Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w19 June maq. 1-32
  • Thusa Batho ba Tšoenyehileng Hore ba Mamelle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusa Batho ba Tšoenyehileng Hore ba Mamelle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-BA LE MAMELLO
  • E-BA LE KUTLOELO-BOHLOKO
  • BUA KA MOKHOA O TŠELISANG
  • Ho Thusa Basali ba Bahlolohali Litekong Tsa Bona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • “Ke Tla ea Moo U Eang Teng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • “Ke Tla ea Moo U Eang Teng”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Ruthe le Naomi
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
w19 June maq. 1-32

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 26

Thusa Batho ba Tšoenyehileng Hore ba Mamelle

“Kaofela ha lona le be le kelello e joalo, le bontša ho utloelana bohloko, le e-na le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le e-na le qenehelo e bonolo, le ikokobelitse kelellong.”​—1 PET. 3:8.

PINA EA 107 E-bang Lerato Joaloka Jehova

SELELEKELAa

1. Re ka etsisa Jehova joang?

JEHOVA o re rata haholo. (Joh. 3:​16) Kahoo, le rona re batla ho mo etsisa. Ka hore re bontšane “ho utloelana bohloko, le [ho ba] le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho” empa haholo-holo “ho ba amanang le rona tumelong.” (1 Pet. 3:8; Bagal. 6:​10) Re batla ho thusa bara le barali babo rona ha ba thulana le mathata.

2. Re tl’o tšohla’ng sehloohong see?

2 Batho bohle ba batlang ho sebeletsa Jehova ba tla thulana le mathata. (Mar. 10:​29, 30) Ebile a tla eketseha le ho feta ha bofelo bo ntse ba atamela. Joale, re ka tšehetsana joang? A re ke re hlahlobeng mehlala e tsoang ka Bibeleng e leng oa Lota, Jobo le Naomi. Re tla boela re tšohle a mang a mathata ao bara le barali babo rona ba kopanang le ’ona mehleng ena re be re bone hore na re ka ba thusa joang.

E-BA LE MAMELLO

3. Lota o ile a etsa qeto efe e fosahetseng, hona 2 Petrose 2:​7, 8 e re phello e ile ea e-ba efe?

3 Lota o ile a etsa qeto e fosahetseng ha a ne a il’o lula motseng oa Sodoma o neng o tletse ka batho ba ratang boitšoaro bo bobe. (Bala 2 Petrose 2:​7, 8.) Le hoja motse oo o ne o ruile, Lota o ile a ba le mathata a mangata ka lebaka la ho lula sebakeng seo. (Gen. 13:​8-13; 14:​12) Mohlomong mosali oa hae o ne a rata motse oo kapa batho ba teng haholo hoo a ileng a sitoa ho mamela Jehova. O ile a lahleheloa ke bophelo ba hae nakong eo Molimo a neng a timetsa Sodoma ka mollo le sebabole. Nahana hape ka barali ba babeli ba Lota. Ba ne ba lebelelitsoe ke bahlankana ba bona ba ileng ba shoa nakong eo motse oo o neng o felisoa. Lota o ile a lahleheloa ke lehae la hae, matlotlo a hae ’me ho hobe le ho feta o ile a lahleheloa ke mosali oa hae. (Gen. 19:​12-14, 17, 26) Na linakong tsee tse bohloko, Jehova o ile a fella Lota pelo? Che.

Mangeloi a tataisa Lota le lelapa la hae hore ba tsoe Sodoma

Jehova o ile a utloela Lota le lelapa la hae bohloko eaba o romela manyeloi hore a il’o ba pholosa. (Sheba serapa sa 4)

4. Jehova o ile a bontša joang hore o na le mamello ha a sebelisana le Lota? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

4 Le hoja Lota a ile a ikhethela ho ea lula Sodoma, Jehova o ile a mo utloela bohloko ka hore a romele mangeloi ho ea mo pholosa eena le ba ntlo ea hae. Ho e-na le hore Lota a mamele taelo e potlakileng ea mangeloi ea hore ba tsoe Sodoma ka potlako o ile “a lieha.” Mangeloi a ile a tlameha ho ba tšoara ka matsoho e le hore ba tsoe motseng oo. (Gen. 19:​15, 16) Ka mor’a moo, mangeloi ao a ile a ba bolella hore ba balehele lithabeng. Empa ho e-na le hore Lota a mamele Jehova, o ile a kopa hore a ee motseng o haufi. (Gen. 19:​17-20) Jehova o ile a mamela Lota eaba o mo lumella hore a ee motseng oo a neng a batla ho ea ho oona. Hamorao, o ile a tšaba ho lula motseng oo eaba o kopa ho ea sebakeng se lithaba e leng hona moo Jehova a neng a itse a ee teng qalong. (Gen. 19:​30) Jehova o ile a mamella Lota ka tsela e ikhethang! Ebe re ka mo etsisa joang?

5-6. Re ka sebelisa 1 Bathesalonika 5:​14 joang ha re ntse re etsisa Jehova?

5 Joaloka Lota, ho ka etsahala hore Mokreste-’moho le rona a etse qeto e fosahetseng e ka ’nang ea mo bakela mathata. Haeba seo se etsahala, re tla etsa’ng? Re ka ’na ra lekeha ho mo joetsa ’nete ea hore o kotula seo a se jetseng. (Bagal. 6:7) Empa ha rea lokela ho etsa joalo. Ho ka ba molemo hore re mo thuse joalokaha Jehova a ile a thusa Lota. Re ka etsa seo joang?

6 Jehova ha aa ka a romela mangeloi ho ea lemosa Lota feela empa le ho mo thusa hore a qobe koluoa e neng e tl’o oela motse oa Sodoma. Ka tsela e tšoanang, ha re bona Mokreste-’moho le rona a nka mothinya o fosahetseng, re ka mo lemosa ka kotsi e ka ’nang ea mo hlahela. Empa re ka boela ra mo thusa. Re lokela ho mo mamella le haeba a lieha ho nka keletso eo re mo fang eona e thehiloeng Bibeleng. Re lokela ho tšoana le mangeloi ane a mabeli. Ho e-na le hore re lahle Mokreste-’moho le rona kherehloa, re lokela ho batla litsela tsa hore na re ka mo thusa joang. (1 Joh. 3:​18) Ka tsela e itseng, re ka mo tšoara ka letsoho ebe re mo thusa hore a amohele keletso eo a e fuoeng.​—Bala 1 Bathesalonika 5:14.

7. Re ka etsisa Jehova joang tseleng eo a ileng a sebelisana le Lota ka eona?

7 Jehova a ka be a ile a ameha haholo ka liphoso tsa Lota. Ho e-na le hoo, o ile a bululela moapostola Petrose hore a bue ka Lota e le monna ea lokileng. Rea thaba ho tseba hore Jehova ha a ameha ka liphoso tsa rona. (Pes. 130:3) Na re ka khona ho etsisa Jehova tseleng eo a ileng a sebelisana le Lota ka eona? Haeba re ameha haholo ka makhabane a bara le barali babo rona, re tla khona ho ba mamella. Ha re etsa joalo, ho ka ba bonolo hore ba amohele keletso eo re tla ba fa eona.

E-BA LE KUTLOELO-BOHLOKO

8. Re ka bontša joang hore re utloela batho bohloko?

8 Ho fapana le Lota, Jobo ha aa ka a hlaheloa ke mathata ka lebaka la liqeto tse itseng tse fosahetseng tseo a li entseng. Empa o ile a hlaheloa ke mathata a mangata a akareletsang ho lahleheloa ke maruo a hae le boemo ba hae sechabeng, a ba a kula. Ho hobe le ho feta, eena le mohats’ae ba ile ba hlokahalloa ke bana bohle ba bona. Jobo o ile a boela a qosoa ke metsoalle ea hae e meraro ea bohata. Ke hobane’ng ha metsoalle ee e meraro ea Jobo e sa ka ea mo utloela bohloko? Ha ea ka ea leka ho utloisisa hore na ha e le hantle ho etsahala’ng ka eena. Ka lebaka leo, e ile ea iketsetsa liqeto tse fosahetseng eaba e ahlola Jobo ka bohata. Re ka qoba ho etsa phoso e tšoanang le ea eona joang? Re lokela ho hopola hore ke Jehova feela ea tsebang sesosa sa mathata a rona hantle. Kahoo, mamela ka hloko ha motho ea nang le mathata a u bolella ’ona. U se ke oa mamela lintho tseo a li buang feela, empa u leke ho ikenya lieteng tsa hae. Ho etsa joalo ke hona ho tla u thusa ho bontša hore u fela u utloela mora kapa morali’eno bohloko.

9. Re tla qoba ho etsa’ng haeba re utloela batho bohloko, hona hobane’ng?

9 Ho utloela batho bohloko ho tla re thusa hore re se ke ra hasa mathata ao batho ba bang ba thulaneng le ’ona. Motho ea sebang ba bang ha a momahanye phutheho, empa o etsa hore e be le maquloana. (Liprov. 20:​19; Bar. 14:​19) Ha se motho ea mosa le ea nahanelang, ’me mantsoe a hae a ka lematsa motho ea seng a ntse a utloile bohloko. (Liprov. 12:​18; Baef. 4:​31, 32) Ho ka ba molemo hore re shebe lintho tse ntle tseo batho ba li etsang, ebe re nahana hore na re ka ba thusa joang hore ba hlole mathata a bona.

Moholo o mametse mor’abo rona ea utloileng bohloko ea bileng a ntseng a bua puo e hlaha; hamorao ba otlolla maoto ’moho

Mamela ka hloko leha molumeli-’moho le uena a bua mantsoe a hlabang, ’me u mo khothatse ha monyetla o hlaha (Sheba serapa sa 10 le sa 11)c

10. Re ithuta’ng mantsoeng a ho Jobo 6:​2, 3?

10 Bala Jobo 6:​2, 3. Ka linako tse ling, Jobo o ile a bua “puo e hlaha.” Empa, hamorao o ile a lumela hore tse ling tsa lintho tseo a li buileng li fosahetse. (Jobo 42:6) Joaloka Jobo, le kajeno motho ea imetsoeng ke mathata a ka ’na a bua lintho tseo hamorao a ka ’nang a ikoahlaela tsona. Re tla etsa’ng ha seo se etsahala? Ho e-na le ho mo tšoara ka pelo, re lokela ho mo utloela bohloko. Re lokela ho hopola hore Jehova o ne a sa re bopela hore re khone ho mamella mathata le matšoenyeho ao re thulanang le ’ona mehleng ena. Kahoo, re lokela ho utloisisa ha mohlanka ea tšepahalang oa Jehova a bua a sa nahana nakong eo a tšoenyehileng haholo. Le haeba a ka bua lintho tse fosahetseng ka Jehova kapa ka rona, ha rea lokela ho potlakela ho mo koatela kapa ho mo jara ka pelo.​—Liprov. 19:11.

11. Baholo ba ka etsisa Elihu joang ha ba khalemela motho?

11 Ka linako tse ling, motho ea imetsoeng ke mathata o ntse a ka lokela ho khalemeloa. (Bagal. 6:1) Baholo ba ka mo khalemela joang? Ba lokela ho etsisa Elihu ea ileng a mamela Jobo ka hloko. (Jobo 33:​6, 7) Elihu o ile a khalemela Jobo ka mor’a hore a utloisise hore na ke hobane’ng ha Jobo a nahana joalo. Baholo ba etsisang mohlala oa Elihu ba mamela ka hloko e le hore ba utloisise boemo ba motho hantle. Ho etsa joalo ho thusa motho hore a khone ho amohela khalemelo eo ba mo fang eona.

BUA KA MOKHOA O TŠELISANG

12. Ho hlokahalloa ke monna le bara ba babeli ho ile ha tšoara Naomi joang?

12 Naomi o ne a tšepahala a bile a rata Jehova. Empa ka mor’a hore a hlokahalloe ke monna le bara ba babeli, o ne a se a batla ho fetola lebitso la hae hore a se hlole a bitsoa Naomi empa a bitsoe “Mara,” e bolelang “Ho utloa bohloko.” (Ruthe 1:​3, 5, 20, 21) Ruthe eo e neng e le ngoetsi ea Naomi o ile a lula le eena nakong eo e thata. Ruthe o ile a hlokomela Naomi ka lintho tseo a li hlokang, a ba a mo tšelisa. Ruthe o ile a bontša hore o rata Naomi ebile oa mo tšehetsa ka tsela eo a neng a bua le eena ka eona.​—Ruthe 1:​16, 17.

13. Ke hobane’ng ha batho ba hlokahaletsoeng ke balekane ba hloka tšehetso ea rona?

13 Motho ea hlokahaletsoeng ke molekane ka phuthehong o hloka tšehetso ea rona. Banyalani ba ka tšoantšoa le lifate tse peli tse hotseng li bapile. Ha nako e ntse e ea, metso ea lifate tseo ea kopana. Ha sefate se seng se fotholoa ka metso se bile se e-shoa, se setseng se tla ba le mathata. Ka tsela e tšoanang, ha motho a hlokahalloa ke molekane a ka ’na a sithabela ka nako e telele. ’Mè Paula,b eo mohats’ae a ileng a hlokahala sekirileke, o re: “Bophelo ba ka bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo, ’me ka ikutloa ke se na thuso. Ke ile ka lahleheloa ke motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo. Ke ne ke bua le mohats’aka ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. O ne a e-oa a tsoha le ’na maemong ’ohle. E ne e le seikokotlelo sa ka ha ho le thata. Ruri ke ne ke utloa eka ke sehiloe ka lehare!”

Mor’abo rona ea hlokahaletsoeng ke mohats’ae oa tšeliseha ha a ntse a bua ka mohats’ae le banyalani ba bang ba shebile lifoto

Re ka tšehetsa batho ba hlokahaletsoeng ke balekane joang? (Sheba serapa sa 14 le sa 15)d

14-15. Re ka tšelisa motho ea hlokahaletsoeng ke molekane joang?

14 Re ka tšelisa motho ea hlokahaletsoeng ke molekane joang? Ntho ea pele ke ho bua le eena, esita le haeba re sa kholiseha hore na re tl’o re’ng. ’Mè Paula, eo re buileng ka eena pejana, o re: “Kea utloisisa hore lefu le etsa hore batho ba se ke ba tseba hore na ba re’ng. Ba tšoenyeha ka hore ba ka ’na ba bua ntho e ka utloisang motho bohloko. Empa ntho e bohloko ka ho fetisisa ke haeba ba sa bue hohang.” Mohlomong motho ea siameng ha aa lebella hore re bue ntho e nang le kelello hakaalo-kaalo. ’Mè Paula o re: “Ke ne ke utloa ke khotsofetse ha motho a fihla a re feela, ‘Ke masoabi ka se u hlahetseng.’ ”

15 Ntate William ea seng a e-na le nako mohats’ae a hlokahetse, o re: “Kea thaba ha batho ba fihla ba mphetela lintho tse ntle tseo ba li hopolang ka mohats’aka, kaha seo sea ntiisetsa hore o ne a ratoa a bile a hlomphuoa. Matšeliso ana a nthusitse haholo. Mantsoe a bona a ne a nkhothatsa hobane ke ne ke rata mohats’aka haholo.” ’Mè Bianca oa mohlolohali o re: “Ke ee ke utloe ke tšeliseha ha batho ba rapela le ’na ba bile ba mpalla litemana tse seng kae. Baa nthusa ha ba bua ka mohats’aka ’me ba ’mamela le ’na ha ke bua ka eena.”

16. (a) Re ka thusa batho ba hlokahaletsoeng ke baratuoa ba bona joang? (b) Jakobo 1:​27 e re re na le boikarabelo bofe?

16 Feela joalokaha Ruthe a ile a lula a le haufi le Naomi oa mohlolohali, re lokela ho lula re tšehetsa batho ba hlokahaletsoeng ke baratuoa ba bona. ’Mè Paula, o re: “Hang ka mor’a hore mohats’aka a hlokahale, batho ba bangata ba ile ba ntšehetsa haholo. Ho e-s’o ee kae, ba ile ba nkapoha. Empa bophelo ba ka bo ne bo fetohile ka ho feletseng. Ho thusa haholo ha batho ba hlokomela hore motho ea siameng o ntse a hloka tšehetso esita le ka mor’a likhoeli, kapa lilemo ka mor’a moo.” Leha ho le joalo, batho ha ba tšoane. Ba bang ba ka ’na ba tloaela maemo a macha ka mor’a nako e khutšoanyane. Ha ba bang bona ba khutlisetsoa morao ke ha ho hlaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ba hopotsang moratuoa oa bona. Batho ba siama ka litsela tse fapaneng. A re luleng re hopola hore Jehova o re file tlotla le boikarabelo ba ho hlokomela batho ba hlokahaletsoeng ke balekane ba bona.​—Bala Jakobo 1:27.

17. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšehetsa batho bao balekane ba bona ba ba siileng?

17 Batho ba bang ba lokela ho mamella bohloko ba ha molekane oa bona a ba siea. ’Mè Joyce eo mohats’ae a ileng a mo siea a ea nyala mosali e mong, o re: “Bohloko boo ke ileng ka bo utloa bo ne bo tebile hoo ke neng ke utloa eka ho ne ho ka ba molemo hoja ebe o ne a hlokahetse. Hoja ebe o ile a hlaheloa ke kotsi eaba oa hlokahala kapa ebe o ile a kula, bonyane e ne e tla be e se ntho eo a ikhethetseng eona. Empa mona teng o ikhethetse ho ntšiea. Ke ne ke utloa a ntlotlolotse a bile a ntheotse seriti.”

18. Re ka etsa’ng ho thusa batho bao balekane ba bona ba ba siileng?

18 Ha re thusa batho bao balekane ba bona ba ba siileng, rea ba kholisa hore re ntse re ba rata. Kaha joale ba se ba le bang, ba hloka metsoalle ea sebele. (Liprov. 17:​17) U ka bontša joang hore u fela u le motsoalle oa bona? U ka ba memela lijong. U ka ba oa ithaopela ho ea le bona boithabisong kapa tšimong. Ka linako tse ling u ka ba memela borapeling ba lona ba lelapa. Ha u etsa lintho tsena, u tla thabisa Jehova hobane “o haufi le ba lipelo li robehileng,” ebile ke Ntate oa bahlolohali.​—Pes. 34:​18; 68:5.

19. 1 Petrose 3:8 e re re lokela ho etsa’ng?

19 Haufinyane, ha ’Muso oa Molimo o se o busa lefatše, “mahlomola [’ohle] a tla be a lebetsoe.” Re letetse ka tjantjello nako eo “lintho tsa pele li ke [keng] tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esa. 65:​16, 17) Ho fihlela nako eo e fihla, e se eka re ka lula re bontša hore rea tšehetsana le ho ratana ka lintho tseo re li etsang le tseo re li buang.​—Bala 1 Petrose 3:8.

U KA ARABA JOANG?

  • Re ka ithuta’ng tseleng eo Jehova a ileng a thusa Lota le Jobo ka eona?

  • Re ithuta’ng mohlaleng oa Naomi?

  • Re ka tšehetsa batho ba seng ba se na balekane joang?

PINA EA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba

a Le hoja Lota, Jobo le Naomi ba ne ba sebeletsa Jehova ka botšepehi, ba ile ba tlameha ho mamella mathata a mangata bophelong ba bona. Sehloohong sena, re tl’o thusoa ho bona hore na re ka ithuta’ng mehlaleng ea bona. Re tla boela re bone hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re be le mamello le kutloelo-bohloko re be re bue ka mokhoa o tšelisang ha re e-na le bara le barali babo rona ba tšoenyehileng.

b Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

c TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o utloile bohloko haholo o bile o bua “puo e hlaha,” ’me moholo o mo mametse ka hloko. Hamorao, ha mor’abo rona eo a se a khobile matšoafo, moholo o mo khalemela ka tsela e mosa.

d TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Banyalani ba bang ba na le mor’abo rona ea sa tsoa hlokahalloa ke mohats’ae. Ba ntse ba bua ka lintho tse thabisang tseo ba li hopolang ka eena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela