Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/03 leq. 1
  • Ho Phelela Boinehelo ba Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phelela Boinehelo ba Rōna
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsoela Pele U Sebeletsa Jehova ka Pelo e Tiileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na U Phelela Boinehelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Phelela Boinehelo ba Rōna “Letsatsi le Letsatsi”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Inehela ho Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 1/03 leq. 1

Ho Phelela Boinehelo ba Rōna

1 Ebang u sa tsoa kolobetsoa kapa ke khale u kolobelitsoe, e ka ’na eaba u sa hopola ketsahalo eo ea bohlokoa bophelong ba hao. Kolobetso ea rōna hase qetello empa, ho e-na le hoo, ke qalo ea tšebeletso ea boinehelo ea bophelo bohle e ka tsoelang pele ka ho sa feleng. (1 Joh. 2:17) Ho akarelletsa eng ho phelela boinehelo ba rōna?

2 Latela Mohlala oa Kreste: Ka mor’a hore a kolobetsoe, Jesu o ile “a qala mosebetsi oa hae,” a phatlalatsa “litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.” (Luka 3:23; 4:43) Ka ho tšoanang, ka mor’a hore re tšoantšetse boinehelo ba rōna ho Jehova ka kolobetso, re ile ra fetoha basebeletsi ba khethiloeng ba litaba tse molemo. Le hoja ho ka ’na ha hlokahala nako e ngata le boiteko bo matla hore re fumana lintho tse hlokahalang bophelong, mosebetsi oa rōna o ka sehloohong ke tšebeletso ea Bokreste. (Mat. 6:33) Ho e-na le ho hahamalla leruo kapa botumo, ba inehetseng ho Molimo ba batla ho ‘tlotlisa bosebeletsi ba bona,’ joalokaha moapostola Pauluse a ile a etsa. (Bar. 11:13) Na u ananela tokelo ea hao ea ho sebeletsa Jehova le ho etsa sohle se matleng a hao ho etsa seo?

3 Joaloka tabeng ea Jesu, re lokela ho ‘hanyetsa Diabolose.’ (Jak. 4:7) Satane o ile a leka Jesu ka mor’a hore A kolobetsoe, ’me le kajeno o ntse a hlasela bahlanka ba Jehova ba inehetseng. (Luka 4:1-13) Kaha re pota-potiloe ke lefatše la Satane, re lokela ho sebelisa boitšoaro, ho qoba ntho leha e le efe e ka silafatsang likelello tsa rōna kapa ea bolisa lipelo tsa rōna. (Liprov. 4:23; Mat. 5:29, 30) Bakreste ba hlokomelisoa hore ‘ba ke ke ba ja “tafoleng ea Jehova” le tafoleng ea bademona.’ (1 Bakor. 10:21) Sena se hloka hore re itebele khahlanong le boithabiso bo sa hloekang, metsoalle e mebe le likotsi tse ho Internet. Ho boetse ho hloka hore re qobe boitsebiso ba bakoenehi. Ho ela hloko lintho tsena le maqiti a mang a Satane ho tla re thusa ho phelela boinehelo ba rōna.

4 Sebelisa Litokisetso Tsa Molimo: Jehova o fane ka thuso ka Lentsoe la hae le ka phutheho ea Bokreste, ho re thusa ho phelela boinehelo ba rōna. Etsa hore ho bala Bibele le ho rapela Jehova e be karolo ea kemiso ea hao ea letsatsi le letsatsi. (Josh. 1:8; 1 Bathes. 5:17) Thabela liboka tsa phutheho. (Pes. 122:1) Kopanela le ba tšabang Jehova ’me u boloke litaelo tsa hae.—Pes. 119:63.

5 Ka tšehetso ea Molimo, u ka phelela boinehelo ba hao ho Jehova ’me ua thabela ho mo sebeletsa ka ho sa feleng.—Pes. 22:26, 27; Bafil. 4:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela