SEHLOOHO SE ITHUTOANG 46
Na U Lula U Hlokometse Thebe ea Hao e Kholo ea Tumelo?
“Le nke thebe e kholo ea tumelo.”—BAEF. 6:16.
PINA EA 119 Re Lokela ho ba le Tumelo
SELELEKELAa
1-2. (a) Ho ea ka Baefese 6:16, ke hobane’ng ha re hloka ho ba le “thebe e kholo ea tumelo”? (b) Re tl’o araba lipotso life?
NA U na le “thebe e kholo ea tumelo”? (Bala Baefese 6:16.) Re kholisehile hore u na le eona. Joalokaha thebe e kholo e sireletsa ’mele oohle, ka tsela e tšoanang le tumelo ea rona e re sireletsa khahlanong le boitšoaro bo bobe, lintoa le lintho tsohle tseo Molimo a sa li rateng.
2 Empa kaha re phela “matsatsing a ho qetela,” tumelo ea rona e tla lula e lekoa. (2 Tim. 3:1) U ka etsa’ng e le hore u tsebe hore na thebe ea hao ea tumelo e ntse e le matla? Hona u ka etsa’ng e le hore u lule u e-na le tumelo e matla? Sehloohong sena re tl’o araba lipotso tsena.
HLAHLOBA THEBE EA HAO KA HLOKO
Ka mor’a ntoa, masole a ne a etsa bonnete ba hore a lokisa lithebe tsa ’ona (Sheba serapa sa 3)
3. Masole a ne a etsa’ng lithebe tsa ’ona, hona hobane’ng?
3 Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, hangata masole a ne a e-na le lithebe tse koahetsoeng ka letlalo. A ne a li tlotsa ka oli e le hore matlalo a lithebe a se ke a senyeha le hore likarolo tse entsoeng ka tšepe li se ke tsa ba mafome. Haeba lesole le ne le hlokomela hore thebe ea lona e senyehile, le ne le etsa bonnete ba hore le ea e lokisa e le hore le lule le le malala-a-laotsoe ha ho ka ba le ntoa. Re ka bapisa mohlala oo joang le tumelo ea rona?
4. Ke hobane’ng ha u lokela ho hlahloba thebe ea hao ea tumelo, hona u ka etsa joalo joang?
4 Joaloka masole a boholo-holo, u lokela hore nako le nako u hlahlobe thebe ea hao ea tumelo u be u e lokise e le hore u ka lula u le malala-a-laotsoe bakeng sa ntoa. Bakreste ba loana ntoa ea moea ’me lira tsa bona li akareletsa meea e khopo. (Baef. 6:10-12) Ha ho na motho ea ka u lokisetsang thebe ea hao ea tumelo. U ka tseba joang hore u tla ba le tumelo e matla ha u lekoa? Pele ho tsohle, rapela Jehova hore a u thuse. Ka mor’a moo, u sebelise Bibele ho u thusa ho ipona kamoo Molimo a u bonang kateng. (Baheb. 4:12) Bibele e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.” (Liprov. 3:5, 6) U ntse u nahanne ka temana eo, ke hobane’ng ha u sa hlahlobe bocha tse ling tsa liqeto tseo u sa tsoa li etsa haufinyane? Mohlala, na u ile oa thulana le mathata a lichelete? Ha u ntse u leka ho sebetsana le bothata boo, na u ile oa nahana ka tšepiso ea Jehova e hlahang ho Baheberu 13:5 e reng, “ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla”? Na tšepiso eo e ile ea u kholisa hore Jehova o tla u thusa? Haeba ho joalo, taba eo e bontša hore u bolokile thebe ea hao ea tumelo e le maemong a matle.
5. U ka ’na oa elelloa eng ha u hlahloba tumelo ea hao?
5 U ka ’na oa makatsoa ke lintho tseo u tla li elelloa ha u ntse u hlahloba tumelo ea hao. U ka elelloa mefokolo e itseng eo u neng u sa tsebe hore u na le eona. Mohlala, u ka ’na oa hlokomela hore lintho tse kang ho tšoenyeha ho tlola, mashano le ho nyahama li entse hore tumelo ea hao e thefulehe. Haeba u kile oa etsahalloa ke lintho tse kang tsee, u ka etsa’ng hore u sireletse tumelo ea hao e le hore e se ke ea thefuleha?
ITŠIRELETSE KHAHLANONG LE HO TŠOENYEHA HO TLOLA, MASHANO LE HO NYAHAMA
6. Ke lintho life tseo ho leng hotle ho tšoenyeha ka tsona?
6 Ke ntho e ntle ho tšoenyeha ka lintho tse itseng. Ka mohlala, ke ntho e ntle ho tšoenyeha ka ho khahlisa Jehova le Jesu. (1 Bakor. 7:32) Haeba re entse sebe se tebileng, re tšoenyeha ka ho lokisa kamano ea rona le Molimo. (Pes. 38:18) Re boetse re tšoenyeha ka ho khahlisa balekane ba rona, ho hlokomela malapa a rona le Bakreste-’moho le rona.—1 Bakor. 7:33; 2 Bakor. 11:28.
7. Ho ea ka Liproverbia 29:25, ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšaba batho?
7 Ka lehlakoreng le leng, ho tšoenyeha haholo ho ka thefula tumelo ea rona. Mohlala, re ka ’na ra lula re tšoenyeha ka ho ba le lijo tse lekaneng le liaparo. (Mat. 6:31, 32) Kahoo, re ka ’na ra iphumana re se re shebane feela le mokhoa oa ho ba le lintho tseo. Re ka ba ra iphumana re se re rata maruo. Haeba re itumella hore lintho tsena li re etsahalle, tumelo ea rona ho Jehova e tla fokola ’me setsoalle sa rona le eena se tla senyeha. (Mar. 4:19; 1 Tim. 6:10) Kapa re ka tšoenyeha haholo ka ho batla ho amoheloa ke batho. Re ka tšaba ho sonngoa kapa ho hlorisoa ke batho hoo re ka nkang ho khahlisa Jehova e se e se ntho ea bohlokoa. E le hore re itšireletse lerabeng leo, re tlameha ho kopa Jehova hore a re fe tumelo le sebete sa hore re hlole bothata boo.—Bala Liproverbia 29:25; Luka 17:5.
(Sheba serapa sa 8)b
8. Re lokela ho etsa’ng haeba batho ba qala ho bua mashano ka rona?
8 Satane e leng “ntate oa leshano,” o sebelisa batho bohle ba tlas’a taolo ea hae ho hasa mashano ka Jehova le Bakreste-’moho le rona. (Joh. 8:44) Mohlala, bakoenehi ba hasa mashano le ho senya mokhatlo oa Jehova lebitso liwebsaeteng, thelevisheneng le mecheng e meng ea liphatlalatso. Mashano ao ke a mang a “metsu . . . e tukang” ea Satane. (Baef. 6:16) Re lokela ho etsa’ng haeba motho e mong a qala ho bua le rona ka mashano a kang aa? Re ke ke ra mo mamela ho hang! Hobane’ng? Hobane re na le tumelo ho Jehova hape re tšepa Bakreste-’moho le rona. Ha e le hantle, ha ho na kae kapa kae moo re kopantšanang le bakoenehi teng. Ha re phehe khang le bakoenehi ka eng kapa eng kapa hona ho khalla ho utloa hore na ba reng.
9. Ho nyahama ho ka re ama joang?
9 Ho nyahama ho ka fokolisa tumelo ea rona. Re ke ke ra iphapanyetsa mathata a rona. Ha e le hantle, re tla be re se na boikarabelo ha re ka iphapanyetsa ’ona. ’Me ho ka etsahala hore ka linako tse ling re ikutloe re nyahame. Empa ha rea lokela ho lula re nahana ka mathata a rona nako eohle. Haeba re lula re nahana ka ’ona, re ka lebala lintho tse ntle tseo Jehova a re tšepisitseng tsona. (Tšen. 21:3, 4) Re ka nyahama hoo re ka felloang ke matla ra ba ra khaotsa ho sebeletsa Jehova. (Liprov. 24:10) Empa ha rea lokela ho itumella hore re hlaheloe ke ntho e joalo.
