Ela Hloko Tsela eo U Mamelang ka Eona
Ho mamelisisa ke habohlokoa ha motho a le libokeng tsa phutheho, likopanong tse nyenyane le tse khōlō. (Luka 8:18) U ka ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho mamela joang?
◼ Qoba ho ja haholo pele ho liboka.
◼ Se ke ua lumella kelello ea hao ho lelera.
◼ Ngola lintlha tse khōlō ka bokhutšoanyane.
◼ Phetla mangolo a baloang.
◼ Kopanela ha monyetla o le teng.
◼ Nahana ka boitsebiso boo ho fanoang ka bona.
◼ Nahana ka litsela tsa ho sebelisa seo u se utloang.
◼ Ka mor’a moo, bua ka seo u ithutileng sona.
Bona Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, thuto 5.