Lenaneo le Lecha la Letsatsi la Kopano e Khethehileng
Leihlo le entsoe ka tsela e hlollang. (Pes. 139:14) Leha ho le joalo, le ka khona ho tsepama nthong e le ’ngoe feela ka nako. Sena ke ’nete ka tsela ea sebele le ea tšoantšetso. E le hore pono ea rōna ea moea e be e hlakileng le e tsepameng, re lokela ho tsepamisa kelello ho etseng thato ea Molimo. Ka lebaka la litšitiso tse sa khaotseng tsa lefatše la Satane, ke ho loketseng hakaakang hore ebe lenaneo la letsatsi la kopano e khethehileng ea selemo sa tšebeletso sa 2006 le tla bua ka sehlooho se reng “Boloka Leihlo la Hao le Talimile Nģa e le ’Ngoe”!—Mat. 6:22.
Re ka etsa’ng hore re be mocheng oa ho amohela mahlohonolo a tsoang ho Jehova? (Liprov. 10:22) Potso ena e tla tšohloa puong e reng “Fumana Mahlohonolo ka ho Boloka Leihlo la Hao le Talimile Nģa e le ’Ngoe.” Lipuisano li tla hatisa kamoo re ka ruang molemo kateng ha re sebelisa melao-motheo ea Mangolo. Puo ea pele ea sebui sa moeti, e reng “Ho Boloka Leihlo le Talimile Nģa e le ’Ngoe Lefatšeng le Khopo,” e tla re lemosa ka lintho tse ka thatafatsang bophelo ba rōna ebe li re bipetsa moeeng hanyane ka hanyane. Hape re tla ithuta hore na ho khetha “karolo e ntle” ho akarelletsa’ng.—Luka 10:42.
Batsoali le ba bang ba ka khothalletsa bacha ba Bakreste joang hore ba hahamalle lipakane tsa moea? Puo e reng “Batsoali ba Korolang Metsu ea Bona ka Nepo” le e reng “Bacha ba Hahamallang Lipakane Tsa Moea” li tla akarelletsa maikutlo a batsoali le bacha potsong ena ea bohlokoa. (Pes. 127:4) Puo e phethang ea sebui sa moeti e tla tšohla kamoo re ka hatelang pele le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova re le batho ka bomong, re le malapa ’me re le phutheho.
Ebang re bacha ’neteng kapa re sebelelitse Jehova ka lilemo tse mashome, ke habohlokoa hore re ‘boloke mahlo a rōna a talimile nģa e le ’ngoe.’ Lenaneo la letsatsi la kopano e khethehileng le tla re thusa ho etsa joalo.