Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo—Ka Limakasine Tšimong e Akaretsoang Khafetsa
1 Ho Liketso 8:25 re bala hore Petrose le Johanne ba ile ba fana ka bopaki bo phethahetseng Samaria eaba ba bolela ‘litaba tse molemo metsaneng e mengata.’ Kajeno, le rōna re lokela ho ba mafolo-folo ha re akaretsa tšimo e abetsoeng phutheho ea rōna e le hore ho ka fanoa ka bopaki bo phethahetseng.
2 Ka lebaka la khōlo e potlakileng lenaneng la bahoeletsi, joale liphutheho tse ngata li akaretsa tšimo ea tsona ka makhetlo-khetlo. Le hoja qalong re ka ba le boikutlo ba ho tsila-tsila ka ho sebetsa masimo khafetsa, ha hoa lokela ho ba joalo. Tokollong e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa le Tsoha!, ka mehla ho na le lihlooho tse ncha le tse hapang thahasello tseo re ka li arolelanang le batho ba leng tšimong ea rōna. Hape, kaha re akaretsa tšimo ea rōna khafetsa, re ba le monyetla oa ho sebelisa nako e eketsehileng lelapeng le leng le le leng.
BUISANA LE BATHO
3 Ho ’nile ha sebelisoa linehelano tse khutšoanyane haholo tsa limakasine e le hore re ka akaretsa tšimo ea rōna kaofela le ho aba limakasine tse ngata haholo. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore haholo-holo bahoeletsi ba sebetsang masimo a akaretsoang khafetsa ba iphe nako e eketsehileng ea ho buisana le beng ba matlo. Esita le bana ba ka hlalosa ka ho qaqileng se hapileng thahasello ea bona sehloohong se itseng. See se ka finyelloa joang? Ke habohlokoa hore re tsebe lihlooho tse leng limakasineng. Sena se hloka nako le ho nahana esale pele. Ha u bala limakasine, hlahloba hore na ke eng se tla ipiletsa ho batho ba leng tšimong ea heno. Joale, pele u ea tšebeletsong, lekola limakasine ’me u khethe lihlooho tseo u tla li buella. Hlahloba hore na ke sehlooho sefe seo u tla se buella ha u teana le maemo a sa tšoaneng malapeng. Sebelisa se seng sa lihlooho tse ntle se leng makasineng e le moko-taba kenyelletsong ea hao. Fatisisa lipono tsa mong’a ntlo ka puisano e nang le botsoalle.
HOPOLA SEPHEO SA RŌNA
4 Sepheo sa rōna sa ho ea ka ntlo le ntlo ha se ho bona hore na re tla tsamaisa limakasine kapa libuka tse ngata hakae. Takatso ea rōna ke ho thusa ba bang ho ba le tsebo e nepahetseng ea ’nete. Petrose le Johanne ba ile ba bolella Basamaria lentsoe la Jehova ka mokhoa o phethahetseng, ’me le rōna ka ho tšoanang re batla ho sebelisa nako e hlokahalang ho kholiseha hore batho ba leng tšimong ea rōna ba fumana monyetla oa ho arabela ’neteng.
5 Ka ho sebelisa limakasine ka katleho e le motheo oa lipuisano tsa rōna, re ka finyella sepheo sena. Re lokela ho ithapella le ho rapella ba bang hore re fuoe “matla a ho bua . . . ho tsebahatsa sephiri se halalelang sa litaba tse molemo, . . . ka sebete.”—Ba-Ef. 6:18-20, NW.