Tsoelang Pele ho Rua Molemo ka Molula-Qhooa le Tsoha!
Kaha joale lipeeletso tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse romeloang ka poso lia felisoa, ho tla hlokahala hore ho etsoe boiteko ho tiisa hore rōna le batho bao re ba pakelang, ha re fosoe ke tokollo le e ’ngoe.
Likopi Tsa Botho: Ha peeletso ea hao e fela, eketsa lenane la limakasine tseo u li odarang hona joale. Batsoali ba lokela ho odara limakasine tse lekaneng e le hore setho se seng le se seng sa lelapa se be le kopi ea sona. Ho ngola lebitso koping ea hao ho tla thusa hore e se tsamaisoe ka phoso tšimong. Ha limakasine li fihla, barab’abo rōna ba li hlokomelang ba tla etsa hore tokollo ka ’ngoe e fihle hang-hang Holong ea ’Muso.
Litselana Tsa Limakasine: Bahoeletsi ba lokela ho ikitlaelletsa ho qalisa tselana ea limakasine le batho bohle ba thahasellang, ba lakatsang ho fumana tokollo ka ’ngoe. Ha re isetsa batho bao limakasine ka borōna, re tla fumana monyetla oa ho hlaolela thahasello e bontšitsoeng le ho qala lithuto tsa Bibele.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1998, leqepheng la 12.
Ba Nang le Litlhoko Tse Khethehileng: Haeba motho a bontša thahasello ea sebele empa a lula tšimong e sa abuoang, ho ka etsoa tokisetso e khethehileng e le hore a fumane limakasine ka peeletso e romeloang ka poso. Haeba motho ea lulang tšimong ea phutheho a sitoa ho finyelloa ka tselana ea limakasine empa a hlile a thahasella ho fumana limakasine, buisana le Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho ka taba eo. Haeba e lumela, motho eo ea thahasellang a ka etsetsoa peeletso. Ho ka sebelisoa liforomo tse tloaelehileng tsa peeletso (M-1 le M-101) bakeng sa morero ona ’me li lokela ho romeloa le lengolo le hlalosang boemo.
Re ka kholiseha hore Jehova o tla tsoela pele ho hlohonolofatsa boiteko bohle boo re bo etsang ho phatlalatsa ’Muso re sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha!