Litaba Tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Phutheho ea Molapo e Soweto e ile ea thaba haholo ka ho nehela Holo ea eona ea ’Muso ka December. Baithaopi ba nang le tsebo ba ile ba thusa ho aha moaho ka kakaretso oa holo ka mafelo-beke a le mang. Port Elizabeth, phutheho ea Westering le eona e ile ea qeta ea ba ea nehela Holo ea eona ea ’Muso nako e sa le teng.
Barbados: Batho ba 5 538 ba ile ba ba teng likopanong tse ’nè tsa setereke tse ileng tsa tšoaroa ’me ho ile ha kolobetsoa ba 83. Kakaretso ea bahoeletsi ba 2 987 e ile ea tlaleha tšebeletso ka August.
Madagascar: Ho tlalehiloe tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 4 005 ka August, ’me bahoeletsi ba phutheho ba entse karolelano ea lihora tse 14 tšebeletsong ea tšimo.
Taiwan: Batho ba etsang palo e kopaneng ea 3 817, ba bile teng likopanong tse peli tsa setereke ’me ha kolobetsoa ba 67. Bahoeletsi ba 1 900 ba ile ba tlaleha tšebeletso ka August.