Likopano tsa Setereke le tsa Machaba li re Susumelletsa ho Tlotlisa Molimo!
Likopano tsa Setereke le tsa Machaba tsa “Tlotlisang Molimo” tse neng li tšoeroe li fane ka bopaki bo tsotehang. Liketsahalo tsena tsa bohlokoa tsa puso ea Molimo li tlotlisitse lebitso la Jehova le ho ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho ‘isa ho Jehova khanya ea lebitso la hae.’ (Pes. 96:8) Ka sebele, o tšoanela ho tlotlisoa ka lebaka la mesebetsi ea hae e hlollang ea pōpo, e bonahatsang litšoaneleho tsa hae tse babatsehang.—Jobo 37:14; Tšen. 4:11.
U sebelisa lipotso tsena tse latelang hammoho le lintlha tseo u li ngotseng, lokisetsa ho kopanela tlhahlobong ea lenaneo la kopano e tla tšoaroa bekeng ea la 23 February.
1. Pōpo e sa pheleng e bolela khanya ea Molimo joang, hona seo se fapane joang le tsela eo batho ba mo rorisang ka eona? (Pes. 19:1-3; “Pōpo e Bolela Khanya ea Molimo”)
2. Ke ntho efe ea sebele ea kajeno e tšoantšetsoang ke pono ea ho fetoha ha sebōpeho, hona Bakreste kajeno ba susumetsoa ka tsela efe ke ntho ee ea sebele? (Puo ea sehlooho, “Lipono Tse Hlollang Tsa Boprofeta Lia re Susumetsa!”)
3. Re ka hlaolela boikokobetso bo kang ba moprofeta Daniele joang, hona re tla rua molemo joang ka ho etsa joalo? (Dan. 9:2, 5; 10:11, 12; “Khanya ea Jehova e Senoleloa ba Ikokobelitseng”)
4. (a) Re ka ithuta lintho life tse tharo ka kahlolo ea Molimo boprofeteng ba Amose? (Amose 1:3, 11, 13; 9:2-4, 8, 14) (b) Lipaki Tsa Jehova li ka ithuta thuto efe e molemo mohlaleng o lemosang o fumanoang ho Amose 2:12? (“Boprofeta ba Amose—Molaetsa oa Bona Mehleng ea Rōna”)
5. (a) Ho se lekanyetse tšebeliso ea lino tse tahang, le haeba motho a sa tahoe, ho na le likotsi life? (b) Bothata ba ho se lekanyetse tšebeliso ea lino tse tahang bo ka lokisoa joang? (Mar. 9:43; Baef. 5:18; “Qoba Leraba la Tšebeliso e Mpe ea Lino Tse Tahang”)
6. U rua molemo joang bukaneng e ncha ea “Bona Naha e Ntle”? (“‘Naha e Ntle’—Selelekela sa Paradeise”)
7. Re ka “bonahatsa khanya ea Jehova joaloka liipone” ka litsela life tse tharo? (2 Bakor. 3:18; ‘Bonahatsang Khanya ea Jehova Joaloka Liipone’)
8. Mohloli oa lehloeo le se nang mabaka ke ofe, ’me ke’ng se ka re thusang ho boloka botšepehi ho sa tsotellehe lehloeo le joalo? (Pes. 109:1-3; “Ho Hlouoa Ntle ho Lebaka”)
9. Pono e kang ea Kreste ke efe mabapi le boholo, hona motho a ka tseba joang hore ho hlokahala hore a hlaolele pono ee haholoanyane? (Mat. 20:20-26; “Ho Hlaolela Pono e Kang ea Kreste Mabapi le Boholo”)
10. Ke’ng se ka re thusang ho lula re le matla moeeng ho sa tsotellehe ho khathala ’meleng? (“Ho Khathala Empa re sa Felloe ke Matla”)
11. Mekhoa e meng eo Satane a khothalletsang leshano ka eona ke efe, hona re ka nka bohato bofe bo loketseng ba Mangolo khahlanong le boiteko ba ho senya tumelo ea rōna? (Joh. 10:5; “Ela Hloko ‘Mantsoe a Basele’”)
12. (a) Batsoali ba ka latela joang mohlala oa Jesu o tlalehiloeng ho Mareka 10:14, 16? (b) Ke eng seo u se thabelang bukeng e ncha ea Ithute ho Mosuoe e Moholo? (“Bana ba Rōna ke Lefa la Bohlokoa”)
13. Bacha ba rorisa Jehova joang? (1 Tim. 4:12; “Kamoo Bacha ba Rorisang Jehova Kateng”)
14. Ke likarolo life tseo u li hopolang ka ho khetheha tšoantšisong ea “Ho Paka ka Sebete ho sa Tsotellehe Khanyetso”?
15. Re ka latela joang mohlala o behiloeng ke (a) Petrose le Johanne? (Lik. 4:10) (b) Setefane? (Lik. 7:2, 52, 53) (c) phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo? (Lik. 9:31; tšoantšiso le puo e reng “Bolelang Litaba Tse Molemo le sa ‘Khaotse’”)
16. (a) Re ile ra etsa qeto ea ho tlotlisa Molimo ka litsela life? (b) Re ka kholiseha ka eng ha re ntse re sebelisa seo re ithutileng sona Likopanong tsa “Tlotlisang Molimo”? (Joh. 15:9, 10, 16; “‘Le ’ne le Behe Litholoana Tse Ngata’ Tlotlisong ea Jehova”)
Ka ho thuisa ka thupelo e molemo ea moea e fanoeng kopanong, re tla susumelletseha ho sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona. (Bafil. 4:8, 9) Sena se tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho ‘etsa lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.’—1 Bakor. 10:31.