Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/98 leq. 1
  • Lipaki Tsa Jehova ke Baevangeli ba ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipaki Tsa Jehova ke Baevangeli ba ’Nete
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “U Etse Mosebetsi oa Moevangeli”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Baboleli ba ’Nete ba Evangeli Ke Bo-mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Bakreste Bohle ba ’Nete e Tlameha ho ba Baboleli ba Evangeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Bakreste Bohle ba ’Nete ke Baevangeli
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 2/98 leq. 1

Lipaki Tsa Jehova ke Baevangeli ba ’Nete

1 Jesu Kreste o file barutuoa bohle ba hae boikarabelo ba ho bolela evangeli, a ba laela ka ho toba hore ba bolele litaba tse molemo tsa ’Muso. (Mat. 24:14; Lik. 10:42) Barutuoa ba hae ba pele ba ile ba beha mohlala oa sena ka ho bua ka ’Muso ba sa phetse—ba sa bue feela libakeng tsa borapeli empa ba bua kae le kae moo ba neng ba teana le batho teng phatlalatsa leha ba ntse ba e-ea ka ntlo le ntlo. (Lik. 5:42; 20:20) Re le Lipaki tsa Jehova kajeno, re iponahalitse hore re baevangeli ba ’nete ba Bakreste ka ho bolela molaetsa oa ’Muso linaheng tse 232 le ka ho kolobetsa barutuoa ba bacha ba fetang milione lilemong tse tharo feela tse fetileng! Ke hobane’ng ha mosebetsi oa rōna oa ho bolela evangeli o atlehile hakaale?

2 Litaba Tse Molemo Lia re Thabisa: Baevangeli ke baboleli kapa manģosa a litaba tse molemo. Ka lebaka leo, re na le tokelo e thabisang ea ho phatlalatsa ’Muso oa Jehova—e leng tsona litaba feela tse hlileng li leng molemo tse ka bolelloang batho ba tsielehileng. Ka lebaka la ho tseba esale pele ka maholimo a macha a tla busa ka ho loka lefatšeng le lecha le entsoeng ka moloko oa batho o tšepahalang, Paradeiseng e tlang, re tletse cheseho. (2 Pet. 3:13, 17) Ke rōna feela ba amohetseng tšepo ena, ’me re chesehela ho e bolella ba bang.

3 Re Susumetsoa ke Lerato la ’Nete: Mosebetsi oa ho bolela evangeli o pholosa bophelo. (Baroma 1:16) Ke ka lebaka leo re thabang haholo ha re jala molaetsa oa ’Muso. Joaloka baevangeli ba ’nete, re rata batho ’me seo se re khannela hore re ba bolelle litaba tse molemo—malapa a rōna, baahelani, metsoalle le ba bang ba bangata kamoo ho ka khonehang. Ho etsa mosebetsi ona ka moea oohle, ke e ’ngoe ea lipontšo tse ntle haholo tsa lerato la ’nete leo re ka le bontšang ba bang.—1 Bathes. 2:8.

4 Re Tšehetsoa ke Moea oa Molimo: Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore ha re etsa mosebetsi oa rōna oa ho jala le ho nosetsa peō ea ’Muso, Jehova ke eena ea tla “hōlisa.” Ke sona seo re bonang se etsahala hantle kajeno mokhatlong oa rōna o hlophisitsoeng. (1 Bakor. 3:5-7) Ke moea oa Molimo o re tšehetsang mosebetsing oa rōna oa ho bolela evangeli ’me o re atlehisa haholo.—Joele 2:28, 29.

5 Ka lebaka la khothatso e ho 2 Timothea 4:5 e reng “u etse mosebetsi oa moevangeli,” le ka lebaka la ho rata batho bohle, e se eka re ka susumetseha ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso tse re thabisang ha ho hlaha monyetla o mong le o mong, re kholisehile hore Jehova o tla tsoela pele ho hlohonolofatsa mosebetsi oa rōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela