Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/03 leq. 1
  • Etsisa Molemo oa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsisa Molemo oa Jehova
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “O Molemo Haholo”
    Atamela ho Jehova
  • Boholo bo Tsotehang ba Molemo oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Molemo​—U ka Etsa’ng Hore U be Motho ea Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Molemo o Khaphatsehang oa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 8/03 leq. 1

Etsisa Molemo oa Jehova

1 Ka mor’a hore re bone ha letsatsi le likela ka tsela e hlollang kapa re thabele lijo tse monate, na ha re susumelletsehe ho leboha Jehova, Mohloli oa molemo oohle? Molemo oa hae o re susumelletsa hore re batle ho mo etsisa. (Pes. 119:66, 68; Baef. 5:1) Re ka bonahatsa tšoaneleho ea molemo joang?

2 Ho ba sa Lumelang: Tsela e ’ngoe eo re ka etsisang molemo oa Jehova ka eona ke ka ho bontša kameho ea sebele ho ba sa amaneng le rōna tumelong. (Bagal. 6:10) Ho bontša molemo ka litsela tse sebetsang ho ka ba le phello e ntle tseleng eo ka eona ba talimang Lipaki Tsa Jehova le molaetsa oo re o phatlalatsang.

3 Ka mohlala, ha mora e mong oabo rōna e mocha oa pula-maliboho a ntse a emetse ho bona ngaka sepetlele, o ne a lutse haufi le mosali e mong ea hōlileng ea neng a bonahala a kula ho feta bakuli ba bang ba bangata. Ha nako ea hore mor’abo rōna a kene ka ngakeng e fihla, o ile a re mosali eo a kene pele ho eena. O ile a boela a kopana le eena hamorao, lekhetlong lena ba kopana ’marakeng, ’me mosali eo a thabela ho mo bona. Le hoja nakong e fetileng a ne a sa amohele litaba tse molemo, o ile a re joale oa tseba hore ruri Lipaki Tsa Jehova li rata baahelani ba tsona. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele ea kamehla le eena.

4 Ho Barab’abo Rōna: Hape re tla be re etsisa molemo oa Jehova ha re itella ho thusa balumeli-’moho le rōna. Linakong tsa tlokotsi, re ba har’a batho ba pele ba ho phallela barab’abo rōna. Re bontša moea o tšoanang ha re thusa ba hlokang lipalangoang ho ea libokeng, ha re etela ba kulang le ha re atolosetsa lerato la rōna ho bao re sa ba tsebeng hantle ka phuthehong.—2 Bakor. 6:11-13; Baheb. 13:16.

5 Tsela e ’ngoe eo Jehova a bontšang molemo oa hae ka eona ke ka ‘ho itokisetsa ho tšoarela.’ (Pes. 86:5) Re ka mo etsisa ’me re bontše hore re rata molemo ka ho tšoarela ba bang. (Baef. 4:32) Sena se thusa ho etsa hore setsoalle sa rōna le balumeli-’moho e be ‘se setle le se khahlisang.’—Pes. 133:1-3.

6 E se eka molemo oa Jehova o moholo o ka re susumelletsa ho bua re sa khaotse ha re mo rorisa ’me re tlale thabo. ’Me e se eka re ka leka ka matla ho etsisa molemo oa hae linthong tsohle tseo re li etsang.—Pes. 145:7; Jer. 31:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela