Ho Thusa ba Bang ho Tlotlisa Jehova
1 Batho lefatšeng lohle ba ntse ba bolelloa molaetsa oa bohlokoa o reng: “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile, kahoo le rapele Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.” (Tšen. 14:6, 7) Re na le tokelo ea ho kopanela boboleling boo. Ho hlokahala hore batho ba tsebe eng ka Jehova e le hore ba mo tšabe le ho mo rapela?
2 Lebitso la Hae: Ho hlokahala hore batho ba tsebe ho khetholla Molimo a le mong feela oa ’nete ka lebitso melimong e mengata ea bohata e rapeloang kajeno. (Deut. 4:35; 1 Bakor. 8:5, 6) Ha e le hantle, bangoli ba Bibele ba ile ba sebelisa lebitso le khanyang la Jehova ka makhetlo a fetang 7 000. Le hoja ka nepo re sebelisa temoho mabapi le hore na re kenyelletsa lebitso la Molimo neng, le ka mohla ha rea lokela ho le pata kapa ho ba lihlong ho le sebelisa. Thato ea Molimo ke hore batho bohle ba tsebe lebitso la hae.—Pes. 83:18.
3 Botho ba Hae: Hore batho ba tlotlise Jehova, ho hlokahala hore ba tsebe hore na ke Molimo oa mofuta ofe. Re tlameha ho ba tsebisa lerato la hae le ikhethang, bohlale ba hae bo fetisisang, toka ea hae e feletseng le matla a hae a maholo, hammoho le mohau oa hae, mosa o lerato le litšobotsi tse ling tse babatsehang. (Ex. 34:6, 7) Hape ba tlameha ho tšaba Molimo ka ho loketseng, ba mo hlomphe, ba hlokomele hore bophelo ba bona bo itšetlehile ka kamohelo ea Jehova.—Pes. 89:7.
4 Ho Atamela ho Molimo: Hore batho ba pholohe kahlolo ea Molimo e tlang, ba lokela ho ipiletsa ho Jehova ka tumelo. (Bar. 10:13, 14; 2 Bathes. 1:8) Sena ha se bolele feela ho tseba lebitso la Molimo le litšobotsi tsa hae. Re lokela ho thusa batho ho ba le kamano le Jehova, ba mo tšepe ka lipelo tsohle. (Liprov. 3:5, 6) Ha ba ntse ba sebelisa seo ba ithutileng sona, ba rapela Molimo ka tieo ’me a ba thusa bophelong ba bona, tumelo ea bona e tla hōla, e leng se tla ba thusa hore ba atamele ho Jehova.—Pes. 34:8.
5 E se eka re ka bolela lebitso la Molimo ka cheseho ’me re thuse ba bang hore ba mo tšepe ka ho feletseng ba be ba mo tšabe. Mohlomong re ka khona ho thusa ba eketsehileng hore ba tsebe Jehova ’me ba mo tlotlise e le ‘Molimo oa bona oa poloko.’—Pes. 25:5.