10. U ithutile’ng lengolong leo morali’abo rona a le ngotseng?
10 Nahana ka mohlala oa morali’abo rona e mong oa United States ea loanang ka thata hore a be le tumelo e matla, le hoja a ntse a hlokometse molekane oa hae ea kulang haholo. Lengolong leo a neng a le ngoletse ba ntlo-kholo, o ne a itse: “Boemo ba rona boa hlobaetsa hape boa nyahamisa ka linako tse ling, empa tumelo ea rona e matla. Ke leboha Jehova ka lintho tsohle tseo a re fang tsona ho matlafatsa tumelo ea rona le ho re khothatsa. Kannete re hloka ho eletsoa le ho khothatsoa ka tsela ena. Ho etsa hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova le ho mamella liteko tseo Satane a fokolisang tumelo ea rona ka tsona.” Rea ithuta ho morali enoa oabo rona hore re ka hlola bothata ba ho nyahama. Joang? Lula u hopola hore mathata a hao ke liteko tse tsoang ho Satane. Kholiseha hore Jehova o tla u tšelisa. Hape u ananele lijo tseo Jehova a re fang tsona ka mokhatlo oa hae.
Na u ntse u hlokometse “thebe e kholo ea tumelo” ea hao? (Sheba serapa sa 11)c
11. Re lokela ho ipotsa lipotso life, e le ho bona hore na re na le tumelo e matla?
11 Na u bona eka u hloka ho ba le tumelo e matla haholoanyane? Likhoeling tse ’maloa tse fetileng, na u ile oa khona ho qoba ho tšoenyeha haholo? Na u ile oa qoba ho mamela kapa ho pheha khang le bakoenehi ka mashano ao ba a hasang? Hape, na u ile oa hlola bothata ba ho nyahama? Haeba ho joalo, u na le tumelo e matla. Empa re lokela ho lula re itebetse hobane Satane o na le libetsa tse ling tseo a li sebelisang ho re hlasela. A re ke re bueng ka se seng sa tsona.
ITEBELE HORE U SE KE OA RATA MARUO
12. Ho tla etsahala’ng haeba re rata maruo?
12 Haeba re rata maruo, tumelo ea rona e tla fokola hape re ke ke ra sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ha ho monna ea sebeletsang e le lesole ea ikenyang likhoebong tsa bophelo, e le hore a ka fumana kamohelo ea ea mo ngolisitseng.” (2 Tim. 2:4) Ha e le hantle, masole a Roma a ne a sa lumelloa hore a be le mesebetsi e meng. Ho ne ho tla etsahala’ng haeba lesole le ne le ke ke la mamela taelo eo?
13. Ke hobane’ng ha lesole le ne le sa lokela ho etsa mesebetsi e meng?
13 Nahana ka mohlala ona. Ke hoseng ’me masole a ntse a ikoetlisetsa ntoa empa le leng ha le eo. Lesole leo le ntse le rekisa lijo toropong. Ha e e-ba mantsiboea, masole a mang a hlahloba lihlomo tsa ’ona le ho leotsa lisabole. Empa lane le rekisang lijo, le qeta nako le ntse le lokisa lijo tseo le tla li rekisa letsatsi le hlahlamang. Ka tšohanyetso letsatsing le hlahlamang, ba lireng ba hlasela masole ao. U nahana hore ke lesole lefe le tla ipabola ebe le thabisa molaoli oa lona? Haeba u ne u le teng ntoeng eo, u ne u tla thabela ho ema pel’a lesole lefe?
14. Joaloka masole a Kreste, ke’ng eo e leng ea bohlokoa ho rona?
14 Re batla ho tšoana le masole a lulang a itokisitse, ka hore re se ke ra lumella eng kapa eng ho re sitisa ho thabisa balaoli ba rona, e leng Jehova le Jesu. Ho amoheloa ke bona, ke ntho ea bohlokoa ho feta eng kapa eng eo re ka bang le eona lefatšeng lena la Satane. Re etsa bonnete ba hore re na le nako le matla ao re a hlokang ho sebeletsa Jehova le ho boloka thebe ea rona ea tumelo le lihlomo tse ling tsa rona tsa moea li le boemong bo botle.
15. Pauluse o ile a re lemosa ka eng, hona hobane’ng?
15 Leha ho le joalo, re lokela ho lula re itebetse. Hobane’ng? Moapostola Pauluse o ile a lemosa batho “ba ikemiselitseng ho rua” hore ba tla ‘khelosoa tumelong.’ (1 Tim. 6:9, 10) Poleloana e reng “ba khelositsoe,” e bontša hore re ka qetella re tsepamisitse likelello tsa rona linthong tseo re sa li hlokeng. Re ka qetella re se re oetse “lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello.” Kahoo, re lokela ho hopola hore Satane o sebelisa litakatso tseo ho fokolisa tumelo ea rona.
16. Tlaleho e ho Mareka 10:17-22, e etsa hore re ipotse lipotso life?
16 A re re mohlomong re na le chelete ea ho reka lintho tse ngata. Na re tla be re etsa phoso ha re reka lintho tseo re li batlang empa ha e le hantle re sa li hloke? Che. Empa ak’u nahane ka lipotso tsena: Esita le haeba u khona ho reka ntho e itseng, na u tla ba le nako le matla a ho e sebelisa le ho e lokisa? Hape, na ha u na qetella u se u rata lintho tseo u nang le tsona ho feta tekano? Na ho rata maruo ho ka etsa hore re be joaloka monna e mong ea ileng a hana memo ea Jesu ea ho sebeletsa Molimo haholoanyane? (Bala Mareka 10:17-22.) Kannete ho molemo hore re phele ka tsela e tla re lumella hore re sebelise nako le matla a rona ho etsa thato ea Molimo.
TŠOARA THEBE EA HAO EA TUMELOKA THATA
17. Ha rea lokela ho lebala’ng?
17 Ha rea lokela ho lebala hore re ntoeng hape re lokela ho lula re le malala-a-laotsoe ho loana letsatsi le leng le le leng. (Tšen. 12:17) Bara le barali babo rona ba ke ke ba re nkela lithebe tsa rona tsa tumelo. Empa ke rona ba lokelang ho itšoarela tsona ka thata.
18. Ke hobane’ng ha masole a ne a tšoara lithebe tsa ’ona ka thata?
18 Mehleng ea boholo-holo, lesole le ne le tlotloa ha le bontšitse sebete ntoeng. Empa e ne e ne e le ntho e hlabisang lihlong ha le ne le ka khutlela hae le sa nka thebe ea lona. Rahistori oa Moroma ea bitsoang Tacitus o re: “E ne e e-ba thohako haeba lesole le ne le khutlela hae le sa nka thebe.” Lena ke le leng la mabaka ao ka ’ona masole a neng a tšoara lithebe ka thata.
Morali’abo rona o tšoere ka thata thebe ea hae ea tumelo ka hore a rapele Jehova ha a bala Bibele, a ee libokeng kamehla le ho ikakhela ka setotsoana boboleling (Sheba serapa sa 19)
19. Re ka tšoara thebe ea rona ea tumelo ka thata joang?
19 Re tšoara thebe ea rona ea tumelo ka thata ka hore re be teng libokeng tsa Bokreste kamehla le ho bolella batho ba bang ka Jehova le ’Muso oa hae. (Baheb. 10:23-25) Re boetse re bala Bibele letsatsi le letsatsi le ho rapela Jehova hore a re thuse ho phela ka melao-motheo ea hae. (2 Tim. 3:16, 17) Ka tsela ena, sebetsa le ha e le sefe seo Satane a tla se sebelisa khahlanong le rona se ke ke sa re ntša kotsi ho ea ho ile. (Esa. 54:17) “Thebe e kholo ea tumelo” ea rona e tla re sireletsa. Ka sebete re tla sebetsa hammoho le Bakreste-’moho le rona. Re ke ke ra hlola ntoa eo re e loanang letsatsi le letsatsi feela empa re tla ba le tlotla ea ho ba ka lehlakoreng la Jesu ha a hlola Satane le bo-mphato ba hae.—Tšen. 17:14; 20:10.
PINA EA 118 Re Thuse ho ba le Tumelo
a Masole a ne a hloka lithebe ho itšireletsa e le hore a se ke a lemala. Tumelo ea rona e tšoana le thebe. Joalokaha masole a ne a lokela ho hlokomela lithebe tsa ’ona, le rona re lokela ho etsa bonnete ba hore tumelo ea rona e lula e le matla. Sehloohong sena, re tl’o bona hore na re ka etsa bonnete ba hore thebe ea rona e kholo ea tumelo e lula e le maemong a matle joang.
b TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Nakong eo ho hlahang tlaleho ea bakoenehi ba buang mashano ka rona, lelapa la Lipaki le tima thelevishene hang-hang.
c TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Hamorao, nakong ea borapeli ba lelapa, Ntate o sebelisa Bibele ho matlafatsa tumelo ea lelapa la hae.