Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
Tlhaloso e ’ngoe ea tšabo ke “tlhompho e tebileng haholo-holo ho Molimo.” Sena se hlalosa tšabo e molemo eo ho builoeng ka eona ka Mangolong e le “tšimoloho ea bohlale.” (Pes. 111:10) Ka lehlakoreng le leng, mofuta o mong oa tšabo o laola lefatše la Satane le re potolohileng. Re ka qoba boikutlo boo bo se nang molemo joang ha re ntse re hlaolela tšabo e nang le tlhompho ea Jehova? Lenaneo le lecha la kopano ea potoloho la selemo sa tšebeletso sa 2002 le tšohla taba ena. Sehlooho se re “Tšabang Molimo ’me le mo Tlotlise.” (Tšen. 14:7) Re tla utloisisa litsela tse ngata tseo ho tšaba Jehova ho re ruisang molemo ka tsona re le batho ka bomong le ha re le mokhatlo.
Le hoja tšabo e ka ’na ea fana ka maikutlo a ho tšoenyeha kapa ho felloa ke sebete le ho ba leqe ho tobana le maemo a thata, Bibele e re: “Ho thaba e mong le e mong ea tšabang Jehova.” (Pes. 128:1) Lenaneo la kopano le tla re bontša kamoo re ka tobanang ka katleho kateng le liphephetso borapeling ba ’nete. Re tla bona mokhoa oa ho thusa ba bacha hore ba hlaolele tšabo e molemo ea Molimo, eo ha e le hantle e tlang ho ba susumelletsa ho batla ho mo sebeletsa ka lipelo tsohle, moea oohle, likelello tsa bona tsohle le ka matla ’ohle a bona. (Mar. 12:30) Letsatsi la pele le phetheloa ka puo ea molebeli oa setereke e reng, “Atamela Haufi-ufi le Bao U ba Ratang.” O tla hlalosa hore na re ka lula re falimehile joang boitekong ba Diabolose ba ho re khelosa ho Jehova, ho malapa a rōna le ho barab’abo rōna ba Bakreste.
“Tšabang Jehova, Eseng Batho” ke sehlooho sa puo ea neheletsano e likarolo li ’nè letsatsing la bobeli. E tla hlalosa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho hlōla tšabo leha e le efe e re sitisang ho phetha tšebeletso ea rōna ka botlalo kapa ho boloka botšepehi ba rōna le letsoalo le letle sekolong le mosebetsing le hore na re ka ho etsa joang. Puo ea phatlalatsa e reng “Tšabang Molimo ’me le Boloke Litaelo Tsa Hae” e thehiloe letotong la liketsahalo tse hlalositsoeng ho Tšenolo khaolo ea 14. Kopano ea potoloho e tla qetella ka tataiso e khothatsang e reng “Le ’ne le Tsamaee Tšabong ea Jehova.”
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, Seboka sa Tšebeletso sa mohlala, puo ea kolobetso le kakaretso ea Thuto ea Molula-Qhooa ke lintlha tse khōlō tse eketsehileng lenaneong leo u ke keng ua rata hore le u fete. Mema liithuti tsa hao tsa Bibele hore li ee le uena. Mang le mang ea lakatsang ho kolobetsoa o lokela ho bolella molebeli ea okamelang kapele kamoo ho ka khonehang. Kaofela ha rōna re tla rata ho bonahatsa tšabo ea rōna e ntle ho Jehova ’me re ise khanya ho eena ka hore re se ke ra fosoa ke puo leha e le efe ea lenaneo lena le ikhethang!