Jehova o Fana ka Matla
1 Maikutlo a hao ke afe ka moapostola Pauluse? Ha re bala buka ea Liketso, re ananela kamoo a neng a le mafolofolo kateng tšebeletsong ea Jehova. Pauluse o ile a khona ho finyella sohle seo a se entseng joang? O itse: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafil. 4:13) Le rōna re ka rua molemo matleng ao Jehova a fanang ka ’ona. Joang? Ka ho sebelisa litokisetso tse tšeletseng tseo a re etsetsang tsona hore re matlafatsoe le ho tiisoa moeeng.
2 Lentsoe la Molimo: Feela joalokaha re tlameha ho ja hore re be le matla ’meleng, re tlameha ho imatlafatsa ka Lentsoe la Molimo e le hore re ka lula re phela moeeng. (Mat. 4:4) Bibele e fana ka matla a ho re boloka. E le hore re boloke ho chesehela ha rōna ’nete, ho hlokahala hore re tšoarehe thutong ea botho e nang le morero ’me re thuise ka eona letsatsi le letsatsi haeba ho khoneha.—Pes. 1:2, 3.
3 Thapelo: Ke habohlokoa ho atamela Jehova, haholo-holo linakong tsa tlhokahalo e khethehileng. Ka moea oa hae, o matlafatsa ba mo kōpang oona ka thapelo. (Luka 11:13; Baef. 3:16) Mangolo a re khothalletsa ho ‘phehella thapelong.’ (Bar. 12:12) Na u etsa joalo?
4 Phutheho: Re boetse re fumana matla le khothatso libokeng tsa phutheho le botsoalleng bo mofuthu boo re bo thabelang moo le bara le barali babo rōna. (Baheb. 10:24, 25) Ha re tšoenyehile, baa re khothatsa le ho re thusa ka lerato.—Liprov. 17:17; Moek. 4:10.
5 Tšebeletso ea Tšimo: Ho kopanela kamehla tšebeletsong ho re thusa hore re lule re tsepamisitse mohopolo ’Musong le mahlohonolong a oona. Rea hlasimoloha ha re thusa ba bang hore ba ithute ka Jehova. (Lik. 20:35) Hase rōna kaofela ba ka fallelang ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane teng kapa ho kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng, empa ka litsela tse ling re ka kopanela tšebeletsong hamolemo.—Baheb. 6:10-12.
6 Balebeli ba Bakreste: Re rua molemo ka khothatso le thuso eo baholo ba fanang ka eona. Jehova o ba abetse ho lisa mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea bona. (1 Pet. 5:2) Balebeli ba tsamaeang ba haha liphutheho tseo ba li sebeletsang, joalokaha Pauluse a entse mehleng ea hae.—Bar. 1:11, 12.
7 Mehlala ea ba Tšepahalang: Ke ho matlafatsang ho hlahloba mehlala e khothatsang ea basebetsi-’moho le rōna ba tšepahalang, ba boholo-holo le ba kajeno. (Baheb. 12:1) Ha u hloka hore u matlafatsoe, ke hobane’ng ha u sa bale e ’ngoe ea lipale tsa bophelo tse khothatsang limakasineng tsa rōna, tlaleho e hahang ho Buka ea Selemo, kapa tse ling tsa litlaleho tse thabisang tsa histori ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova bukeng ea Baboleli?
8 Mora e mong oabo rōna, eo hona joale a leng lilemo li tse ka bang 95, o ile a amohela ’nete esale mohlankanyana. Ha e sa ntse e le mocha, tumelo ea hae e ile ea lekoa. Ntlha ea pele, ba bang ba neng ba kopanela le phutheho ka mafolofolo ba ile ba lahla mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Hape o ne a fumana mosebetsi oa ntlo le ntlo o le thata. Leha ho le joalo, kamehla o ne a itšetlehile ka Jehova. Kapelenyana o ile a thabela tšebeletso ea hae. ’Me kajeno? Ho sa tsotellehe ho fokolloa ke bophelo, e ntse e le setho sa lelapa la Bethele Brooklyn, a sebeletsa Sehlopheng se Busang. Ha a ikoahlaele ho khomarela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.
9 Morali e mong oabo rōna eo e leng setho sa lelapa la Bethele Brithani o ile a kolobetsoa a le lilemo li 13. O ile a qala ho bula maliboho le khaitseli ea hae selemong se latelang seo, ’me selemo hamorao, ntate oa hae o ile a kenngoa teronkong ka lebaka la ho se nke lehlakore Ntoeng ea II ea Lefatše. O ’nile a itšetleha ka Jehova bakeng sa matla, ’me a ’na a tsoela pele a sebeletsa Molimo oa ’nete. Ka mor’a nako, o ile a nyaloa ke mor’abo rōna ea tšepahalang, ’me ba ’nile ba etsa thato ea Jehova hammoho. Ka mor’a lilemo tse 35 ba nyalane, monna oa hae o ile a shoa ka tšohanyetso. Le teng o ile a fumana matla ho Jehova, ’me o ntse a tsoela pele ho fihlela lena le holimo, a lebeletse ho sebeletsa ka ho sa feleng e le setho sa lelapa la Jehova la lefatšeng.
10 Jehova o thusa le ho matlafatsa bahlanka ba hae ba tšepahalang. “O fana ka matla ho ea khathetseng; ’me o etsa hore matla a feletseng a atele ea se nang matla.” Re ka kha mohloling ona o sa feleng oa matla ka ho sebelisa litokisetso tsohle tse tšeletseng tse boletsoeng ka holimo. Hopola: “Ba tšepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla. . . . Ba tla matha ’me ba ke ke ba tepella; ba tla tsamaea ’me ba ke ke ba khathala.” (Esa. 40:29-31) Pauluse o ile a itšetleha haholo ka Jehova bakeng sa matla, ’me le rōna re tlameha ho itšetleha ka eena.