Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/96 leq. 4
  • Tsebo ea Molimo oa ’nete e Isa Bophelong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsebo ea Molimo oa ’nete e Isa Bophelong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Sena se Bolela Bophelo bo sa Feleng”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Thusa ba Bang ho Fumana Tsebo e Isang Bophelong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Tsebo e Tsoang ho Molimo e Araba Lipotso Tse Ngata
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Ho Hasa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 3/96 leq. 4

Tsebo ea Molimo oa ’nete e Isa Bophelong

1 Jesu o ile a re thapelong ho Ntate oa hae: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete.” (Joh. 17:3) Oo ke moputso o babatsehang hakaakang! Ka ho sebelisa buka Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, re ka thusa ba bang ka seo ho hlokahalang hore ba se etse hore ba phele ka ho sa feleng. Ke eng seo re ka se buang ho tsosa thahasello ea bona le ho ba susumeletsa ho bala buka ea Tsebo hang-hang?

2 Mohlomong u ka sebelisa nehelano e buellang Bibele joaloka mohloli o sebetsang oa tataiso ka ho re:

◼ “Re ntse re buisana le baahisani ba rōna kamoo ho ka fumanoang mohloli o sebetsang oa tataiso bakeng sa ho sebetsana le mathata a bophelo ka katleho. Nakong e fetileng batho ba bangata ba ne ba batla keletso ea Bibele pele. Empa hona joale boikutlo ba batho bo fetohile; ba bangata ba belaella Bibele, ba e talima feela joaloka buka e ngotsoeng ke batho. Maikutlo a hao ke afe? [Mo fe sebaka a arabe.] Ho na le lebaka le utloahalang leo ho ka boleloang hore Bibele ea sebetsa mehleng ea rōna. [Bala 2 Timothea 3:16, 17.] Melao-motheo ea Bibele e sebetsa ka tsela e tšoanang leha Molimo a ne a bululela ho ngoloa ha Bibele.” Phetla leqepheng la 16 bukeng ea Tsebo, ’me ka bokhutšoaane u hlalose tataiso e sebetsang e fumanoang Thutong ea Jesu ea Thabeng. Bala mantsoe a qotsitsoeng a fumanoang serapeng sa 11 kapa a leng serapeng sa 13. Nehelana ka buka ka monehelo oa R3,50 ’me u etse tokisetso ea ho khutla ho tla araba potso, Ke joang rōna ka borōna re ka ruang molemo tsebong e leng ka Bibeleng?

3 Kaha thapelo ke sehlooho se thahasellisang batho ba bangata, mohlomong u ka rata ho bua ka eona ka ho botsa:

◼ “Ka lebaka la mathata ao re tlamehang ho talimana le ’ona bophelong ba kajeno, na u ikutloa hore thapelo e ka hla ea re thusa? [Emela karabo.] Ba bangata ba ikutloa hore ba ile ba atamela haufi le Molimo ka ho mo rapela le hore ho etsa joalo ho ba nehile matla a ka hare, e leng sona seo Bibele e se tšepisang. [Phetla buka ea Tsebo leqepheng la 156, ’me u bale Bafilippi 4:6, 7.] Leha ho le joalo, ka linako tse ling motho a ka ’na a ikutloa hore lithapelo tsa hae ha li arabeloe. Khaolo ena e tšohla ‘Kamoo U ka Atamelang Haufi le Molimo.’ [Nehelana ka buka ka monehelo oa R3,50.] Khaolo ena e boetse e hlalosa kamoo re ka mamelang Molimo kateng kaha puisano le eena e sa sekamela ka lehlakoreng le le leng. Re ka buisana ka seo ha ke e-tla lekhetlong le latelang.”

4Na u ne u ka rata ho leka katamelo e tobileng ho qalisa thuto? Mohlomong ena e ka sebetsa ho uena:

◼ “Re fana ka thupelo e sa lefelloeng ea lehae ea Bibele. Na u se u kile ua ba le thupelo ea Bibele pele? [Mo fe sebaka a arabe.] E re ke u bontše kofuto ea ho ithuta eo re e sebelisang.” Hlahisa buka ea Tsebo, phetla leqepheng la 3 hore mong’a ntlo a bone lethathama la tse ka hare, ebe ua botsa, “Na u se u kile ua ipotsa hore na Bibele e re’ng ka lihlooho tsee?” Phetla khaolo eo mong’a ntlo a e thahasellang ka ho fetisisa e be u bala lihlohoana. Hlalosa hore u batla ho ’montša ka bokhutšoaane kamoo re akaretsang boitsebiso thupelong ea rōna. Ebang thuto ea qalisoa kapa che, neha motho eo buka.

5 Kajeno matšoele-tšoele a batho a arabela tsebong e nepahetseng ea Molimo oa ’nete. (Esa. 2:2-4) Ke tokelo ho rōna ho thusa ba bangata kamoo ho ka khonehang ho ithuta ka Jehova le ho lebisoa bophelong bo sa feleng.—1 Tim. 2:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela