Tumelo ea Rōna e re Susumelletsa Mesebetsing e Molemo
1 Tumelo e ile ea susumelletsa Noe, Moshe le Rahaba hore ba nke khato. Noe o ile a haha areka. Moshe o ile a tela bophelo ba menyaka ea nakoana tlung ea Faro ea borena. Rahaba o ile a pata lihloela a ba a mamela litaelo tsa tsona, a pholosa ba ntlo ea hae. (Baheb. 11:7, 24-26, 31) Tumelo ea rōna e re susumelletsa ho etsa mesebetsi efe e molemo kajeno?
2 Ho Paka: Tumelo e re susumelletsa ho bua ka Molimo oa rōna ea babatsehang le ka litokisetso tseo a li entseng ho tlisa thabo e sa feleng. (2 Bakor. 4:13) Ka linako tse ling, re ka ’na ra ikutloa re le leqe ho fana ka bopaki. Empa ha re ‘beha Jehova ka pel’a rōna kamehla,’ rea matlafala le tšabo ea kokobela. (Pes. 16:8) Kahoo tumelo ea rōna e re susumelletsa ho abelana litaba tse molemo le beng ka rōna, baahelani, basebetsi-’moho, bao re kenang sekolo le bona le ba bang neng le neng ha monyetla o hlaha.—Bar. 1:14-16.
3 Ho Bokana Hammoho: Ho ba teng kamehla libokeng ke mosebetsi o mong o molemo o hlahisoang ke tumelo. Joang? Ho bontša hore rea lumela hore Jesu o na le rōna ka moea oa Molimo o halalelang ha re bokane hammoho libokeng tsa Bokreste. (Mat. 18:20) Ho bonahatsa takatso ea rōna ea ‘ho utloa seo moea o se bolellang liphutheho.’ (Tšen. 3:6) Re nka ka ho teba taeo eo re e fuoang hobane ka tumelo, rea bona hore re rutoa ke Morupeli oa rōna e Moholo, Jehova.—Esa. 30:20.
4 Lintho Tseo re li Khethang: Tumelo e matla linthong tsa sebele tse sa bonoeng e re susumelletsa ho etelletsa pele lintho tsa moea bophelong ba rōna. (Baheb. 11:1) Hangata sena se akarelletsa ho tela lintho tse itseng tse bonahalang. Ka mohlala, moholo e mong o ile a hana ho amohela mosebetsi o lefang hantle hobane a ne a tla fosa liboka, a be hōle le lelapa la hae, hape a khaotse tšebeletso ea bopula-maliboho. E se eka le rōna re ka beha tšepo ea rōna e feletseng tšepisong ea Bibele ea hore Jehova o tla hlokomela ba ‘batlang ’muso pele le ho loka ha hae.’—Mat. 6:33.
5 Ba bang ba hlokomela tšusumetso e matla eo tumelo e bang le eona bophelong ba rōna. Ha e le hantle, tumelo ea rōna e tsejoa lefatšeng ka bophara. (Bar. 1:8) Ka hona, e se eka kaofela ha rōna re ka bonahatsa ka mesebetsi ea rōna e molemo hore tumelo ea rōna ea phela.—Jak. 2:26.