Letsatsi la Jehova le Haufi
1 Bakreste ba labalabela hore letsatsi la Jehova le fihle, leo ka lona a tla timetsa tsamaiso ea joale ea lintho ’me a tlise lefatše le lecha la ho loka. (2 Pet. 3:12, 13) Kaha ha re tsebe hantle hore na letsatsi leo le tla fihla neng, re tlameha ho lula re falimehile ’me re thuse ba bang hore ba etse joalo. (Ezek. 33:7-9; Mat. 24:42-44) Ho thuisa ka Lentsoe la Molimo la boprofeta ho tla matlafatsa kholiseho ea rōna ea hore “letsatsi le leholo la Jehova le haufi.”—Sof. 1:14.
2 Tlhahlamano ea Mebuso e Matla ea Lefatše: Joalokaha ho tlalehiloe ho Tšenolo 17:9-11, moapostola Johanne o bua ka “marena a supileng,” a emelang ho hlahlamana ha mebuso e supileng e matla ea lefatše. Hape Johanne o bua ka “morena oa borobeli,” eo hajoale a emelang Machaba a Kopaneng. Na re ka lebella hore ho hlahe mebuso e meng e matla ea lefatše? Che, boprofeta bo bolela hore morena enoa oa borobeli o “ea timetsong,” ’me ka mor’a moo ha ho na marena a mang a lefatše ao ho buuoang ka ’ona. Na boprofeta boo bo u thusa ho bona moo re leng teng kemisong ea nako?
3 Daniele 2:31-45 e re thusa hore re utloisise ho tla ha letsatsi la Jehova. Boprofeteng boo, setšoantšo sa setonanahali seo Nebukadnezare a ileng a se bona torong se emela tlhahlamano ea mebuso e matla ea lefatše. Mebuso eo e matla e se e bile teng kaofela ha eona. Joale re iphumana re le ’musong ofe o matla kajeno? Re nakong e tšoantšetsoang ke maoto a setšoantšo seo. Boprofeta bo hlalosa ka ho hlaka se tla etsahala ka mor’a moo. Puso ea batho e tla felisoa ka ho feletseng, hore e suthele “’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla.” Na u bona kamoo see se bontšang kateng hore letsatsi la Jehova le haufi?
4 Bopaki bo Eketsehileng: Re lipaki tse bonang ka mahlo bopaki bo eketsehileng ba hore letsatsi la Jehova le haufi. Re bona ho phethahala ha seo moapostola Pauluse a se boletseng esale pele mabapi le litšobotsi tseo batho ba leng tsona “matsatsing a ho qetela.” (2 Tim. 3:1-5) Hape re kopanela mosebetsing oa lefatše lohle oa bopaki bo lokelang ho fanoa pele bofelo bo fihla. (Mat. 24:14) E se eka tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa e ka tsoela pele ho bonahatsa ho potlaka ha phatlalatso ea lengeloi e reng: “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile.”—Tšen. 14:6, 7.