“Re Sebelitse Tšimo ea Rōna ka Makhetlo a Mangata!”
1 Na u se u kile ua ba le boikutlo ba hore tšimo ea lōna e sebetsoa hangata haholo hoo ho seng ho se na batho ba kang linku ba setseng? Mohlomong u ile ua nahana: ‘Kea tseba hore na batho ba tla arabela joang. Ke hobane’ng ha re ntse re khutlela ho batho ba sa thahaselleng?’ Ke ’nete hore masimo a mangata a sebetsoa khafetsa. Leha ho le joalo, taba ena e lokela ho talingoa hantle, eseng hampe. Hobane’ng ho le joalo? Hlokomela mabaka a mane a fanoeng ka tlaase.
2 Lithapelo Tsa Rōna li Arabiloe: Jesu o ile a re: “Ka sebele, kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona kōpang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Luka 10:2) Ka mashome a lilemo re ’nile ra rapela Jehova bakeng sa thuso e eketsehileng. Libakeng tse ngata, hona joale re ba le basebetsi ba eketsehileng ba hlokahalang, ’me re koahela tšimo khafetsa. Na ’nete ea hore Jehova o arabetse lithapelo tsa rōna ha ea lokela ho re thabisa?
3 Ho Phehella ho Hlahisa Litholoana Tse Ntle: Esita le masimong a sebetsoang khafetsa, batho ba ntse ba arabela molaetseng oa ’Muso ’me ba be le tsebo ea ’nete. Ka hona, re lokela hore re ’ne re ba etele khafetsa ka tšepo ea ho fumana ba lipelo li tšepahalang haholoanyane. (Esa. 6:8-11) Joalokaha ho entse barutuoa ba pele ba Jesu, “le tsoele pele le ea” ho batho ba tšimong eo le e abetsoeng, le ikemiselitse ho tsosa thahasello ea bona ’Musong oa Molimo.—Mat. 10:6, 7.
4 Portugal, liphutheho tse ngata li koahela tšimo ea tsona beke e ’ngoe le e ’ngoe, empa li ntse li fumana ba kang linku. Morali e mong oabo rōna ka ho khetheha o na le boikutlo bo botle haholo. O re: “Pele ke e-ea tšebeletsong hoseng ho hong le ho hong, ke rapela Jehova hore a nthuse ho fumana motho ea thahasellang ho ithuta Bibele.” Ka letsatsi le leng o ile a lokisetsa thuto le basebetsi ba moo ho lokisoang moriri. Leha ho le joalo, hamorao ho ile ha tla motho a le mong feela ho tla ithuta. Motho eo o ile a re: “Ba bang ha ba thahaselle, empa ’na kea thahasella.” Ka nako e ka etsang khoeli, eena motho eo o ne a se a khanna lithuto tsa hae tsa Bibele tse peli. Kapele ka mor’a moo o ile a kolobetsoa, ’me hamorao a kenela tšebeletso ea bopula-maliboho!
5 Mosebetsi oa Phethoa: Litaba tse molemo lia boleloa, feela joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele. (Mat. 24:14) Esita le libakeng tseo ho tsona batho ba sa ‘batleng ho re mamela,’ ba behoa leseling ka mosebetsi oa ho bolela. Re lebeletse hore ba bang ba se ke ba arabela hantle ’neteng kapa hona ho e hanyetsa. Leha ho le joalo, ba joalo ba lokela ho lemosoa ka kahlolo e tlang ea Jehova.—Ezek. 2:4, 5; 3:7, 8, 19.
6 Ha re E-s’o Qete: Ha ho ho rōna ho etsa qeto ea hore na re lokela ho khaotsa mosebetsi oa ho bolela neng. Jehova o tseba hantle hore na o lokela ho fela neng. Oa tseba hore na tšimong ea rōna ho sa ntse ho e-na le batho ba ka ’nang ba arabela litabeng tse molemo kapa che. Kajeno, batho ba bang ba re ha ba thahaselle, empa liphetoho tse tšabehang bophelong ba bona—ho lahleheloa ke mosebetsi, ho kula ho tebileng, lefu la motho eo ba mo ratang—li ka ’na tsa ba etsa hore ba arabele lekhetlong le latelang. Ka lebaka la leeme kapa hona ho phathahana haholo hore ba ka mamela, batho ba bangata ha ba e-s’o ka ba utloa seo re hlileng re se bolelang. Maeto a botsoalle a mangata a ka ’na a ba etsa hore ba re hlokomele le ho re mamela.
7 Ba hōtseng lilemong tsa morao tjena ’me hona joale ba e-na le malapa a bona, ba nka bophelo ka ho teba haholoanyane ’me ba botsa lipotso tseo e leng Lentsoe la Molimo feela le ka li arabang. Mosali e mong e mocha o ile a memela Lipaki tse peli hore li kene ha hae ’me a re: “Ha ke sa le ngoananyana, ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ’Mè a ne a leleka Lipaki ’me a li bolella hore ha a thahaselle, ha seo li neng li se batla feela e ne e le ho bua ka Bibele. Ke ile ka etsa qeto ka nako eo hore ha ke hōla, ke nyaloa, ’me ke e-ba le lelapa la ka, ke tla kōpa Lipaki tsa Jehova hore li kene ’me li ntlhalosetse Bibele.” Ke sona seo a ileng a se etsa, e leng ho ileng ha thabisa Lipaki tse mo etetseng.
8 Na U ka Atleha Haholoanyane? E ka ’na eaba kamehla hase batho bao re ba etelang ba etsang hore ho bonahale ho le thata ho sebetsa tšimo khafetsa. Ka linako tse ling bothata bo ho rōna. Na re qala re se ntse re e-na le likhopolo tse fosahetseng? Tsona li ka ama boikutlo ba rōna kapa mohlomong le molumo oa lentsoe la rōna le ponahalo ea sefahleho. Bontša moea o motle le sefahleho se elileng se khanyang khotso. Leka mokhoa o mocha oa ho atamela batho. Fetola linehelano tsa hao, ’me u loanele ho li ntlafatsa. Mohlomong u ka fetola potso ea hao e qalang kapa oa kenyelletsa lengolo le sa tšoaneng moqoqong. Botsa bara le barali ba bang babo rōna hore na ba fumane e le eng e atlehang ho sebetseng tšimo eo. Sebetsa le bahoeletsi ba sa tšoaneng le bo-pula-maliboho tšebeletsong, ’me u hlokomele hore na ke eng e etsang hore ba atlehe tšebeletsong ea bona.
9 Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o amoheloa ke Jehova ebile oa o hlohonolofatsa, ’me ho kopanela ha rōna ho oona ke sesupo sa hore rea mo rata ebile re rata le baahelani ba rōna. (Mat. 22:37-39) Kahoo a re phetheng mosebetsi oa rōna ho fihlela o phethoa, re se ke ra khathala ho sebetsa tšimo khafetsa.