Mosebetsi o Khathollang
1 Molaetsa oa Bibele o khatholla bohle ba o amohelang le ba o sebelisang bophelong ba bona. (Pes. 19:7, 8) O ba thusa ho itšoasolla lithutong tsa bohata le mekhoeng e kotsi ’me o fana ka tšepo ea ’nete bakeng sa nako e tlang. Leha ho le joalo, ba amohelang litaba tse molemo hase bona feela ba ruang molemo. Ba bolellang ba bang linnete tsa Bibele tse khathollang le bona baa khatholloa.—Liprov. 11:25.
2 Ho Matlafatsoa ke Tšebeletso: Jesu o ile a re ba amohelang joko ea hore e be barutuoa ba Bakreste, e akarelletsang mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa, ba ne ba tla “fumanela meea ea [bona] khatholoho.” (Mat. 11:29) Eena ka boeena o ile a matlafatsoa ke ho pakela ba bang. Ho ne ho tšoana le lijo ho eena. (Joh. 4:34) Ha a roma barutuoa ba 70 hore ba ee ho bolela, ba ile ba thaba ha ba bona kamoo Jehova a neng a tšehetsa mosebetsi oa bona kateng.—Luka 10:17.
3 Ka ho tšoanang Bakreste ba bangata kajeno ba matlafatsoa ke ho kopanela mosebetsing oa boboleli. Morali e mong oabo rōna o ile a re: “Tšebeletso ea khatholla hobane e etsa hore ke tsepamise bophelo ba ka nthong e itseng ’me ke be le morero. Mathata a ka le likhatello tsa letsatsi le letsatsi lia bebofala ha ke kopanela tšebeletsong.” Mosebeletsi e mong ea chesehang o ile a re: “Tšebeletso . . . e etsa hore Jehova e be motho oa sebele ho ’na letsatsi le letsatsi ’me e etsa hore ke be le khotso le thabo ea pelo tse ke keng tsa finyelloa ka litsela tse ling.” Re na le tokelo e kaakang ea ho ba “basebetsi-’moho le Molimo”!—1 Bakor. 3:9.
4 Joko ea Kreste e Mosa: Le hoja Bakreste ba khothalletsoa hore ba ‘ikitlaetse ka matla,’ Jesu ha a hloke hore re fane ka seo re ke keng ra se khona. (Luka 13:24) Ha e le hantle, ka lerato o re mema hore ‘re kene le eena tlas’a joko ea hae.’ (Mat. 11:29, NW, ftn.) Ba lokelang ho sebetsana le maemo a boima ba ka kholiseha hore tšebeletso ea bona ea moea oohle, le hoja e fokola, e khahlisa Molimo.—Mar. 14:6-8; Bakol. 3:23.
5 Ke ho khathollang hakaakang ho sebeletsa Molimo ea ananelang sohle seo re se etsang bakeng sa lebitso la hae! (Baheb. 6:10) E se eka kamehla re ka leka ka matla ho mo sebeletsa ka hohle kamoo re ka khonang.