Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/00 leq. 1
  • ‘Lulang le Falimehile’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Lulang le Falimehile’
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le Lule le Lebetse”!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ipoloke U Falimehile “Nakong ea Bofelo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Thaba ba Lulang ba Falimehile!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lula U Hhopola Hore Metsotso e se e Jele Babeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 5/00 leq. 1

‘Lulang le Falimehile’

1 Ka mor’a ho hlalosa liketsahalo tsa bohlokoa tse neng li tla tšoaea matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho, Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba ‘lule ba falimehile.’ (Mar. 13:33) Ke hobane’ng ha Bakreste ba tlameha ho lula ba falimehile? Hobane re phela nakong e mahlonoko ka ho fetisisa historing ea motho. Ho otsela moeeng ho ka re ntša kotsi. Hoo ho ka fella ka hore re hlōlehe ho ananela mosebetsi oo Jehova a re fileng oona hore re o etse nakong ena ea bofelo. Ke mosebetsi ofe oona oo?

2 Jehova o na le batho ba hae ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae ho pholletsa le lefatše—e leng eona feela tšepo molokong oa batho. Ho sebetsa ha rōna haufi-ufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ho re khetholla re le Bakreste ba ’nete, ba lulang ba le hlokolosi ka mehla ena hammoho le tlhokahalo ea ho thusa ba bang hore ba utloe “lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.” (Joh. 6:68) Ka ho kopanela ka cheseho mosebetsing ona oa bohlokoahali, re fana ka bopaki ba hore re falimehile moeeng.

3 Ho Susumelletseha ho Bolela: Joaloka Lipaki tsa Jehova, re lokela ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka tšebeletso ea rōna. Ho rata Molimo le moahelani ho re susumetsa ka bomong hore re kopanele mosebetsing oa ho bolela. (1 Bakor. 9:16, 17) Ka ho etsa joalo, re tla ipholosa re be re pholose le ba re mamelang. (1 Tim. 4:16) A re ikemisetseng ho kopanela kamehla ka hohle kamoo re ka khonang ho boleleng ka ’muso o molemohali oo moloko oa motho o ka bang le oona—e leng ’Muso oa Molimo!

4 Ho potlaka ha tšebeletso ea rōna ho hatisoa ho rōna ke ntlha e ’ngoe ea bohlokoa—ho qhoma ha matšoenyeho a maholo ho tla tla re ntse re tšoarehile mosebetsing ona. Ho se tsebe ha rōna letsatsi le hora ho hloka hore re lule re falimehile ’me re lokile ka linako tsohle, re lule re itšetlehile ka Jehova ka thapelo. (Baef. 6:18) Tšebeletso ea ho bolela e tsoela pele ho atoloha. Empa ka letsatsi le leng haufinyane, mosebetsi oa ho paka o moholohali historing ea motho o tla fihla tlhōrōng.

5 Ka botšepehi latela taelo ea Jesu ea ‘ho lula u falimehile.’ Sena ke sa bohlokoa haholo hona joale ho feta leha e le neng pele. E se eka re ka arabela ka boikutlo ba ho potlaka. Kajeno esita le letsatsi le leng le le leng, a re luleng re hlaphohetsoe, re le seli moeeng re bile re le mafolofolo tšebeletsong ea Jehova. E, e se eka re ka ‘lula re falimehile ’me re hlaphohetsoe likelellong.’—1 Bathes. 5:6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela