Bontša Thahasello e Lerato ho “Bashanyana ba se Nang Bo-ntate”
1 Jehova ke “ntat’a bashanyana ba se nang bo-ntate.” (Pes. 68:5) Ho ameha ha hae ka boiketlo ba bona ho bonahatsoa ke taelo ena eo a ileng a e fa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele: “Le se ke la hlorisa mohlolohali leha e le ofe kapa moshanyana ea se nang ntate. Haeba u ka mo hlorisa, joale haeba a ka hoeletsa ho ’na, ruri ke tla utloa mohoo oa hae.” (Ex. 22:22, 23) Molao oa Molimo o ne o boetse o akarelletsa litokisetso tsa ho thusa ba joalo ka litlhoko tsa bona tsa nama. (Deut. 24:19-21) Tlas’a tokisetso ea Bokreste, barapeli ba ’nete ba phehelloa “ho hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona.” (Jak. 1:27) Re ka etsisa Jehova joang ka ho bontša thahasello e lerato ho bana ba hōlelang malapeng a motsoali a le mong kapa a arohaneng bolumeling?
2 Koetliso ea Moea: Haeba u motsoali ea se nang molekane kapa u na le molekane ea sa lumelang, ho ka ba thata ho khannela bana ba hao thuto ea Bibele ea lelapa kamehla. Empa ho hlokahala thuto ea Bibele ea kamehla le e nang le morero haeba ba tla hōla hore e be batho ba baholo ba hōlileng tsebong. (Liprov. 22:6) Ho buisana le bona kamehla ka litaba tsa moea le hona ke habohlokoa. (Deut. 6:6-9) Ka linako tse ling, u ka ’na ua ikutloa u nyahame, empa u se ke ua tela. Retelehela ho Jehova bakeng sa matla le tataiso ha u ntse u ‘tsoela pele ho hōlisa bana ba hao ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.’—Baef. 6:4.
3 Tsebisa baholo haeba u hloka thuso e itseng ka ho hlokomela boikarabelo ba hao ba Mangolo. Ba ka ’na ba u fa litlhahiso tse sebetsang kapa ba u thusa hore u etse kemiso e hlophisehileng ea lintho tsa moea bakeng sa lelapa la hao.
4 Kamoo ba Bang ba ka Thusang Kateng: Lekholong la pele la lilemo, Timothea e ile ea e-ba mohlanka ea chesehang oa Jehova le hoja a ne a hōletse lelapeng le arohaneng bolumeling. Ha ho pelaelo hore boiteko bo mafolofolo ba ’mè oa hae le nkhono oa hae ba ho mo ruta mangolo a halalelang bocheng ba hae bo ile ba tlatsetsa haholo tabeng ena. (Lik. 16:1, 2; 2 Tim. 1:5; 3:15) Leha ho le joalo, o ile a boela a rua molemo ka ho tloaelana le Bakreste ba bang, ho akarelletsa le moapostola Pauluse, ea ileng a re Timothea ke ‘ngoana oa hae ea ratoang le ea tšepahalang Moreneng.’—1 Bakor. 4:17.
5 Ka ho tšoanang le kajeno, ho molemo hakaakang ha bara le barali babo rōna ba hōlileng moeeng ba bontša thahasello e lerato ho bashanyana le banana ba se nang bo-ntate ka phuthehong! Na u tseba e mong le e mong oa bona ka lebitso? Na u bua le bona libokeng tsa Bokreste le ka linako tse ling? Ba meme hore ba sebetse le uena tšebeletsong ea tšimo. Mohlomong ka linako tse ling u ka ba kenyelletsa thutong ea lelapa la hao kapa litokisetsong tsa boithabiso bo hahang hammoho le motsoali oa bona ea se nang molekane kapa ea lumelang. Ha bacha bana ba u nka u le motsoalle oa bona, ba ka ’na ba etsisa mohlala oa hao le ho amohela khothatso ea hao.—Bafil. 2:4.
6 Jehova o thahasella ka botebo bashanyana le banana ba se nang bo-ntate ’me o putsa boiteko ba rōna bo lerato ba ho ba thusa ho phelela ’nete. Ba bangata ba hōletseng malapeng a motsoali a le mong kapa a arohaneng bolumeling ba amohetse khothatso e joalo ’me hona joale ba sebeletsa ka botšepehi e le bo-pula-maliboho, bahlanka ba sebeletsang, baholo, balebeli ba tsamaeang, baromuoa, kapa litho tsa lelapa la Bethele. E se eka kaofela ha rōna re ka batla litsela tsa ho ‘atolosa’ kameho ea rōna bakeng sa bana ba se nang bo-ntate, re etsise Ntate oa rōna oa leholimo.—2 Bakor. 6:11-13.