Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Sept. 15
“Lithapelong tsa batho ba limilione ho na le mantsoe ana a tsebahalang. [Bala Matheu 6:10.] U nahana hore bophelo bo ka be bo le joang haeba thato ea Molimo e ne e etsoa ka ho feletseng lefatšeng? [Emela karabelo.] Makasine ena e hlahloba moelelo oa karolo ka ’ngoe ea Thapelo ea Morena, ho akarelletsa le eo re sa tsoa e bala.”
Molula-Qhooa Oct. 1
“Kaofela ha rōna re hlolohetsoe ho bona ha tlōlo ea molao, pefo le ntoa li fela. U nahana hore mantsoe aa a tla ke a phethahale? [Bala Pesaleme ea 37:11. Ebe u emela karabelo.] Makasine ena e tšohla kamoo tšepiso ena e amanang kateng le morero oa Molimo oa tšimolohong bakeng sa moloko oa batho le kamoo re ka kopanelang ho oona.”
Tsoha! Oct. 8
“Na hase ntho e bohloko hore ebe selemo le selemo banana ba limilione ba lilemo li ka tlaase ho 20 baa ima? [Emela karabelo.] Makasine ena e tšohla mehato eo ba ka e nkang hore ba talimane le liphephetso tse ngata tsa ho ba bo-’mè ba sa le banyenyane. E boetse e tšohla kamoo batsoali ba ka thusang bana ba bona ho qoba bothata bona.” Bala 2 Timothea 3:15.
Nehelano e ’ngoe: “Batho ba bangata ba amehile ka bothata bo ntseng bo tōta har’a bacha—e leng ba ho itlopa joala. Na u se u kile ua utloa ka bona? [Emela karabelo. Ebe u bala Liproverbia 20:1.] Ho itlopa joala ho pepesetsa bacha likotsi tse ngata. Sehlooho sena se tšoere boitsebiso bo ka ba thusang ho hanela khatello ea ho sebelisa joala hampe.”