Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/94 maq. 3-4
  • Sebeletsa Jehova Ntle ho Tšitiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebeletsa Jehova Ntle ho Tšitiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebeletsa Jehova Ntle ho Tšitiso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Na re Lula re Falimehile—Re Qoba Litšitiso?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • “Le Itokise”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • ‘Ela Lintho Hloko ka Tsela e Fetang e Tloaelehileng’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 4/94 maq. 3-4

Sebeletsa Jehova Ntle ho Tšitiso

1 “Ho thabile batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!” (Pes. 144:15, NW) Na mantsoe aa a Morena Davida e ntse e le ’nete, esita le mehleng ee e mebe? (Ba-Ef. 5:16) E! Bakreste ba ntse ba thabisoa ke ho sebeletsa Jehova. Ha se ka mehla lintho li bang bobebe bakeng sa rōna. Satane o re bakela mathata ‘linakong tsena tse mahlonoko,’ leha ho le joalo ha rea nyahama. (2 Tim. 3:1, 2, NW ) Maemo a ntseng a mpefala ke bopaki bo eketsehileng ba hore nako e haufi bakeng sa hore ’Muso oa Molimo o felise lefatše lena la khale le senyehileng ’me o le nkele sebaka ka lefatše le lecha le hloekileng. (2 Pet. 3:13) Lefifi la lefatše lena ha le fifatse kapa ho tima lelakabe la tšepo ea rōna e thabisang; ho e-na le hoo, tšepo ea rōna ea ’Muso e khanya ka mokhoa o phatsimang haholoanyane. Na ha u thabele ho sebeletsa Jehova u le leseli lefatšeng lee le lefifi?—Ba-Fil. 2:15.

2 Re le batho ka bomong, ka linako tsohle re tlameha ho ela hloko hore na re sebeletsa Jehova joang. Hobane’ng? Hobane Satane ke Mositisi e moholo. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa “ho sitisa” e le “ho faposa,” “ho hapa kapa ho lebisa (joaloka tlhokomelo ea motho e mong) nthong e fapaneng kapa mahlakoreng a sa tšoaneng ka nako e le ’ngoe,” le “ho fuluoa kapa ho ferekanya ka maikutlo kapa litšusumetso tse loantšanang.” Ho tloha ha a liheloa lefatšeng lena, Satane o atlehile ho ‘thetsa’ moloko oa batho. O sebelisa merero e mengata ea bolotsana ho faposetsa tlhokomelo ea motho hōle le litseko tsa ’nete tsa mehla ea rōna. (Tšen. 12:9) Le hoja Lipaki tsa Jehova li ikitlaelitse ho bolela ’Muso ka lilemo tse fetileng tse lekholo, ke batho ba bakae ba lemohang litseko tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa ho halaletsoa ha lebitso la Molimo le ho tlosa qoso bobusing ba hae ka ’Muso oa Molimo? Ke ba ’maloa feela. (1 Joh. 5:19) Haeba Satane a ka sitisa batho ba lefatše lena ba likete tse limilione, kotsi e lulang e le teng ke hore a ka re sitisa kapa a hapa tlhokomelo ea rōna e le hore re tlohele tšebeletso ea Jehova. Ho soabisang ke hore ba bang ba baena ba rōna ba ile ba ferekanngoa ke litšitiso tsa Satane. Ba lumeletse likelello tsa bona hore li lebisoe mahlakoreng a sa tšoaneng. Ho na le litšitiso tsa mefuta eohle kajeno. Nahana feela ka tse ’maloa tsa tsona.

3 Mathata a Moruo le Lerato la Lintho tse Bonahalang: Linaheng tse ngata tsa lefatše, ho hloka mosebetsi le ho tura ha lintho ho baka matšoenyeho. Ke ’nete hore re tlameha ho fana ka lijo, liaparo, le bolulo bakeng sa rōna le malapa a rōna. Empa haeba re itumella hore re tšoenyehe ka ho feteletseng ka litlhoko tsa bophelo, lintho tsena tseo re amehileng ka tsona li tla laola monahano oa rōna. Ho atleha ha rōna nameng e ka ba ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ho e-na le ho tšehetsa tseko ea ’Muso. Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso mabapi le sena ho Ba-Heberu 13:5, 6. Jesu Kreste o re tiisetsa hore ba batlang ’Muso pele ha ho hlokahale hore ba tšoenyehe; Jehova o fana ka seo re se hlokang e le kannete. (Matt. 6:25-34) Bo-pula-maliboho le bahlanka ba bang ba nako e tletseng lefatšeng lohle ba ka tiisa hore sena ke ’nete.

4 Lefatše la Satane le buella lerato la lintho tse bonahalang. Ho fumana matlotlo a eketsehileng kapa ho a sireletsa ke tšusumetso e matla bophelong ba ba limilione. Litšitiso tse joalo li ne li le teng mehleng ea Jesu. ’Musi e mocha ea ruileng o ile a botsa Jesu seo ho neng ho hlokahala hore a se etse hore a fumane bophelo bo sa feleng. Jesu o ile a araba: “Ha u rata ho phetheha, e-ea, u rekise ka tseo u nang le tsona, u abele bafumanehi, ’me u tla ba le letlotlo leholimong; u ntano tla, u ntatele.” (Matt. 19:16-23) Ka ho totobetseng, matlotlo a hae a mangata a bonahalang a ile a sitisa monna enoa e mocha hore a sebeletse Molimo ka sephefumolohi sohle. Pelo ea hae e ne e sekametse maruong a hae. Jesu o ne a tseba hore monna enoa e mocha o tla rua molemo ha a ka itjarolla litšitiso tsena. Li ne li mo sitisa hore a se ke a inehela ka ho feletseng ho Molimo. Ho thoe’ng ka uena? Na u iphumana u sebetsa lihora tse teletsana mosebetsing oa boipheliso e le hore u tsoele pele ka mokhoa oa bophelo oo u seng u o tloaetse? Na see se amme tšebeletso ea hao ho Jehova? Na matlotlo a hao a bonahalang a nkela lithahasello tsa ’Muso sebaka? (Matt. 6:24) Na u ka nolofatsa bophelo ba hao hore u nehelane ka nako e eketsehileng bakeng sa lithahasello tsa moea?

5 Litaba tse Tloaelehileng tsa Bophelo ba Letsatsi le Letsatsi: Haeba re sa hlokomele, re ka ’na ra tšoareha ka ho feletseng ke litaba tse tloaelehileng tsa bophelo hoo re qalang ho hlokomoloha mesebetsi ea moea. Hopola batho ba mehleng ea Noe. Ba ne ba tšoarehile haholo ka litaba tsa bophelo, ho ja le ho noa, ho nyala le ho nyalisa bana ba bona, hoo ba sa kang ba nkela hloohong molaetsa oa Noe oa temoso ka Moroallo o neng o le haufi. Ha ba re phapha, Moroallo oa fihla ’me oa ba felisa kaofela. Litšitiso li ile tsa bolela timetso ho bona. Jesu o itse: “Ho tla ba joalo le ho tleng ha Mor’a motho.” (Matt. 24:37-39) Ka sebele, batho ba bangata kajeno ba tšoarehile haholo ka bophelo ba bona hoo ba sa eleng hloko molaetsa oa temoso oo re ba tlisetsang oona. Ba bontša ho se natse lintho tsa moea ka tsela e tšosang.

6 Na bophelo ba hao bo tanteletsoe ke litaba tsa bophelo hoo litaba tsa moea li seng li fumana tlhokomelo e ntseng e fokotseha? Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a mengoa hore e be moeti lapeng labo Maretha le Maria. Maria o ne a mametse ka hloko seo a neng a tla se bua. Ka lehlakoreng le leng, Maretha “o ne a sitisoa ke ho etsa mesebetsi e mengata.” Maretha o ne a amehile ka ho feteletseng ka ho amohela baeti hantle. O ile a hlōleha ho lemoha tlhoko ea hore a iphe nako ea ho mamela Jesu. Ka mosa o ile a bontša Maretha hore litokisetso tse majaba-jaba li ne li sa hlokahale; ho ne ho lokela hore ho lebisoe tlhokomelo e eketsehileng litabeng tsa moea. Na ho hlokahala hore u sebelise keletso eo? (Luka 10:38-42, NW ) Jesu o boetse a lemosa hore re tlameha ho itlhokomela hore re se ke ra ja le ho noa ka ho tlōlisang, ka tsela e tla thotofatsa litho tsa rōna tsa kutlo. Ka hora ena ea bohlokoa historing ea batho, ho hlokahala hore re falimehe ka ho feletseng.—Luka 21:34-36.

7 Ho Hahamalla Menyaka: E ’ngoe ea litšitiso tse khōlō ka ho fetisisa eo Diabolose a e sebelisang ho lebisa tlhokomelo ea rōna hōle le tseko ea ’Muso ke ho hahamalla monyaka. Ba limilione ho Bokreste-’mōtoana ba behile monyaka sebakeng sa Molimo. Ba khetha ho thabisoa ke ntho e itseng e tlosang bolutu ho e-na le ho ba le thahasello e tiileng Lentsoeng la Molimo. (2 Tim. 3:4) Ha e le hantle, boithabiso bo hahang le boikhathollo ha lia fosahala. Empa ho qeta nako e ngata beke ka ’ngoe linthong tse joaloka thelevishine, libaesekopo, livideo, lipapali, ho bala libuka tseo eseng tsa bolumeli, kapa ho etsa lintho tse etsoang ka morero oa ho phomotsa kelello ho ka etsa hore pelo e mano e be teng ’me e re tlose ho Jehova. (Jer. 17:9; Ba-Heb. 3:12) Seo se ka etsahala joang? Nakong ea liboka tsa Bokreste, u ka ’na ua fumana hore mohopolo oa hao oa lelera; mohlomong u ka lakatsa eka seboka se ka fela e le hore u ka boela ua ea hahamalla menyaka. Ka potlako, u ka iphumana u batla mabaka a ho sala hae ho e-na le ho ba teng libokeng kapa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Joale ke nako ea ho etsa qeto e hlakileng hore na ebe mesebetsi ena e se e fetohile litšitiso bophelong ba hao. (Luka 8:14) Na tse ling tsa lihora tsa bohlokoa tse senngoang boithabisong li ke ke tsa sebelisoa hamolemo bakeng sa khōlo ea moea?

8 Litaba tse Ling tse Senyang Nako: Ba bang ba tšoasitsoe boitekong ba ho rarolla mathata a tloaelehileng ho batho kajeno. Ho hlokahala hore Bakreste ba qobe ho ameha liphehisanong tsa lefatše tse sa feleng mabapi le litaba tsa bophelo kapa lintoeng tsa lona tsa lefeela ho leka ho lokisa ho hloka toka. (Joh. 17:16) Sena sohle ke karolo ea morero oa Satane oa ho faposa tlhokomelo ea rōna keletsong ea Bibele le ’neteng ea motheo ea hore ho na le tharollo e le ’ngoe feela e tšoarellang—’Muso oa Molimo. Haeba re utloisitsoe bohloko kapa re sa sebeletsoa ka toka, re tlameha ho itebela khahlanong le ho iphetetsa kapa ho ferekana haholo maikutlong hoo re lebalang hore na re bo-mang—Lipaki tsa Jehova. Ka holimo ho tsohle, ke Jehova ea foselitsoeng, ’me ke lebitso la hae le tlamehang ho halaletsoa.—Esa. 43:10-12; Matt. 6:9.

9 Le hoja e mong le e mong a batla ho ba le bophelo bo botle ka tekanyo e itseng, ho ameha ka ho sa hlokahaleng ka likhopolo le liphekolo tse fanoang tseo ho bonahalang li sa fele ho ka etsa hore motho a amehe ka ho tlōlisang ka litaba tsa bophelo. Ba bangata haholo ba buella lijo tse fapa-fapaneng, lipholiso, le liphekolo tsa mathata a ’mele le a maikutlo, tseo tse ngata tsa tsona li loantšanang. Seo motho a se etsang litabeng tsa bophelo ke qeto ea botho, hafeela e sa loantšane le melao-motheo ea Bibele. E se eka ka linako tsohle re ka boloka tšepo ea rōna e feletse ’Musong oa Molimo joaloka pheko ea ’nete ea maloetse a moloko oa motho.—Esa. 33:24; Tšen. 21:3, 4.

10 Tiea, U se Sisinyehe: Ha bofelo bo ntse bo atamela, Satane o tla eketsa boiteko ba hae ba ho u sitisa hore u se sebeletse Jehova. “Hanang ho eena ka ho tiea tumelong.” (1 Pet. 5:9) Joang? U tlameha ho imatlafatsa ka mehopolo ea Molimo. (Matt. 4:4) U se ke ua lumella hore litšitiso tsa lefatše li u amohe uena le lelapa la hao nako eo u e hlokang bakeng sa ho thuisa le ho nahanisisa ka mokhoa o khutsitseng ka Lentsoe la Molimo. Nakong ea ha lelapa le e-ja, buisanang ka liphihlelo tse hahang le litaba tse ling tsa moea hammoho. Khomarelang kemiso e tsitsitseng ea boithuto ba botho le ho lokisetsa liboka.

11 Ha ho bonahala hore matšoenyeho a tla ferekanya mohopolo oa hao, lahlela moroalo oa hao ho Jehova ka thapelo. Kholiseha hore oa u hlokomela. (1 Pet. 5:7) E se eka khotso ea Molimo e ka lebela pelo ea hao le matla a hao a kelello. (Ba-Fil. 4:6, 7) U se lumelle hore litšitiso li fifatse pono ea hao ea moea. Boloka Jehova a ntse a le ka pel’a hao ka linako tsohle, joalokaha Jesu a ile a etsa. (Lik. 2:25) Boloka pono ea hao e tsepame ka pele pakaneng ea hao, joalokaha Liproverbia 4:25-27 e re khothalletsa: “Mahlo a hao a shalime, a tsepame, lintši tsa hao le tsona li ribolohe ka ho loka. U iqamakele ho hata ha maoto a hao hantle, tsela tsa hao tsohle li tle li loke. U se ke ua khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.”

12 E-ba teng ka botšepehi libokeng tsohle, ’me u itaee e le hore u ka lebisa tlhokomelo taeong e tsoang Lentsoeng la Molimo. (Ba-Heb. 2:1; 10:24, 25) ’Me ho e-na le ho batla menyaka e fanoang ke lefatše lena le senyehileng, etsa hore pakane ea hao e be ho ba le tšebeletso e behang. Sena ke sona se tlisang thabo le khotsofalo tse tšoarellang. (1 Ba-Thess. 2:19, 20) Qetellong, u se ke ua lumella ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe hore a u sitise tšebeletsong ea hao e halalelang. “Tieang matla, le se ke la sisinyeha, ’me le ’ne le eketse ka mehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi oa lōna e ke ke ea e-ba oa lefeela Moreneng.”—1 Ba-Kor. 15:58.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela