Tšaba Jehova Letsatsi Lohle
1 “Qalo ea bohlale ke ho tšaba Jehova.” (Pes. 111:10) Ho mo tšaba ho re susumelletsa ho etsa mesebetsi e molemo ’me ho re thusa ho furalla se sebe. (Liprov. 16:6) Tšabo ena ke tlhompho e tebileng ho ’Mōpi oa rōna, e re susumelletsang ho qoba ho mo utloisa bohloko le ho se mo mamele. Ke ntho eo ho hlokahalang hore re e hlaolele ’me re e bonahatse letsatsi lohle.—Liprov. 8:13.
2 Letsatsi le leng le le leng, moea oa lefatše la Satane o re tlisetsa khatello e khōlō hore re lumellane le litsela tsa lona tse mpe. (Baef. 6:11, 12) Nama ea rōna e sa phethahalang ke ea boetsalibe ’me ka tlhaho e sekametse ho se sebe. (Bagal. 5:17) Kahoo, hore re utloe litaelo tsa Jehova, re thabe ’me re fumane bophelo, re lokela ho mo tšaba letsatsi lohle.—Deut. 10:12, 13.
3 Ho Baheberu 10:24, 25, re eletsoa hore re bokane hammoho e le hore re ka khothatsana “haholoanyane” linakong tsena tseo re phelang ho tsona. Ho ba teng libokeng kamehla ke habohlokoa hore re tle re pholohe matsatsing ana a ho qetela. Ho tšaba ha rōna ho utloisa Molimo bohloko ho re susumelletsa ho ba teng libokeng le ho nka morero oa tsona e le oa bohlokoa haholo. Ba tšabang Molimo ba talima ho kopanela libokeng tsa Bokreste e le tokelo e halalelang.
4 Ho mamela taelo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ke tsela e ’ngoe eo re bonahatsang ka eona hore re tšaba Molimo. (Mat. 28:19, 20; Lik. 10:42) Pakane e ka sehloohong ea mosebetsi oa rōna oa ho bolela ke ho thusa ba bang ho hlaolela ho tšaba Jehova le ho ikokobelletsa thato ea hae. Re finyella sena ka ho etsa maeto a ho boela, ho ikemisetsa ho qala lithuto tsa mahae tsa Bibele le ho ruta ba bang litaelo tsohle tsa Molimo. Ka ho etsa joalo re bontša hore re tšaba Jehova le hore re rata moahelani oa rōna.—Mat. 22:37-39.
5 Ba sa tšabeng Molimo ba hlōleha ho hlaolela kananelo ka lintho tsa moea, ’me ba inehela moeeng o bolaeang oa lefatše, kapa boikutlo ba kelello. (Baef. 2:2) E se eka boikemisetso ba rōna e ka ba ho ‘etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang ka tšabo ea bomolimo le tšabo e nang le tlhompho.’ (Baheb. 12:28) Ka ho etsa joalo re tla kotula litlhohonolofatso tsa ba tšabang Jehova letsatsi lohle.