Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w19 December leq. 14
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Bofebe
    Tsoha!—2015
  • Kamoo ho ka Sebetsanoang le Peto ka Katleho
    Tsoha!—1993
  • Seo e Leng ’Nete ka Peto
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
w19 December leq. 14

Lipotso Tse Tsoang Ho Babali

Bibele e re ho hlokahala bonyane lipaki tse peli tse tiisang taba e le hore e ka sebetsoa. (Num. 35:​30; Deut. 17:6; 19:​15; Mat. 18:​16; 1 Tim. 5:​19) Empa tlas’a molao oa Moshe, haeba monna a ne a ka beta ngoanana ea lebelelitsoeng ba le ‘masimong’ ebe ngoanana eo oa hoeletsa, o ne a sa be le molato oa bofebe empa monna eo eena o ne a e-ba le oona. Ke hobane’ng ha ho ne ho thoe monna eo o molato ha ngoanana eena a se molato le hoja ho ne ho se na lipaki?

Tlaleho e ho Deuteronoma 22:​25-27 ha e bue ka ho paka hore na monna eo o molato kapa che hobane o ne a se a ntse a nkoa a le molato. Molao oo o ne o fana ka bopaki ba hore ngoanana eo ha a na molato. A re ke re hlahlobeng litemana tsena hantle.

Litemana tse tlang pele ho tseo, li bua ka monna ea ileng a etsa thobalano le ngoanana ea lebelelitsoeng “motseng.” Ka ho etsa joalo, monna eo o ne a le molato oa bofebe kaha ngoanana eo o ne a nkoa a se a ntse a nyetsoe. Empa ho thoeng ka ngoanana eo? ‘Ha a ka a hoeletsa.’ Haeba a ne a hoelelitse, batho ba bang ba ka be ba mo utloile eaba baa mo thusa. Empa ha a ka a hoeletsa. Ka bobeli ba ne ba entse bofebe ’me ba ne ba nkoa ba le molato.​—Deut. 22:​23, 24.

Molao o latelang o bua ka taba e fapaneng, o re: “Leha ho le joalo, haeba monna a fumane ngoanana ea lebelelitsoeng a le tšimong, eaba monna eo oa mo tšoara ’me o robala le eena, monna ea robetseng le eena o tla shoa a le mong, ’me u se ke ua etsa ngoanana eo letho. Ngoanana eo ha a na sebe se lokeloang ke lefu, hobane feela joalokaha monna a tsohela oa habo matla ’me a mo bolaea, a bolaea moea, ho joalo le tabeng ena. Etsoe o mo fumane tšimong. Ngoanana ea lebelelitsoeng o ile a hoeletsa, empa ho ne ho se ea mo pholosang.”​—Deut. 22:​25-27.

Boemong bona baahloli ba ne ba kholoa ngoanana eo. Hobane’ng? Ho ne ho nkoa hore o ile a hoeletsa “empa ho ne ho se ea mo pholosang.” Kahoo, o ne a sa etsa bofebe. Leha ho le joalo, monna eo eena o ne a nkoa a le molato hobane o ne a betile ngoanana eo ea lebelelitsoeng.

Ka lebaka leo, le hoja molao o ne o leka ho thusa ho fana ka bopaki ba hore ngoanana ha a na molato, tlaleho eo e ne e hlalosa ka ho hlaka hore monna eo o molato oa peto le bofebe. Re ka kholiseha hore baahloli ba ne ba tla ‘batlisisa’ taba eo hantle ’me ba etse qeto ba ipapisitse le molao oa Jehova oo a ileng a o pheta ka makhetlo-khetlo.​—Deut. 13:​14; 17:4; Ex. 20:14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela