Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/04 leq. 1
  • Bonngoe ba ’Nete ba Bokreste—Bo ka Finyelloa Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bonngoe ba ’Nete ba Bokreste—Bo ka Finyelloa Joang?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bonngoe ba Bokreste bo Tlotlisa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Bonngoe bo Khetholla Borapeli ba ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Bolokang Bonngoe Matsatsing Ana a ho Qetela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lelapa la Jehova le Thabela Bonngoe ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 10/04 leq. 1

Bonngoe ba ’Nete ba Bokreste—Bo ka Finyelloa Joang?

1 Ke eng se ka kopanyang batho ba fetang limilione tse tšeletseng ba linaha tse 234 ba buang lipuo tse ka bang 380? Ke borapeli ba Jehova Molimo feela. (Mik. 2:12; 4:1-3) Lipaki Tsa Jehova li tseba hantle hore bonngoe ba ’nete ba Bokreste ke ntho ea sebele e etsahalang kajeno. Joaloka “mohlape o le mong” o tlas’a ‘molisa oa rōna a le mong,’ re ikemiselitse ho hanela moea oa lefatše lena o bakang likarohano.—Joh. 10:16; Baef. 2:2.

2 Morero oa Molimo o tiileng ke hore libōpuoa tsohle tse bohlale li kopane borapeling ba ’nete. (Tšen. 5:13) Kaha Jesu o ne a tseba bohlokoa ba sena, o ile a rapela ka tieo hore balateli ba hae ba be bonngoeng. (Joh. 17:20, 21) E mong le e mong oa rōna a ka tlatsetsa joang bonngoeng ba phutheho ea Bokreste?

3 Kamoo Bonngoe bo Finyelloang Kateng: Bonngoe ba Bokreste bo ne bo ke ke ba finyelloa, ha e ne e se ka Lentsoe la Molimo le moea oa hae. Ha re sebelisa seo re se balang Bibeleng re lumella moea oa Molimo hore o phalle ka bolokolohi bophelong ba rōna. Sena se re nolofalletsa “ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.” (Baef. 4:3) Se re susumelletsa ho mamellana ka lerato. (Bakol. 3:13, 14; 1 Pet. 4:8) Na u tlatsetsa bonngoeng ka ho thuisa ka Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng?

4 Mosebetsi oa rōna oa ho bolela le ho etsa barutuoa le oona oa re kopanya. Ha re sebetsa le ba bang tšebeletsong ea Bokreste, ‘re loana re bapile ka mahlakore bakeng sa tumelo ea litaba tse molemo,’ re ba “basebetsi-’moho ’neteng.” (Bafil. 1:27; 3 Joh. 8) Ha re ntse re etsa joalo, tlamo e kopanyang ea lerato ka har’a phutheho ea matlafala. Ke hobane’ng ha u sa meme motho eo e leng khale u qetetse ho sebetsa le eena tšebeletsong ea tšimo hore a tsamaee le uena bekeng ee?

5 Re hlohonolofalitsoe hakaakang hore ebe re karolo ea mokhatlo oa bara ba motho oa machaba o le mong feela oa ’nete lefatšeng kajeno! (1 Pet. 5:9) Haufinyane tjena, ba likete ba ile ba iponela bonngoe bona ba lefatše lohle Likopanong Tsa Machaba tsa “Tlotlisang Molimo.” E se eka e mong le e mong oa rōna a ka tlatsetsa bonngoeng bona ba bohlokoa ka ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng, ka ho rarolla liphapang ka lerato le ka ho bolela litaba tse molemo “ka tumellano.”—Bar. 15:6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela