Litaba tsa Puso ea Molimo
Cambodia: Ka February 8, 1993, ho ile ha amoheloa tokomane ea molao e fanang ka tumello ea ho haha ofisi bakeng sa mosebetsi oa rōna ’me e fana ka monyetla oa hore baromuoa ba ka kena ka har’a naha. Re thabela hore ebe ka mor’a lilemo tse fetang 25, litaba tse molemo li boetse li boleloa phatlalatsa Cambodia.
Japane: Tlhōrō ea bona e ncha ea bahoeletsi ka March e bile 177 591.
Liberia: Ka March baena ba ile ba khona ho ba le Kopano ea bona ea Setereke ea “Bajari ba Leseli” sebakeng se rekiloeng ke Mokhatlo se haufi le ofisi ea lekala. Tlhōrō ea ba bileng teng e bile 2 711, ’me ho ile ha kolobetsoa ba 78.
Philippines: Ho finyeletsoe tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 115 044 ka March.