E Amohetsoe ka Cheseho!
1 Malapa a Bakreste hohle a boletse kananelo ea ’ona e tebileng ka video ea Young People Ask—How Can I Make Real Friends? Ntate e mong United States o boletse hore ka mor’a hore bara ba hae ba e shebelle ba ile ba lula ba khutsitse—ba lumellana le ntlha e ’ngoe le e ’ngoe e videong moo! Tlaleho e tsoang Malawi e re bara le barali babo rōna ba bacha moo le bona ba lumellana le lintlha tse hlahisitsoeng moo hobane le bona ba tlas’a khatello e tšoanang ea lithaka sekolong. Ntate e mong Jeremane o ile a re ka video eo: “Ke nka hore ke karabelo ea lithapelo tsa ka.” Mocha e mong o itse: “Kea le leboha ka ho nkhopotsa hore Jehova oa ntsotella.” Moholo e mong, New Zealand o ile a tlaleha: “E thusitse ho khutlisetsa e mong oa bacha ba rōna ea ka tlaase ho lilemo tse 20 tseleng ea bophelo.” Mosali e mong ea nyetsoeng o ile a e shebella ’me a re: “Ekare mocha e mong le e mong ea ’neteng a ka shebella video ena ’me a susumeletseha ho phelela ’nete!” Malapa, ke hobane’ng ha le sa e shebelle hape? Ka mor’a moo ebe le buisana ka lipotso tse latelang.
2 Kenyelletso: Motsoalle oa ’nete ke ea joang?—Liprov. 18:24.
3 Lintho Tse Sitisang Botsoalle: U ka hlōla maikutlo a ho qheleloa ka thōko joang? (Bafil. 2:4) Ke hobane’ng ha u lokela ho ikemisetsa ho ntlafatsa botho ba hao, hona ke mang ea ka u thusang ho etsa seo? Ke eng e tla u bulela menyetla ea ho fumana metsoalle e meng, hona e ka fumanoa hokae?—2 Bakor. 6:13.
4 Botsoalle le Molimo: U ka hlaolela botsoalle le Jehova joang, hona ke hobane’ng ha seo se lokela ho etsetsoa boiteko? (Pes. 34:8) Ke bo-mang ba ka matlafatsang botsoalle ba hao le Molimo ka tsela e molemo ka ho fetisisa?
5 Metsoalle e Fosahetseng: Metsoalle e mebe ke e joang? (1 Bakor. 15:33) Metsoalle e fosahetseng e ka liha motho moeeng joang? Tlaleho ea Bibele ea Dina e u ruta eng?—Gen. 34:1, 2, 7, 19.
6 Tšoantšiso ea Kajeno: Ho jeoa ke bolutu ho ile ha ama Tara joang? O ile a lokafatsa ho tloaelana ha hae le bacha ba lefatše joang? Ba ile ba mo pepesetsa likotsing life? Ke hobane’ng ha batsoali ba hae ba ile ba sitoa ho bona kotsi eo a leng ho eona, empa ba ile ba mo thusa ka boikutlo bofe hore a hlaphoheloe moeeng? Morali’abo rōna oa pula-maliboho o ile a ipaka ho ba motsoalle oa sebele ho Tara joang? Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ela hloko mantsoe a Liproverbia 13:20 le Jeremia 17:9? Tara o ile a ithuta thuto efe ea bohlokoa?
7 Sephetho: U ithutile’ng videong ee? U ka e sebelisa joang ho thusa ba bang?—Pes. 71:17.