Khothalletsa Liithuti Tsa Bibele ho Hatela Pele
1 Lefatše le nahana ka khatelo-pele haholo-holo thutong ea mahlale a lintho tse sebelisoang kapa ea lintho tse bonahalang. Empa batho ba Jehova ha ba joalo. Ho fapana le hoo, re ikitlaelletsa hore re hatele pele moeeng. Re thabetse hore ebe re fumane khothatso e re tataiselitseng ho fetoha barutuoa ba Kreste ba mafolo-folo le ba behang litholoana.—Joh. 15:8; 2 Pet. 1:5-8.
2 Ka Melaetseng e Molemo lentsoe “morutuoa” le sebelisoa haholo-holo ho ba sa lumeleng lithutong tsa Kreste feela empa ba boetse ba li latela haufi-ufi. (Matt. 28:19, 20) Na liithuti tsa Bibele li utloisisa ’nete eo? Re ka li khothalletsa joang ho hatela pele hore li fetohe barutuoa?
LEBISA THAHASELLO MOKHATLONG O HLOPHISITSOENG
3 Khatelo-pele ea seithuti ka sebele e amana le kananelo ea sona bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka hona, karolo e ’ngoe ea boikarabelo ba rōna re le matichere ke ho lebisa thahasello ea seithuti mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo. Ka lilemo-lemo re ’nile ra khothalletsoa ho sebelisa metsotso e mehlano kapa e leshome nakong ea thuto e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele ho hlalosa ntho e itseng ka mokhatlo o hlophisitsoeng. Bukana e lekanang le makasine Lipaki tsa Jehova—Li Etsa Thato ea Molimo li Kopane Lefatšeng ka Bophara e fana ka motheo o motle ka ho fetisisa bakeng sa ho etsa sena. Na seithuti sa hao sa Bibele se na le kopi eo? Haeba ho se joalo, tiisa hore se e fumana hang hang. Se khothalletse ho e bala, ’me u se hlalosetse hore le tla hlahloba karolo e nyenyane feela ea eona nakong ea thuto e ’ngoe le e ’ngoe.
4 Boitsebiso bo leng ho maqephe 14 le 15 a bukana e lekanang le makasine Li Etsa Thato ea Molimo bo etselitsoe ho haha kananelo bakeng sa seboka se seng le se seng sa phutheho. Ke hobane’ng ha le sa akaretse serapa se le seng kapa tse peli feela beke e ’ngoe le e ’ngoe? Bontša kamoo seboka ka seng se fanang ka koetliso le thupelo bakeng sa ho tlatsa tlhoko e khethehileng. Thusa seithuti ho bona hore khōlo ea moea e tlisoa ke “ho bōkana ha rōna hammoho.” (Ba-Heb. 10:24, 25, NW) Ka mofuthu se khothalletse ho kopanela le rōna Holong ea ’Muso. Mono se tla latsoa ka bosona bonngoe le lerato tseo re li thabelang re le batho ba Jehova ba phuthehileng.—Pes. 133:1; Joh. 13:35.
SUSUMETSA KHŌLO EA MOEA
5 Ho hlokahala hore ba bacha ’neteng ba fetohe liithuti tsa ’nete tsa Lentsoe la Molimo, ba hatele pele tsebong, kutloisisong, le tšebelisong ea melao-motheo ea lona. Ka lebaka lena re tla tsoela pele ho ithuta buka Phela ka ho sa Feleng le Ho Kopana Borapeling kapa Khotso ea ’Nete esita leha seithuti seo se kolobetsoa pele se qeta likhatiso tsena. Seithuti se ka fumana likopi tsa libuka tsena esita le haeba se ke ke sa qalisa ho ithuta buka ea bobeli likhoeling tse ’maloa. Hona ho ka ’na ha leotsa takatso ea sona ea lijo tsa moea, hoa se susumelletsa ho bala ho eketsehileng ho tla potlakisa khatelo-pele ea sona. Hape, re lokela ho buella molemo oa ho ba le lipeeletso tsa Molula-Qhooa le Tsoha! le ho fumana likhatiso tse ling tsa Mokhatlo e le hore se ka ba nakong ka “tekanyo ea lijo ka nako e loketseng.” (Luka 12:42, NW) Ba etsang joalo ba tla tiea, ba tla haheha, le ho tsitsa tumelong.—Ba-Kol. 2:7.
6 Liithuti tsa Bibele li hloka thuso ea rōna e le hore li tle li hōle tsebong, hobane hamorao e tla ba Lipaki tsa Jehova hammoho le rōna. (Ba-Heb. 5:14) Re lokela ho fana ka pabatso e loketseng e le ho khothalletsa khatelo-pele. (Ba-Fil. 3:16) Na se kopanela lintho tseo se ithutang tsona le lelapa le batho bao se tloaelaneng le bona? Haeba se tšoaneleha, na se se se kopanetse Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? Na se lakatsa ho fetoha mohoeletsi oa litaba tse molemo?
7 Haeba rōna re le matichere re phetha karolo ea rōna, re ka lebella tlhohonolofatso ea Jehova e enneng. (2 Ba-Kor. 9:6) Ha ho mohla re lokelang ho lebala matla a thapelo molemong oa liithuti tsa Bibele. Kōpa Jehova hore a li tataise hore li arabele ho seo li ithutang sona. (1 Ba-Kor. 3:6, 7) E se eka li ka nka khato e tiileng hore li kopanele ka mafolo-folo le phutheho ka hona li eketse tlotliso le thoriso lebitsong la Jehova.