Ho Rera Esale Pele—Bakeng sa Eng?
1 Kaofela ha rōna re nahana ka seo re se rerileng bakeng sa ka moso. Ba nang le tšepo ea lefatšeng ba lebeletse ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la ho loka la Molimo. Empa ho na le litšusumetso tse ka hloibilang tšepo eo pelong ea motho. Ho hlokahala boiteko bo tiileng hore re ’ne re lule bophelo ba rōna bo likoloha lithahasellong tsa ’Muso ’me re sa khelosoe ke litakatso tse lekang tsa nama.—1 Joh. 2:15-17.
2 Ho hang lefatše le sitoa ho utloisisa lipakane tsa batho ba moea. (1 Bakor. 2:14) Le hoja karolo e ’ngoe ea moloko oa batho e loanela ho fumana botumo, matla kapa leruo, rōna re lelekisa matlotlo a moea. (Mat. 6:19-21) Haeba re leka ho lokisa monahano oa rōna hore o lumellane le pono ea lefatše ka bokamoso, na ho na le mohla re tla ke re finyelle lipakane tsa rōna tsa moea? Lintho tsa lefatše li ne li tla qetella li hapile lipelo tsa rōna. Re ka thibela see joang?
3 “Le Apare Morena Jesu Kreste”: Tsela e ’ngoe ea ho fumana hore na re haha bokamoso ba rōna ho likoloha lithahasello tsa ’Muso ke ka ho hlahloba moqoqo oa rōna. Na re lula re bua ka lintho tse bonahalang le lithahasello tsa lefatše? Haeba ho joalo, re lokela ho hlahloba hore e se ke eaba lipelo tsa rōna li lahleheloa ke pono ea lintho tsa bohlokoa tsa moea. E ka ’na eaba ho hlokahala hore re hatise haholoanyane hore re ‘apare Morena Jesu Kreste, ho e-na le ho rera esale pele bakeng sa litakatso tsa nama.’—Bar. 13:14.
4 Bacha ba ka ‘apara Kreste’ ka ho rera esale pele letsatsi leo ba tla kenela tšebeletso ea nako e tletseng ka lona. Mocha ea neng a batla ho ba pula-maliboho oa kamehla o ile a hōlela setsong seo ho sona ho atileng hore bahlankana e be ba sireletsehileng licheleteng. Ka lebaka leo, o ile a kenella ka ho teba khoebong hoo a neng a se a e-ea ka hlooho feela libokeng le ho kopanela tšebeletsong. Hang hoba a qale ho tšepa mantsoe a Jesu a ho Matheu 6:33 ’me a tlohele ho luba thankha, o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Hona joale, ka letsoalo le letle, o sebeletsa Jehova ‘ho fihlela moo matla a hae a mo lumellang,’ ho latela mantsoe a hae.
5 Bibele e re ke bohlale ho rera bokamoso. (Liprov. 21:5) E se eka kaofela ha rōna re ka etsa joalo re hopotse thato ea Molimo e le e ka sehloohong.—Baef. 5:15-17.