho sa Jehova se khahlanong le ba etsang lintho tse mpe.”—1 Petrose 3:12.
Molula-Qhooa ona o tla u thusa ho hlokomela hore Jehova oa re thusa ha re hlaheloa ke mathata le hore o ikemiselitse ho felisa mathata ’ohle.