Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/06 leq. 8
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 12/06 leq. 8

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa Dec. 15

“Nakong ena ea selemo, batho ba bangata ba nahana ka seo mangeloi a ileng a se phatlalatsa ha Jesu a tsoaloa. [Bala Luka 2:14.] Na u nahana hore ho tla fela ho be le khotso lefatšeng? [Emela karabo.] Makasine ena e hlalosa hore na Jesu o tla tlisa khotso ea ’nete joang lefatšeng haufinyane.”

Tsoha! Dec.

“Malumeli a na le maikutlo a sa tšoaneng mabapi le ho noa joala. U nahana hore Molimo o ikutloa joang ka ho bo noa? [Emela karabo.] Le hoja mohlolo oa pele oo Jesu a ileng a o etsa e bile ho fetola metsi veine, Bibele e boetse e fana ka temoso ena. [Bala Liproverbia 20:1.] Sehlooho sena se hlalosa pono ea Bibele e leka-lekaneng ka taba ena.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 18.

Molula-Qhooa Jan. 1

“Na u nka hore katleho ea motho e ka lekanngoa ka hore na o na le leruo le lekae? [Emela karabo. Ebe u bala 1 Timothea 6:9, 10.] Le hoja Bibele e sa nyatse chelete, e bontša hore katleho ea sebele ha ea itšetleha ka leruo. Makasine ena e hlalosa taba eo.”

Tsoha! Jan.

“Na u nahana hore re sa tla ke re bone ha mantsoe aa a phethahala? [Bala Esaia 33:24. Ebe u emela karabo.] Makasine ena e hlalosa seo saense ea bongaka e se finyellang le kamoo tšepiso ea Bibele e tla phethahala kateng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela