Ho ba Teng Kamehla Libokeng—Ho Tla Pele
1 Malapa a Bakreste a etsa hore ho ba teng libokeng tsa phutheho kamehla ho tle pele. Empa litlhoko tsa bophelo kajeno li ka baka bothata. Na mesebetsi ea lelapa, mosebetsi oa boipheliso kapa oa sekolo o qala ho ja nako e behetsoeng borapeli ba Jehova? Ho talima lintho kamoo Jehova a li talimang kateng ho tla re thusa ho beha lintho tse tlang pele sebakeng sa pele.—1 Sam. 24:6; 26:11.
2 Ka ho roalla patsi ka Sabatha, ka boomo monna e mong oa Moiseraele o ile a hlokomoloha pono ea Jehova. E ka ’na eaba o ile a beha lebaka la hore o ne a hlokomela lelapa la hae kapa e ne e le ntho e sa reng letho. Leha ho le joalo, Jehova o ile a bontša ka kahlolo eo a ileng a e liha hore mesebetsi e tloaelehileng e etsoang ka nako e behetsoeng borapeli ke taba e tebileng.—Num. 15:32-36.
3 Ho Sebetsana ka Katleho le Bothata: Ba bangata ba thatafalloa ke ho qoba hore mosebetsi oa boipheliso o se ke oa ba sitisa ho ba teng libokeng. Ba bang ba sebetsane ka katleho le bothata bona ka ho bua le bahiri ba bona, ka ho chenchana ka lichifi le basebetsi-’moho, ka ho batla mosebetsi o loketseng kapa ka ho nolofatsa bophelo ba bona. Ntle ho pelaelo, boitelo bo joalo bo etsetsoang borapeli ba ’nete bo khahlisa Molimo.—Baheb. 13:16.
4 Mosebetsi oa sekolo le oona o ka baka bothata. Mocha e mong o itse: “Ke etsa mosebetsi o mong oa sekolo pele ho liboka ’me o mong ke o qetela ha ke fihla hae.” Haeba ho sa khonehe ho phetha mosebetsi oohle oa sekolo matsatsing a liboka, batsoali ba bang ba ’nile ba hlalosetsa matichere hore ho ba teng libokeng tsa Bokreste ho tla pele malapeng a bona.
5 Tšebelisano-’moho le tlhophiso e ntle ke linotlolo tsa ho phetha mesebetsi ea lelapa e le hore lelapa le ka itokisetsa ho fihla ka nako libokeng. (Liprov. 20:18) Esita le bana ba banyenyane ba ka rutoa ho apara le ho itokisetsa ho ea libokeng ka nako e behiloeng. Ka mohlala oa bona, batsoali ba ka ruta bana ba bona bohlokoa ba liboka.—Liprov. 20:7.
6 Ha likhatello tsa tsamaiso ea hona joale ea lintho li ntse li eketseha, ke habohlokoa hore re be teng libokeng tsa phutheho kamehla. E se eka re ka tsoela pele ho talima lintho kamoo Jehova a li talimang kateng ’me re etse hore ho ba teng libokeng kamehla ho tle pele.—Baheb. 10:24, 25.