SEHLOOHO SE ITHUTOANG 24
Phethola Menahano e Khahlanong le Tsebo ea Molimo
“Re phethola menahano le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng e phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo.”—2 BAKOR. 10:5
PINA EA 124 Tšepahalang Kamehla
SELELEKELAa
1. Moapostola Pauluse o ile a fa Bakreste ba mehleng ea hae keletso efe?
MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a re: “Le khaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho.” (Bar. 12:2) Pauluse o ile a bua mantsoe ana ha a ne a eletsa Bakreste bohle ba mehleng ea hae. Ke hobane’ng ha a ile a fana ka keletso e matla hakaale ho banna le basali ba neng ba inehetse ho Molimo ba bile ba tlotsitsoe ka moea o halalelang?—Bar. 1:7.
2-3. Ke joang Satane a lekang ho re hulela hole le Jehova, hona re ka hlakola lintho tse “metseng ka matla” likelellong tsa rona joang?
2 Pauluse o ne a amehile hobane ho ne ho bonahala eka Bakreste ba bang ba susumetsoa ke moea oa lefatše la Satane. (Baef. 4:17-19) Bothata bona bo ntse bo ka re ama le rona kajeno. Kaha lefatše le taolong ea Satane o sebelisa litsela tse fapa-fapaneng ho leka ho re hulela hole le Jehova. Mohlala, haeba re le batho ba ratang ho hlomphuoa le ho tuma a ka sebelisa tsona lintho tseo ho leka ho re hulela hole le Jehova. A ka ’na a sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona lapeng, sekolong, kapa sebakeng seo re holetseng ho sona ho leka ho etsa hore re nahane ka tsela eo a e batlang.
3 Na ho ka khoneha hore re hlakole “lintho tse metseng ka matla” likelellong tsa rona? (2 Bakor. 10:4) Ha Pauluse a araba potso ena o re: “Etsoe re phethola menahano le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng e phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo; ’me re tlisa monahano o mong le o mong kholehong ho o etsa hore o mamele Kreste.” (2 Bakor. 10:5) E, Jehova a ka re thusa hore re hlakole menahano e joalo ka likelellong tsa rona. Feela joalokaha moriana o khona ho bolaea likokoana-hloko, Lentsoe la Molimo le lona le ka khona ho felisa menahano e mebe ea lefatše la Satane.
“HO FETOLA LIKELELLO TSA LONA”
4. Bongata ba rona re ile ra tlameha ho etsa liphetoho life ka mor’a hore re ithute Bibele?
4 Ak’u nahane ka liphetoho tseo u ileng oa tlameha ho li etsa bophelong ba hao ha u sa tsoa ithuta Bibele ’me u etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova. Bongata ba rona re ile ra tlameha ho khaotsa ho etsa lintho tse itseng tseo Bibele e reng li fosahetse. (1 Bakor. 6:9-11) Ruri rea leboha hore ebe Jehova o ile a re thusa ho khaotsa ho etsa lintho tseo!
5. Ke lintho life tse peli tseo Baroma 12:2 e reng re lokela ho li etsa?
5 Leha ho le joalo, ha rea lokela ho lumela hore re se re entse liphetoho tsohle tseo re neng re tlameha ho li etsa. Le hoja re khaolitse ho etsa libe tse tebileng tseo re neng re li etsa pele re kolobetsoa, re lokela ho itebela hore re qobe ho etsa eng kapa eng e ka re hohelang hore re khutlele ho tsona hape. Re ka itebela joang? Pauluse o re: “Le khaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lona.” (Bar. 12:2) Mantsoe ana a bontša hore re lokela ho etsa lintho tse peli. Ea pele, re lokela ho ‘khaotsa ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho,’ ka mantsoe a mang re se ke ra itumella ho hoheloa ke lintho tsa lefatše lena. Ea bobeli, re lokela ‘ho fetoha’ ka hore re fetole tsela eo re nahanang ka eona.
6. Re ithuta’ng mantsoeng a Jesu a ho Matheu 12:43-45?
6 Ho fetoha hoo Pauluse a buang ka hona ha se feela ho fetola tsela eo re shebahalang ka eona. Ho ama bophelo bohle ba rona. (Sheba lebokose le reng “U Fetohile Kapa U Ikhakantse?”) Re lokela ho fetola ka ho feletseng likelello tsa rona, ho akareletsa le menahano, maikutlo le lintho tseo re li ratang. Kahoo, kaofela re lokela ho ipotsa, ‘Na liphetoho tseo ke li etsang e le hore ke be Mokreste ke tse bonahalang ho batho feela, kapa na ehlile ke tebisa kepi?’ Hore na re arabela potso eo joang ke taba ea bohlokoa haholo. Ho Matheu 12:43-45 Jesu o ile a totobatsa hore na re lokela ho etsa’ng. (E bale.) Mantsoe a litemaneng tseo a re ruta thuto ea bohlokoa ea hore: Ha hoa lekana hore feela re hlakole menahano e mebe ka likelellong, empa re lokela ho koala sekheo seo ka ho kenya e nepahetseng.
“LE NCHAFALE MATLENG A SUSUMETSANG LIKELELLO TSA LONA”
7. Na ho ka khoneha hore re fetole likelello tsa rona, hona re ka etsa seo joang?
7 Na ho ka khoneha hore re fetole likelello tsa rona? Lentsoe la Molimo le re: “Le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lona, le hore le apare botho bo bocha bo ileng ba boptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.” (Baef. 4:22-24) Kahoo, ho ka khoneha hore re fetole likelello tsa rona, empa ha ho bonolo. Re lokela ho hanela menahano e fosahetseng, re be re khaotse ho etsa lintho tseo Molimo a sa li rateng. Re lokela ho fetola ‘matla a susumetsang likelello tsa rona.’ Taba eo e akareletsa ho fetola lintho tseo re li ratang, tseo re li tloaetseng le mabaka a re susumetsang ho li etsa. Ho etsa joalo ha se ntho ea letsatsi le le leng feela.
8-9. Re ithuta’ng mohlaleng oa mor’abo rona e mong?
8 Mohlala, mor’abo rona e mong o ne a rata ntoa mehleng ea hae. Ka mor’a hore a khaotse ho noa joala haholo le ho loana, o ile a tšoaneleha hore a ka kolobetsoa ’me taba eo e ile ea etsa hore batho ba motseng oa habo ba rate Lipaki. Empa mantsiboeeng a mang nakoana ka mor’a hore a kolobetsoe, tumelo ea hae e ile ea lekoa ka tsela eo a neng a sa e nahana. Monna e mong ea tahiloeng o ile a fihla ha hae a le moeeng oa ntoa. Qalong mor’abo rona o ile a ithiba hore a se ke a mo loantša. Empa ha monna eo a se a rohaka Jehova, mor’abo rona o ile a hloleha ho ithiba ke khalefo. O ile a tsoa ka tlung a ea mo bolaisa liopa-pina. Ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo? Le hoja lintho tseo a ithutileng tsona Bibeleng li mo thusitse ho ithiba hore a se ke a loana, o ne a e-s’o ka a fetola kelello ea hae. Ka mantsoe a mang o ne a e-s’o ka a etsa liphetoho tse hlokehang bophelong ba hae.
9 Leha ho le joalo, mor’abo rona ha aa ka a akhela thaole. (Liprov. 24:16) Baholo ba ile ba mo thusa hore a tsoele pele a etsa liphetoho tse hlokehang. Qetellong o ile a tšoaneleha ho ba moholo. Eaba mantsiboeeng a mang ha a le kantle ho jarete ea Holo ea ’Muso, tumelo ea hae e lekoa ka tsela e batlang e tšoana le ea ha a sa tsoa kolobetsoa. Monna ea tahiloeng o ne a batla ho otla moholo e mong. Mor’abo rona o ile a etsa’ng? Ka bonolo o ile a leka ho buisana le monna eo ea tahiloeng, a ba a mo thusa hore a khobe matšoafo ’me a boela a mo thusa le hore a fihle moo a lulang teng. Ke hobane’ng ha mor’abo rona a ile a etsa joalo lekhetlong lee? O ne a se a fetotse kelello ea hae. E ne e se e le motho ea nang le khotso le ea ikokobelitseng ’me taba eo e ne e thabisa Jehova!
10. Re lokela ho etsa’ng e le hore re fetole likelello tsa rona?
10 Liphetoho tsena ha li itlele feela ka ho panya ha leihlo. Re ka ’na ra lokela ho sebetsa ka thata ka nako e telele. (2 Pet. 1:5) Liphetoho tsena li ke ke tsa e-ba teng hobane feela re se re e-na le nako e telele re le Lipaki. Re lokela ho loana ea khumamela e le hore re fetole likelello tsa rona. Ho na le lintho tsa bohlokoa tse ka re thusang ho etsa liphetoho tsena. A re ke re hlahlobeng tse ling tsa tsona.
KAMOO RE KA FETOLANG LIKELELLO TSA RONA KATENG
11. Thapelo e ka re thusa joang hore re fetole likelello tsa rona?
11 Thapelo ke ntho ea pele e ka re thusang. Re lokela ho rapela joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Molimo, bopa ka ho ’na pelo e hloekileng, u kenye ka hare ho ’na moea o mocha, o tiileng.” (Pes. 51:10) Re lokela ho qala pele ka ho lumela hore re hloka ho fetola likelello tsa rona, ebe re kopa Jehova hore a re thuse. Re ka kholisoa ke’ng ho lumela hore Jehova o tla fela a re thuse? Re ka kholisoa ke tšepiso eo Jehova a ileng a e fa Baiseraele ba neng ba le hlooho li thata ba mehleng ea Ezekiele, e reng: “Ke tla ba fa pelo e le ’ngoe, ’me ke tla kenya moea o mocha ka hare ho bona . . . ’me ke ba fe pelo ea nama, [e leng pelo ea motho ea ikemiselitseng ho latela tataiso ea Molimo].” (Ezek. 11:19) Jehova o ne a ikemiselitse ho thusa Baiseraele bao hore ba fetohe ’me o ntse a ikemiselitse ho re thusa le rona kajeno.
12-13. (a) Ho ea ka Pesaleme ea 119:59, re lokela ho thuisa ka eng? (b) Re lokela ho ipotsa lipotso life?
12 Ho thuisa ke ntho ea bobeli eo re ka e etsang. Ha re ntse re bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi, re lokela ho ipha nako ea ho thuisa, kapa ea ho nahanisisa ka botebo ka lintho tseo re ntseng re li bala e le hore re ka bona hore na ke hokae moo re ka etsang liphetoho teng. (Bala Pesaleme ea 119:59; Baheb. 4:12; Jak. 1:25) Re lokela ho itlhahloba hore na ke hokae moo e ka ’nang eaba re se re nahana le ho etsa lintho ka tsela ea lefatše lena. Re lokela ho lumela ha re bona moo re fokolang teng ’me re sebetse ka thata ho lokisa bothata boo.
13 Mohlala, ipotse: ‘Na ho na le matšoao a hore ke mona?’ (1 Pet. 2:1) ‘Na ke na le ho ikutloa eka ke phahametse batho ba bang ka lebaka la setso sa ka, thuto eo ke nang le eona, kapa chelete?’ (Liprov. 16:5) ‘Na ke khella batho ba bang fatše hobane ba se na lintho tseo ke nang le tsona, kapa ka lebaka la setso sa bona?’ (Jak. 2:2-4) ‘Na ke rata lintho tseo lefatše la Satane le ’nonosang tsona?’ (1 Joh. 2:15-17) ‘Na ke thabela ho shebella lintho tse hlahisang boitšoaro bo bobe le lintoa?’ (Pes. 97:10; 101:3; Amose 5:15) Ha u ntse u araba lipotso tsena u ka ’na oa ela hloko moo u lokelang ho etsa liphetoho teng. Haeba re ka khona ho etsa liphetoho tsena “tse metseng ka matla” ka lipelong tsa rona, re tla thabisa Ntate oa rona ea leholimong.—Pes. 19:14.
14. Ke hobane’ng ha re lokela ho khetha metsoalle e nepahetseng?
14 Ho khetha metsoalle e nepahetseng ke ntho ea boraro ea bohlokoa. Ebang rea hlokomela kapa ha re hlokomele, metsoalle ea rona e na le tšusumetso e kholo ho rona. (Liprov. 13:20) Hangata ha re le sekolong kapa re le mesebetsing, re pota-potiloe ke batho ba ke keng ba re thusa ho nahana ka tsela eo Jehova a e amohelang. Empa, libokeng ke teng moo re ka fumanang metsoalle ea sebele. Ke teng moo re ka khothatsoang kapa ra susumeletsoa “leratong le mesebetsing e metle.”—Baheb. 10:24, 25.
‘LE TSITSISOE TUMELONG’
15-16. Satane o leka ho fetola tsela eo re nahanang ka eona joang?
15 Lula u hopola hore Satane o ikemiselitse ho fetola tsela eo re nahanang ka eona. O leka ka hohle ho hlakola lintho tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng e le hore li se ke tsa ama tsela eo re nahanang ka eona.
16 Le kajeno Satane o ntse a botsa potso e tšoanang le eo a ileng a e botsa Eva serapeng sa Edene, e reng: “Na ehlile Molimo o itse . . . ?” (Gen. 3:1) Hangata lefatšeng lena la Satane, re atisa ho utloa batho ba botsa lipotso tse ka etsang hore re belaelle lintho tseo re ithutileng tsona, tse kang: ‘Na ehlile Molimo ha a lumelle batho ba bong bo tšoanang hore ba nyalane? Na ehlile Molimo ha a batle ha u keteka Keresemese le letsatsi la hao la tsoalo? Na ehlile Molimo oa hao o lebeletse hore u hane ho tšeloa mali? Na ehlile Molimo ea lerato a ka batla hore u khaotse ho buisana le batho bao u ba ratang ha ba khaotsoe?’
17. Re lokela ho etsa’ng haeba ho e-na le lintho tseo re sa li utloisiseng ka Bibeleng, hona Bakolose 2:6, 7 e re phello e ka ba efe?
17 Re lokela ho kholiseha ka lintho tseo re li lumelang. Haeba re sa fumane likarabo tsa lintho tseo re sa li utloisiseng ka Bibeleng, re ka ’na ra qetella re se re li belaella. Ha nako e ntse e e-ea, lintho tseo li ka fetola tsela eo re nahanang ka eona tsa ba tsa senya tumelo ea rona. Joale re lokela ho etsa’ng? Lentsoe la Molimo le re re lokela ho fetola likelello tsa rona, e le hore re ka ipakela e le rona “thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Bar. 12:2) Haeba re ithuta Bibele kamehla, re ka ipakela ka borona hore lintho tseo re ithutang tsona ke ’nete. Re ka kholiseha ka ho feletseng hore melao ea Jehova e nepahetse. Qetellong, tumelo ea rona e ka tsitsa joaloka sefate se nang le metso e tiileng.—Bala Bakolose 2:6, 7.
18. Re lokela ho etsa’ng e le hore re hlole tšusumetso e mpe ea lefatše la Satane?
18 Ha ho na motho ea ka etsang hore tumelo ea rona e tiee. Kahoo, tsoela pele u matlafatsa tsela eo nahanang ka eona. Lula u rapela ’me u kopa Jehova hore a u fe moea oa hae o halalelang. Iphe nako ea ho thuisa ’me u lule u hlahloba tsela eo u nahanang ka eona le mabaka a hao a ho etsa lintho. Khetha metsoalle e nepahetseng e tla u thusa hore u fetole tsela eo u nahanang ka eona. Ha u etsa lintho tsena, u tla khona ho itšireletsa khahlanong le tšusumetso e mpe ea lefatše la Satane, u be u atlehe ho “phethola menahano le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng e phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo.”—2 Bakor. 10:5.
PINA EA 50 Ke Tla U Sebeletsa ka Pelo Eohle
a Ho sa tsotellehe hore na re nahana joang, menahano ea rona e susumetsoa ke tsela eo re holisitsoeng ka eona, setso ea rona le maemo a rona a thuto. Ho ka etsahala hore ebe mekhoa e meng e mebe e se e fetohile karolo ea bophelo ba rona ’me ha ho bonolo hore re khaohane le eona. Sehlooho sena se tl’o re thusa ho bona hore na re ka tlohela mekhoa eo e mebe joang.