U Tla Re’ng ho Motho ea sa Lumeleng Hore Molimo o Teng?
1 Moprofesa e mong ea tsoang Poland o ile a bolella moromuoa e mong Afrika: “’Na ha ke lumele hore Molimo o teng.” Leha ho le joalo, morali’abo rōna o ile a khona ho buisana le mosali eo le ho mo fa buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? Ha moromuoa eo a khutla bekeng e latelang, moprofesa eo o ile a mo bolella: “Joale ke se ke lumela hore Molimo o teng!” O ne a qetile ho bala buka ea Creation ’me joale o ile a kōpa thuto ea Bibele. Ke’ng seo u ka se etsang hore u atlehe ho fana ka bopaki ho ba bolelang hore bona ha ba lumele ho Molimo? Ntlha ea pele, hlahloba mabaka a sa tšoaneng a etsang hore batho ba bue joalo.
2 Mabaka a Tlatsetsang ho Hlokeng Tumelo: Hase batho bohle ba sa lumeleng hore Molimo o teng ba hōlisitsoeng ba le joalo. Ba bangata ba bona ba kile ba e-ba bolumeling ba mofuta o itseng ’me ka nako e ’ngoe ba ne ba lumela ho Molimo. Leha ho le joalo, ho kula ho tebileng kapa mathata a lelapa kapa ho hloka toka ho itseng hoo ba fetileng ho hona ho ile ha fokolisa tumelo ea bona. Ho ba bang, lithuto tse rutoang likolong tsa thuto e phahameng li bile le phello e mpe maikutlong a bona ka Molimo. Nahana ka mehlala e latelang ea batho ba neng ba sa lumele hore Molimo o teng bao qetellong ba ileng ba e-ba le tumelo e matla ho Jehova Molimo ’me ba fetoha Lipaki tsa hae.
3 Mosali e mong Paris o tsoetsoe a e-na le boloetse bo fokolisang ba masapo. Le hoja a ne a kolobelitsoe K’hatholike, o ne a re eena ha a lumele hore Molimo o teng. Ha a botsa baitlami hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse hore a tsoaloe a e-na le kholofalo e joalo, ba ile ba araba: “Hobane oa u rata.” O ile a hana ho amohela khopolo eo e sa utloahaleng. Hape, nahana ka mocha e mong oa Finland eo ho ileng ha fumaneha hore o na le boloetse bo sa phekoleheng ba mesifa ’me o tlameha ho tsamaea ka setulo sa likooa. ’Mè oa hae o ile a mo isa ho Mopentekonta ea neng a bolela hore o folisa batho ba kulang. Empa ha hoa ka ha e-ba le phekolo ea mohlolo. Ka lebaka leo, mohlankana enoa o ile a felloa ke thahasello ho Molimo ’me a fetoha ea sa lumeleng hore Molimo o teng.
4 Monna e mong oa Honduras o ne a hōlisitsoe e le Mok’hatholike empa a ithutela filosofi ea Bokomonisi le thuto ea ho latola boteng ba Molimo. A kholisitsoe ke thuto ea univesithi ea hore batho ba bile teng ka ho iphetola ha lintho, o ile a khaotsa ho lumela ho Molimo. Ka ho tšoanang, mosali e mong oa United States o ne a hōlisitsoe e le Momethodiste. Ha a le kolecheng, o ile a nkela lithuto tsa kelello ea motho. Tumelo ea hae e ile ea ameha joang? O ile a re: “Lehlabuleng le leng li ile tsa senya tumelo eohle eo ke neng ke e-na le eona bolumeling.”
5 Ho Finyella Lipelo Tsa ba Tšepahalang: Batho ba bangata ba bolelang hore ha ba lumele ho Molimo ba ka ananela ho tseba hore na tharollo e teng bakeng sa mathata a ho kula, ho hloka kutloano ha malapa, ho hloka toka le a mang a joalo. Ba thahasella ka tieo ho fumana likarabo tsa lipotso tse kang: ‘Ke hobane’ng ha bokhopo bo le teng?’ ‘Ke hobane’ng ha batho ba lokileng ba hlaheloa ke lintho tse mpe?’ le hore na ‘Morero oa bophelo ke ofe?’
6 Monna e mong hammoho le mosali oa hae ba lulang Switzerland ba ne ba hōlisitsoe ba sa lumele hore Molimo o teng. Ha ba qala ho fumana ’nete, ba ile ba hanyetsa. Empa ba ne ba e-na le mathata a tebileng a lelapa ’me ba ne ba nahana ho hlalana. Ha Paki e ba etela hape, e ile ea bontša banyalani bao ho tsoa Bibeleng hore na ba ka hlōla mathata a bona joang. Banyalani bao ba ile ba hlolloa ke keletso e sebetsang e fuperoeng ke Mangolo, ’me ba ile ba lumela ho ba le thuto ea Bibele. Lenyalo la bona le ile la matlafala, ba etsa tsoelo-pele moeeng, ’me ba kolobetsoa.
7 Seo U ka se Buang ho Motho ea sa Lumeleng Hore Molimo o Teng: Ha motho a u bolella hore ha a lumele hore Molimo o teng, leka ho fumana lebaka le etsang hore a bue joalo. Na ke ka lebaka la thuto eo a e fumaneng, mathata ao a fetileng ho ’ona, kapa boikaketsi boo a bo boneng bolumeling le lithuto tsa bohata? U ka ’na ua mo botsa: “Na esale u ikutloa ka tsela ee?” kapa “Ke eng e entseng hore u fihlele qeto eo?” Karabo ea hae e tla u thusa ho fumana seo u lokelang ho se bua. Moo ho hlokahalang khang e matla e kholisang, e ka ’na eaba buka ea Is There a Creator Who Cares About You? ke eona e hlokahalang.
8 U ka ’na ua ntšetsa pele moqoqo le motho ea sa lumeleng hore Molimo o teng ka ho botsa:
◼ “Na u kile ua ipotsa: ‘Haeba Molimo o teng, ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola le ho hloka toka ho hongata hakaale lefatšeng?’ [Emela karabo.] Na nka u bontša pono ea Bibele ka taba ee?” Bala Jeremia 10:23. Ka mor’a ho e bala, mo botse hore na maikutlo a hae ke afe ka temana ena. Ebe u mo bontša leqephe la 16 le la 17 bukaneng ea Will There Ever Be a World Without War? Kapa, mohlomong u ka ’na ua sebelisa khaolo ea 10 bukeng ea Creator. Mo khothalletse ho amohela khatiso eo le ho bala boitsebiso boo.—Bakeng sa litlhahiso tse eketsehileng, bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 334-6.
9 Ke ’nete hore hase batho bohle ba sa lumeleng hore Molimo o teng ba tla amohela ’nete. Empa ho na le ba bangata ba ratang ho hlahloba maikutlo a mang. Sebelisa mokhoa o etsang hore ba nahane ’me u ba susumetse, ’me ka holimo ho tsohle, u sebelise matla a Lentsoe la Molimo ho ba thusa hore ba bone ’nete.—Lik. 28:23, 24; Baheb. 4:12.