Ho Fana ka Bopaki Leha re sa Bue
1 Le hoja pōpo ea Jehova e bonahalang e sa bue, e bonahatsa litšoaneleho tsa hae tse sa bonahaleng. (Pes. 19:1-3; Bar. 1:20) Ka ho tšoanang, boitšoaro ba rōna bo botle, litšoaneleho tsa Bokreste, le ponahalo e hlomphehang e fana ka bopaki leha re sa bue. (1 Pet. 2:12; 3:1-4) E mong le e mong oa rōna o lokela ho ikemisetsa ho “khabisa thuto ea Mopholosi oa rōna, Molimo, linthong tsohle” ka tsela eo re itšoarang ka eona.—Tite 2:10.
2 Ho ka khoneha joang hore batho ba sa phethahalang ba khabise lithuto tsa Bibele? Sena se ka khoneha feela ka tataiso ea Lentsoe la Molimo le matla a moea o halalelang. (Pes. 119:105; 143:10) Lentsoe la Molimo “lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli.” (Baheb. 4:12) Le re ama maikutlo ka ho teba ’me le re nolofalletsa ho apara botho bo bocha. (Bakol. 3:9, 10) Moea o halalelang o hlahisa litšobotsi tse lakatsehang ka ho rōna, tse kang mosa, molemo, bonolo le boitšoaro. (Bagal. 5:22, 23) Na ka bomong re lumella lentsoe la Molimo le moea oa hae hore li susumetse bophelo ba rōna?—Baef. 4:30; 1 Bathes. 2:13.
3 Ba Bang Baa Hlokomela: Batho ba bang baa hlokomela ha re phela ka litekanyetso tsa Jehova ’me re leka ka matla ho bonahatsa litšoaneleho tsa hae. Ka mohlala, nahana ka monna e mong ea neng a songoa ke basebetsi-’moho le eena kahobane a le mokhutšoanyane. Morali e mong oabo rōna ea neng a sebetsa ofising e le ’ngoe le eena o ne a mo tšoara ka seriti le ka tlhompho ka linako tsohle. Sena sa susumelletsa monna eo ho mo botsa hore na ke hobane’ng ha a sa tšoane le ba bang. Morali’abo rōna a hlalosa hore o itšoara ka tlhompho kahobane a sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba hae. Hape a bolella monna eo ka tšepo ea ’Muso e tsotehang. Monna eo a qala ho ithuta Bibele ’me qetellong a hatela pele ho fihlela a kolobetsoa. Ha monna eo a khutlela naheng ea habo, beng ka eena ba ile ba hlolloa ke boitšoaro ba hae bo botle ’me ba bangatanyana ba bona ba amohela ’nete.
4 Mosebetsing, sekolong kapa ha re sebelisana le beng ka rōna le baahelani, re ka susumelletsa ba bang ho tlotlisa Molimo ka lebaka la boitšoaro ba rōna bo botle, hammoho le bopaki boo re fanang ka bona.—Mat. 5:16.